Ba Kopane Tlas’a Letšoao la Lerato
“Ka holim’a tsohle, le be le lerato le matla e mong ho e mong.”—1 PETROSE 4:8, “NW.”
1. Ke lerato la mofuta ofe leo re le bonang har’a batho ba Molimo kajeno, ’me ke eng eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nileng ba e phatlalatsa ho tloha ka 1922?
NA RE bona lerato la mofuta oo har’a batho ba Molimo kajeno? Ka sebele rea le bona! Lena ke lerato le theiloeng holim’a ho ikokobeletsa bobusi ba Jehova le ho bo tšehetsa, joalokaha Davida a ne a bo tšehetsa. Ka ho hlokomelehang ho tloha ka selemo sa 1922, batlotsuoa bao a leng banab’abo Jesu Kreste, “mor’a Davida,” ba ’nile ba bolela lefatšeng ka bophara hore ’Muso oa Molimo o haufi le hore linatla tsa puso ea bohatelli ea Satane li talimane le timetso ea Moahloli ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste.—Mattheu 21:15, 42-44; Tšenolo 19:11, 19-21.
2. Ke hobane’ng ha Davida a ne a ka bitsoa ‘monna ea pelong ea Jehova’?
2 Davida e ne e le ‘monna ea pelong ea Jehova.’ Sena se ile sa totobatsoa ke lerato leo a neng a e-na le lona ho Jehova le ho lokeng ha Hae—litšobotsi tseo esita le Morena Saule oa leoatla a ileng a lumela hore li ne li le teng ho Davida—e, litšobotsing tsa hae tsa ho hloka tšabo, boinehelo ba pelo eohle ho Jehova, boeta-pele, le boikokobetso taolong ea puso ea Molimo.—1 Samuele 13:14; 16:7, 11-13; 17:33-36; 24:9, 10, 17.
3. Jonathane o ne a ikutloa joang ka Davida, hona hobane’ng?
3 Ka mor’a hore a hlōle Goliathe, Davida o ile a tlalehela Saule hoo. Ke ka nako eo morati e mong oa ho loka a ileng a hlahella. E ne e le Jonathane, mora e moholo oa Morena Saule. “Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ea Jonathane ea holehana le pelo ea Davida, ’me Jonathane a mo rata, joale ka ha a ithata.” (1 Samuele 18:1) Ho fapana le sebete sa botho le tsebo ea letjeketjane, ke cheseho e chesang ea Davida bakeng sa ho tlosa thohako lebitsong la Molimo, ho hloka boithati ha hae, le ho itšetleha ha hae ka ho felletseng ka Jehova tse ileng tsa hapa lerato la Jonathane le tsoang botebong ba pelo.—Bapisa Pesaleme ea 8:1, 9; 9:1, 2.
4. Jonathane o ile a etsa eng ho bontša hore o ne a ikokobeletsa hore e be Davida ke eena ea tlotselitsoeng ho ba morena?
4 Le hoja Jonathane a ne a le moholo ho Davida ka lilemo tse ka bang 30, o ile a tlamahana le mohlabani enoa e monyenyane ka tlamahano ea setsoalle se sa feleng. “Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a na a mo rata joale ka ha a ithata. Jonathane a hlobola kobo e ho eena, a e nea Davida, a mo nea le liaparo tsa hae, le sabole ea hae, le seqha sa hae, le senyepa sa hae.” (1 Samuele 18:3, 4) Hoo e ne e le ponahatso e totobetseng hakaakang ea boikokobetso ka lehlakoreng la Jonathane! Ka tloaelo Jonathane e ka be e bile mojalefa oa Saule. Empa o ile a bontša lerato le mofuthu, le nang le molao ho Davida ’me a bontša ho ikokobeletsa eena joaloka ea tlotselitsoeng ho ba morena, ea ka sehloohong boikemisetsong ba ho phahamisa lebitso la Jehova le bobusi ba hae.—2 Samuele 7:18-24; 1 Likronike 29:10-13.
5. Jonathane o ne a hlokomela eng mabapi le ntoa ea puso ea Molimo?
5 Jonathane ka boeena e ne e boetse e le moloaneli oa ho loka. 0 ne a boletse hore “ha ho kamoo Jehova a ka sitoang ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.” Hobane’ng? Hobane Jonathane o ne a hlokomela hore ka mehla ho hlokahala hore motho a batle tataiso ea Molimo bakeng sa tlhōlo ntoeng ea puso ea Molimo. Ha ka phoso Jonathane a etsa tlōlo eo Saule a ileng a mo ahlolela lefu ka baka la eona, ka boikokobetso o ile a amohela kahlolo eo. Ka thabo, sechaba se ile sa mo lopolla.—1 Samuele 14:6, 9, 10, 24, 27, 43-45.
Ho Bontša Lerato le Tšepahalang
6. Lerato le tšepahalang la Jonathane le ile la pholosa Davida joang?
6 Saule o ile a tlala mōna ka baka la botumo ba Davida ba ho ba mohlabani ’me a batla ho ’molaea, empa lerato le tšepahalang la Jonathane la mo pholosa! Tlaleho eo ea baleha: “Jonathane, mor’a Saule, o na a mpa a rata Davida haholo. Ka baka leo, Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule ntate o pheheletse ho u bolaea; joale u ipoloke, e be e be hosasane, ’me u itulele sephiring, u ipate.” Lekhetlong lena, Jonathane o ile a rapela Saule, kahoo Davida a hauheloa. Empa ho atleha ho ntseng ho tsoela pele ha Davida ha “a loana le ba-Filista, a ba bolaea ka polao a kholo” ha tsosa bora ba Saule. A boela a rera ho bolaea Davida, eaba Davida oa baleha.—1 Samuele 19:1-10.
7. Ha Jonathane a kopana le Davida oa mophaphathehi, ba ile ba re’ng e mong ho e mong ho tiisa selekane?
7 Ka mor’a nako, Davida oa mophaphathehi a boela a kopana le Jonathane, ’me eena a bolela hore: “Mpolelle se lakatsoang ke pelo ea hao, ’me ke tla u etsetsa sona.” Ka bobeli ba tiisa selekane pel’a Jehova, ’me Davida a tšepisa hore le ka mohla a ke ke a tlosa mosa o lerato tlung ea Jonathane—tšepiso eo ka botšepehi a ileng a e boloka. “Jonathane a ntoo eketsa a hlapantša Davida, ka baka la ho mo rata; o na a mo rata joale ka ha a ithata.”—1 Samuele 20:4-17; 2 Samuele 21:7.
8. Ke hobane’ng ha Jonathane le Davida ba ile ba kopana ka lekunutu tšimong, ’me ho ile ha etsahala joang lekhetlong leo?
8 Morena Saule o ile a tiisa matla boikemisetsong ba hae ba ho bolaea Davida. Koana, Saule o bile a betsa mora oa hae Jonathane ka lerumo ha eena a buella Davida! Eaba Jonathane o kopana le Davida ka lekunutu tšimong. “Davida . . . a itihela fatše ka sefahleho, a inama hararo, ’me ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida. Jonathane a re ho Davida: E-ea ka khotso; re hlapantse ba babeli ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le uena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.” Eaba baa arohana, ’me Davida ea e-ba mophaphathehi lehoatateng la Zife.—1 Samuele 20:41, 42.
9, 10. (a) Jonathane o ile a tsoela pele ho khothatsa Davida joang ha ba kopana ho hoo mohlomong e neng e le lekhetlo la ho qetela? (b) Ha Jonathane le Saule ba bolaoa ke Bafilista, Davida o ile a qapa koli-ea-malla e reng eng, ’me o ile a hatisa eng ho eona?
9 Ka lerato, Jonathane o ile a tsoela pele ho khothatsa Davida. Ho joalokaha tlaleho eo e bolela: “Eaba Jonathane, mor’a Saule, o tloha, a tla ho Davida morung, a tiisa letsoho la hae ho Molimo; a re ho eena: Se tšabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la u fihlela; hape u tla ba morena oa Iseraele, ’na ke be ea u hlahlamang; le ntate Saule oa tseba hobane ho tla ba joalo. Ebile bobeli ba bona ba etsa selekane pel’a Jehova.”—1 Samuele 23:15-18.
10 Ho bonahala eka leo e ne e le lekhetlo la ho qetela la ho kopana ha Davida le motsoalle oa hae ea tšepahalang Jonathane. Hamorao, ha Jonathane le Saule ba bolaoa ntoeng ke Bafilista, Davida a qapa koli-ea-malla, “Seqha.” Ho eona o ile a bontša hlompho ho Saule joaloka motlotsuoa oa Jehova empa a hatella haholo-holo pineng ea hae mantsoe ana: “Jonathane o bolaetsoe’ng liphahameng tsa hao? Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali! Linatla li oele joang? Lihlomo tsa ntoa li timetse joang?” (2 Samuele 1:18, 21, 25-27) Joale Davida o ile a tlotsoa ka lekhetlo la bobeli, hore e be morena oa Juda.
Lintho Tse Tšoanang Mehleng ea Kajeno
11, 12. (a) Ke lerato la mofuta ofe leo Davida le Jonathane ba behileng mohlala oa lona? (b) Lerato le matla le neng le le pakeng tsa Davida le Jonathane le ne le tšoantšetsa eng?
11 Kaha “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta,” ke eng seo re ithutang sona tlalehong e buang ka Davida le Jonathane? (2 Timothea 3:16) Re hlokomela hore ho na le lerato “le makatsang, le fetang lerato la basali.” Ke ’nete, “lerato la basali” le ka ba monate ’me ea e-ba le khotsofatsang ha ho hlonepshoa melao ea Jehova e amang lenyalo. (Mattheu 19:6, 9; Ba-Heberu 13:4) Empa Davida le Jonathane ba behile mohlala oa tšobotsi e ntle haholoanyane ea lerato, tumellanong le taelo ena: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši. Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.”—Deuteronoma 6:4, 5.
12 Davida le Jonathane ba ne ba kopane ha ba bontša lerato leo kaha ba ne ba loanela ho tlosa thohako eohle lebitsong la Jehova eo lira tsa Hae li neng li a phaelletse holim’a lona. Ha ba etsa sena, ba ile ba boela ba hlaolela ‘lerato le matla e mong ho e mong.’ (1 Petrose 4:8, NW) Setsoalle seo ba neng ba se thabela ntlheng ena e ne e le se fetang taelo e ho Levitike 19:18: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” Ka sebele se ne se emela mofuta oa lerato o bontšitsoeng ke ‘molao o mocha oa Jesu, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.’ Lerato la Jesu le ne le e-na le boitelo eseng feela ka hore o ile a ikokobeletsa ka ho felletseng thato ea Jehova empa hape ka hore o ile a ithaopela ho ‘tella metsoalle ea hae bophelo ba hae.’—Johanne 13:34; 15:13.
“Mohlape” o le Mong o Kopaneng
13. Ke sehlopha sefe sa baboleli ba ’Muso se hlahelletseng haholo-holo ho tloha ka 1935, ’me ho na le bonngoe bofe pakeng tsa Bona le Bakreste ba tlotsitsoeng?
13 Bakreste ba tlotsitsoeng ba “mohlatsoana” ba jere karolo e khōlō ea ntoa ea ho loana le Goliathe oa mehleng ea kajeno. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1935 ba kopane le baboleli ba ’Muso ba “lesaka” le leng le leholoanyane. “Linku tse ling” tsena le tsona li kopane le “linku” tse tlotsitsoeng tse setseng e le “mohlatsoana” tlas’a ‘molisa a le mong,’ “mor’a Davida,” tlamahanong e khōlō ka ho fetisisa ea bonngoe bo lerato—joaloka e neng e le teng pakeng tsa Jonathane le Davida.—Luka 12:32; Johanne 10:16; Ezekiele 37:24.
14. Ke eng e tšoanang le boiteko ba Saule ba ho bolaea Davida, le hore ka lerato Jonathane a eme ka lehlakoreng la Davida?
14 Ha sehlopha sena sa Jonathane se qala ho ata hore se fetohe bongata bo boholo ba batho, Ntoa ea II ea Lefatše ea qhoma, ’me batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona ba lekoa ka matla. Tseo e ne e le lilemo tsa mahloriso a sehlōhō, hangata a hlohlelletsoa ke baruti. Sena se ne se tšoana le boiteko ba Saule ba ho bolaea Davida ea tlotsitsoeng, ’me hamorao, ba ho bolaea Jonathane ha ka lerato a ema ka lehlakoreng la Davida. Ke lerato le matla hakaakang leo sehlopha sa Davida le sa Jonathane li se bontšitseng se seng ho se seng nakong eo! Hangata setšoantšo sa Jesu se ho Mattheu 25:35-40 se ne se phethahala ka mokhoa oa sebele.a
15. (a) Ke tsela efe e nkiloeng ke Lipaki e fapaneng le e nkiloeng ke sehlopha sa kajeno sa Saule? (b) Mehleng ea rōna ke eng e ka ’nang ea tšoana le “moea o mobe o tsoang ho Jehova” o ileng oa tšosa Morena Saule?
15 Ho boloka botšepehi ha Lipaki tsa Jehova ho fapane hakaakang le tsela e nkiloeng ke sehlopha sa kajeno sa Saule! Lipaki, kaha ‘e se karolo ea lefatše,’ li utloile taelo ea Jesu ea ho “ratana” lefatšeng ka bophara. (Johanne 15:17-19) Ka lehlakoreng le leng, lintoeng tse peli tsa lefatše baruti ba Bokreste-’mōtoana mahlakoreng ka bobeli ba ile ba rapela “molimo” oa bona hore ba hlōle, ha masole a limillione a ntse a bolaoa ke balumeli ’moho le ’ona ba lichaba tse ling. “Moea o mobe o tsoang ho Jehova” o ileng oa tšosa Saule o ka ’na oa tšoana hantle le phello ea ho tšolla ha mangeloi likotlo tse ho Tšenolo khaolo ea 8. Ho hlakile hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ha ba na moea o halalelang oa Jehova.—1 Samuele 16:14; 18:10-12; 19:10; 20:32-34.
16. (a) Baruti ba sebelisitse lintoa tse peli tsa lefatše ho hatella batho ba Jehova joang? (b) Lilemong tsa morao tjena, ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore sehlopha sa kajeno sa Saule se phehelletse ho tsoma batho ba Molimo?
16 Ka 1918 baruti ba ile ba sebelisa tlokotsi ea ntoa ho susumelletsa mebuso ea lipolotiki United States hore e nke khato khahlanong le liofisiri tse ikarabellang tsa Mokhatlo oa Watch Tower ’me qetellong li tšoeroe. (Hamorao liithuti tsena tsa Bibele li ile tsa lokolloa liqosong ka ho felletseng.) Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa sebakeng se busoang ke mebuso ea selekane sa Axis le linaheng tse ngata tsa Selekane tsa Brithani, hangata e le ka baka la khatello ea bolumeli. Ka mohlala, hlokomela kopi e ka holimo ea lengolo le ngotsoeng ke Moarekabishopo oa Sydney (eo hamorao e ileng ea e-ba mok’hadinale) pejana feela ho thibelo ea Lipaki tsa Jehova Australia. Ha ho tšohloa thibelo naheng eo ka Lekhotleng le Phahameng la Australia, moahloli, Mong. Justice Starke, o ile a e hlalosa e le “ea bompoli, e sa tsitsang le e hatellang.” Thibelo eo e ile ea tlosoa ka la 14 Phuptjane, 1943, ’me ’muso oa lekanyetsa litšenyehelo. Lilemong tsa morao tjena, khatello ea bolumeli mebusong e ’maloa Afrika le Asia e felletse ka khatello e tšabehang ea Lipaki tsa Jehova. Ka hona Saule oa mehleng ea kajeno—baruti ba Bokreste-’mōtoana—o ntse a phehelletse ho tsoma batho ba Molimo.
17. (a) Lipaki tsa Jehova li talimane le likhatello tse ntseng li tsoela pele tsa bolumeli le lipolotiki joang? (b) Ke eng e bontšoang ke bonngoe ba Lipaki lefatšeng ka bophara?
17 Lilemong tsa bo-1980, Lipaki tsa Jehova li ile tsa talimana le likhatello tse ntseng li tsoela pele tsa bolumeli le tsa lipolotiki joang? Koana, ho bile feela joalokaha Davida a talimana le Goliathe, le ha Davida le Jonathane ba talimana le Morena Saule! Ha li tšabe letho ’me li ikemiselitse ho boloka botšepehi mabapi le tseko ea bobusi, hobane lia tseba hore ’Muso oa Molimo o tla hlōla. (Daniele 2:44) Ha li talimane le mahloriso, li hlaha ka boikemisetso bo kopaneng, li khothatsana ka tlamahano ea lerato la machaba leo lefatše le e-s’o le bone. Joaloka batho ba sa nkeng lehlakore nakong ea ntoa, ha li tšolle mali a balumeli ’moho le tsona ba lichaba tse ling. (Mikea 4:3, 5) Ka hona li bontša hore ke sona sehlopha seo Jesu a neng a bua ka sona ha a re: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Joaloka mokhatlo oa bana ba motho oa lefatše lohle, Lipaki tsa Jehova li ‘apere lerato, e leng tlamo ea phetheho,’ tlamo e phunyeletsang mekoallo eohle ea merabe, ea meloko, le ea lichaba.—Ba-Kolosse 3:14.
Ho Bontša “Lerato le, Matla”
18. (a) Kajeno ke eng e tšoanang le lerato leo Jonathane a neng a e-na le lona ho Davida, ’me hoo ho pakiloe joang? (b) Lefatšeng ka bophara phello ea boemo bo sa sekisetseng ba sehlopha sa Davida e bile efe?
18 Hopola hore “pelo ea Jonathane [e ile] ea holehana le pelo ea Davida, ’me Jonathane a mo rata, joale ka ha a ithata.” Ho na le tšoano e hlollang hakaakang ‘mehleng ee ea qetello’! (2 Timothea 3:1, 14) Har’a merusu e se nang kelello ea mehla ena a mabifi, ho bile le sehlopha se le seng, Lipaki tsa Jehova, se bolokileng bonngoe bo lerato ba lefatše lohle. Joaloka Bakreste ba sa nkeng lehlakore, li hlonephile ’Mōpi oa tsona e le Morena ’Musi oa batho bohle. (Pesaleme ea 100:3) Barefaime ba mehleng ea kajeno—batho ba habo “Goliathe” ba lipolotiki—ba ka ’na ba nyelisa Iseraele oa moea. (2 Samuele 21:21, 22) Hape Saule oa mehleng ea kajeno—baruti ba Bokreste-’mōtoana—ba ka ’na ba tsoela pele ho tlisetsa sehlopha sa Davida le sa Jonathane khathatso. (1 Samuele 20:32, 33) Empa “ntoa ke ea Jehova.” Joaloka Morena ’Musi, o tla hapa tlhōlo ea ho qetela bakeng sa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ka ho hlokomela boemo ba ho se sekisetse ba sehlopha sa Davida, ba limillione—linaheng tsohle—ba sehlopha sa Jonathane, ho akarelletsa le bao pele e neng e le bahlorisi, ba kopane le bona tlas’a ‘letšoao la lerato’ la Kreste.b—1 Samuele 17:47, NW; Sefela sa Lifela 2:4.
19, 20. (a) Lintlha tse ling tsa sehlooho tsa mosebetsi oa Lipaki tse bontšitsoeng ke chate e maqepheng a 4-7 ke life? (b) Keketseho ea lenane la Lipaki nakong ea lilemo tse leshome tsa ho tloha ka 1979 ho ea ho 1988 e bile e potlakileng hakae? (c) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Lipaki ke batho bao kannete ba kopaneng lefatšeng ka bophara, ’me ka hona ho phahama potso efe?
19 U ka hlahloba mosebetsi o ntseng o atoloha oa Lipaki tsena tse limillione ka ho sheba chate e maqepheng a 4-7 a makasine ona. Nakong ea lilemo tse leshome ho tloha ka 1979 ho ea ho 1988, lenane la baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng le eketsehile ho tloha ho ba 2 186 075 ho ea ho ba 3 592 654, keketseho ea 64,3 lekholong. Lefatšeng ka bophara, bana ke batho bao kannete ba kopaneng tumelong e le ’ngoe, tšebeletsong e le ’ngoe ho Molimo, le boinehelong bo tšoanang melaong ea motheo ea Bibele ea boitšoaro. Kajeno mantsoe a Jesu a sebetsa ho sehlopha sena sa machaba se momahaneng: “Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka, joale ka ha le ’na ke bolokile melao ea Ntate, ’me ke lutse leratong la hae.”—Johanne 15:10; bapisa le 1 Ba-Korinthe 1:10.
20 Le hoja li bolela ka maleme a fapaneng a fetang 200, lipaki tsena tsa Jehova li bua “puo e hloekileng” ea ’nete kaha li sebeletsa Molimo “li jarisane ka mahetla.” Ho sena, li etsisa mohlala o lerato oa Davida le Jonathane. (Sofonia 3:9, NW; 1 Samuele 20:17; Liproverbia 18:24) Haeba ha u e-s’o ikopanye le batho ba Molimo, na u ke ke ua thabela ho ba karolo ea sehlopha sa Jonathane oa kajeno? U ka etsa hore hoo e be pakane ea hao, ’me Lipaki tsa Jehova li tla bontša lerato le matla ka ho u thusa hore u e finyelle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlala o motle oa sena o boletsoe ho 1972 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, ho tloha ho leqephe 216, serapa 3, ho ea ho leqephe 217, serapa 3.
b Bona 1988 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 150-4.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Jonathane o ile a bontša lerato le tšepahalang ho Davida joang?
◻ Ke lerato la mofuta ofe le tšoantšetsoang ke lerato le neng le le pakeng tsa Davida le Jonathane?
◻ Ke joang baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ileng ba itšoara joaloka Morena Saule ha a tsoma Davida?
◻ Kajeno ke eng e ka bapisoang le lerato leo Jonathane a neng a e-na le lona ho Davida?
◻ Bonngoe ba Lipaki lefatšeng ka bophara bo bontša eng?
[Lebokose le leqepheng la 27]
St. Mary’s Cathedral
Sydney
August 20, 1940.
The Rt. Hon. W. M. Hughes, M.H.R.,K.C.,
Attorney General,
CANBERRA.
Dear Mr. Hughes:
(PHETOLELO EA LENGOLO)
Ke rata ho u leboha bakeng sa lengolo la hao la ketsahalo ea bo9 e mabapi le boipelaetso ba Mong. Jennings, M. P. ho uena.
Ke ’nete hore ho ananeloa hore u tlameha ho sebelisa kelo-hloko e khōlō ka hohle kamoo ho ka khonehang tabeng ea bohlokoa joaloka eo boipelaetso bo neng bo etsoa mabapi le eona.
Leha ho la joalo, haeba pelaelo feela eo u nang le eona e hlahisitsoe ka ’nete ea hore batho bana ba bolela hore ba hasa lithuto tsa Bokreste, ka hlompho eohle ke etsa tlhahiso ea hore kahlolo ea hao holim’a seo ba se etsang e se ke ea theoa holim’a seo ba se bolelang, empa e be linneteng. Bakeng sa linnete tseo, ke fana ka likhatiso tsa bona le mantsoe a bona le liketso tsa bona, tse tiisitsoeng ke Mapolesa a New South Wales. Ho ka ba thata ho nahana ka eng kapa eng e khahlanong le Bokreste.
Mokomishinara oa Mapolesa a N.S.W. o bontšitse hore o tšepa hore ba boholong ka har’a Naha ba tla phatlalatsa mokhatlo oo ho ipelaetsoang ka oona e le sehlopha se sa lumelloang ka molao e le hore Mapolesa a ka ba boemong ba ho nka khato e matla haholoanyane mabapi le sona.
With every good wish, I remain,
Yours faithfully,
ARCHBISHOP OF SYDNEY