Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/93 leq. 3
  • Tokelo e Ntle ea Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokelo e Ntle ea Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • “Ho Jala Peō ea ’Muso” ka Litselana Tsa Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Tselana ea Limakasine—Ke ea Bohlokoa Bakeng sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 1/93 leq. 3

Tokelo e Ntle ea Tšebeletso

1 ’Mali e mong o ile a bolela hore o ithutile lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ka ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! ho feta tseo a ithutileng tsona lilemong tse tšeletseng tsa ha a ne a le univesithing. Ho tloaelehile hore babali ba tšepahalang ba bue lipolelo tse joalo tsa kananelo ka mor’a ho bala limakasine tsena ka nako e khutšoaane. Re na le tokelo e kaakang ea ho abelana limakasine tsa rōna ka mehla le batho ba hlileng ba li nkang e le tsa bohlokoa!

2 Le hoja batho ba bangata ba thahasella ’nete, ha baa etsa khatelo-pele ea hore ba be ba amohele thuto ea lehae ea Bibele. Empa thahasello ea bona e ka hlaoleloa haeba motho e mong a khutlela ka mehla a nkile tokollo e ncha ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! E, ho aba limakasine ka botšepehi tselaneng ea limakasine ho entse hore qetellong batho ba lumele hore ba be le thuto ea ka mehla ea Bibele.

3 Re rua molemo ka ho ba le tselana ea limakasine haeba re bala limakasine pele ebe re hlokomela lintlha tse tobileng tse tla thahasellisa motho ka mong ea leng lenaneng la rōna.

4 Ka linako tse ling mong’a ntlo a ka re fa ho fetang feela monehelo o boletsoeng. Ke hobane’ng ha u sa etse tlhahiso ea hore u tla mo tlisetsa litokollo tsa morao-rao ka mor’a libeke tse peli? Ona e ka ba mokhoa o mong oa ho qalisa tselana ea limakasine. Motho e mong le e mong ea bontšang thahasello limakasineng tsa rōna o lokela ho kenngoa lenaneng la lōna la tselana ea limakasine. Haeba motho a hlile a bontša thahasello ea sebele ha a amohela limakasine, u ka hlalosa hore lihlooho tse ikhethang li hlaha limakasineng tsa rōna ka mor’a libeke tse peli le hore u tla thabela ho mo tlisetsa tsona. Tiisa hore o li tlisa ka mehla, o sebelise monyetla oa ho buisana le mong’a ntlo ka lihlooho tsa Bibele. Rea tseba hore u tla thabela tokelo ena e ntle ea tšebeletso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela