Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jonathane “o Sebelitse le Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ba Kopane Tlas’a Letšoao la Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Samuele oa Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Na Jonathane o ile a lahleheloa ke mohau oa Modimo ha a ja makheha a linotši kamorʼa hore Morena Saule a rohake lesole lefe kapa lefe le ka jang pele ntoa e fela?

Hlapanyo ea Saule ea lepotla-potla e ile ea lebisa Iseraele thohakong, empa ha ho bonahale eka Jonathane o ne a tšoaneloa ke ho furalloa ke Jehova ka lebaka la ho fosa hlapanyo eo.

Samuele oa pele 14:24-45 e pheta taba ena. Baiseraele, ba betefalitsoeng ke liketso tse sebete tsa Jonathane, ba ne ba loantša sera sa Bafilista. Morena Saule a re: “Ho rohakoe motho ea jang lijo ho isa mantsiboea, ke be ke iphetetse ho lira tsa ka.” (Temana 24) A sa tsebe ka hlapanyo ea ntat’ae, Jonathane a imatlafatsa ka ho ja makheha a linotši. Bahlabani ba bang ba Baiseraele, bao le bona ba neng ba tšerema mangole, ba etsa sebe ka ho bolaea likhomo ’me ka meharo ba ja nama e sa fophisoang mali. Saule a haha aletare ka sebe seo, empa o ne a sa tsebe seo mora oa hae a se entseng.

Ha Saule a batla tataiso ea Molimo bakeng sa kamoo a ka penyeletsang ntoa, Jehova a se ke a araba. Ka tšebeliso ea Thummime (mohlomong e akarelletsang lotho e halalelang), Saule a ithuta hore mora oa hae o ne a fositse hlapanyo eane ea booatla. Empa Jonathane o ne a hlile a le molato hakae?

Nahana pele ka boikutlo ba morena ha a itlhapanya joalo. Ha a ka a bontša takatso ea ho tlotla Molimo ka ho hlōla Bafilista. Saule ka lepotla-potla a beha thohako ho mang kapa mang ea jang “ke be ke iphetetse ho lira tsa ka.” E, hlapanyo eo e ne e tsoa ponong eo e talimisitsoeng hosele ea matla a borena kapa mafolofolo a boikaketsi. Hlapanyo eo e ne e ke ke ea tšehetsoa ke Molimo. Hlapanyo eo e ne e le eona e entseng hore bahlabani ba Baiseraele ba etse sebe ka mali a liphoofolo. Hoja ba se sitisoe ke hlapanyo eo, ba ka be ba tsebile ho fumana lijo le matla a ho lelekisa Bafilista ho fihlela tlhōlo e feletseng e fumanoa.

Molimo o ile a lumella tšebeliso ea Thummime ho fumana hore Jonathane (ka ho se tsebe) o tlotse hlapanyo ea Saule, empa hona ha ho bolele hore o ne a tšehelitse hlapanyo eo ea lepotla-potla. Ha ho moo tlaleho e reng Molimo o ile a nka Jonathane a le molato. Bonneteng, le hoja Jonathane a ne a labalabela ho amohela kotlo ea ho roba hlapanyo eo ea ntatʼae e boima, maemo a entse hore bophelo ba Jonathane bo baballoe. Masole a Baiseraele a re Jonathane o khonne ho etsa liketso tsa hae tse sebete “le Molimo, ’me kahoo ba pholosa Jonathane. Lilemo tse latelang, ke Jonathane ea ileng a tsoela pele a tšehelitsoe ke Jehova ha Saule a ntse a etsa liphoso tse kolokaneng.

◼ Ho ne ho le teng baahloli ba bakae ba kang Samsone le Gideone?

Ha u bala baahloli, palo eo u fihlang ho eona e itšetleha kamoo u talimang Baiseraele ba itseng. Empa ka nepo ho ka thoe banna ba 12 ba ile ba sebeletsa e le baahloli pakeng tsa Joshua le Samuele.

Mehleng ea Moshe le Joshua, banna ba bang ba baholo phuthehong e ne e le baahloli ka kutloisiso ea hore ba ne ba khethetsoe ho mamela le ho ahlola linyeoe. (Exoda 18:21, 22; Joshua 8:33; 23:2) Kamor’a lefu la Joshua, Iseraele ea kheloha borapeling ba ’nete ’me ea tšoenngoa ke batho ba bang. Baahloli 2:16 e re: “Leha ho le joalo, Jehova a ’na a ba hlahisetsa baahloli, ba ba namolela matsohong a ba ba senyang.” Jehova a qala ka ho hlahisa monna ea bitsoang Othniele, e le moahloli, kapa ‘monamoleli.’ (Baahloli 3:9) Kamor’a moo hoa tla Ehude, Shamgare, Barake, Gideone, Thola, Jaire, Jafeta, Ibtsane, Elone, Abdone le Samsone.

Ntle le bana ba 12, Bibele e bua ka Debora, Eli le Samuele mabapi le mosebetsi oa ho ahlola. (Baahloli 4:4; 1 Samuele 4:16-18; 7:15, 16) Leha ho le joalo, Debora o bitsoa pele moprofeta oa mosali, ’me o amahanngoa le Moahloli Barake, eo ka ho khetheha a neng a etelletse pele ho lopolleng batho khatellong. Ka mokhoa o tšoanang, Eli haholo-holo e ne e le moprista e moholo, e seng ‘monamoleli’ ea ileng a etella pele Baiseraele ho ba lebisa tokolohong ka ntoa. (Nehemia 9:27) Ka lebaka leo, ha Debora le Eli ba kentse letsoho ho ahloleng Iseraele, ho na le lebaka la ho se ba thathamise ’moho le banna bana ba 12 bao ka ho hlaka le ka ho khetheha ba neng ba ‘hlahisitsoe’ e le haholo-holo baahloli. Liketso 13:20 e re “oa ba nea baahloli ho isa ho moprofeta Samuele.” Hona ho khutsufatsa hoo e ka ’nang eaba ho nkoa e le nako ea baahloli, ’me ho bontša lebaka leo ka lona Samuele le bara ba hae hangata ba sa balelloeng har’a baahloli.—1 Samuele 8:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela