Tselana ea Limakasine—Ke ea Bohlokoa Bakeng sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele
1. Ke hobane’ng ha mokhatlo oa Jehova o ’nile oa khothalletsa bahoeletsi hore ba be le tselana ea limakasine?
1 Batho ba bangata ha ba rate ho ithuta Bibele le rōna, empa ba rata ho bala limakasine tsa rōna. Kahoo, mokhatlo oa Jehova haesale o khothalletsa bahoeletsi hore ba be le tselana ea limakasine. Ha batho ba bala limakasine tsa rōna kamehla, hangata ba ba le tabatabelo ea Lentsoe la Molimo. (1 Pet. 2:2) Qetellong, ntho e ’ngoe eo ba e balang e ka ipiletsa ho bona, ea etsa hore ba amohele thuto ea Bibele.
2. U ka tsosa thahasello ea batho bao u ba sielang limakasine kamehla joang?
2 ‘Nosetsa’ Peō ea ’Nete: Ho e-na le hore u siee limakasine feela, qoqa le mong’a ntlo ’me u leke ho mo tloaela. Sena se tla u thusa hore u tsebe maemo a hae, lintho tseo a li ratang le seo a se lumelang, e leng se ka u thusang hore u be le temoho ha u buisana le eena. (Liprov. 16: 23) Lokisetsa pele u mo etela. Haeba ho khoneha, bua hakhutšoanyane ka ntlha e hlahang makasineng le ka lengolo le amanang le eona, u nosetse peō leha e le efe ea ’nete e pelong ea hae. (1 Bakor. 3:6) Tlaleha letsatsi le leng le le leng leo u mo etetseng ka lona, sengoliloeng seo u mo sietseng sona, sehlooho le mangolo ao le a tšohlileng.
3. U lokela ho khutlela ho motho ea tselaneng ea hao ea limakasine hangata hakae?
3 U ka Khutlela Hangata Hakae? U lokela ho khutlela ho batho ba tselaneng ea hao ea limakasine hanngoe ka khoeli ho ba isetsa limakasine tsa morao-rao. Leha ho le joalo, u ntse u ka ba etela hangata ho itšehile ka hore na ba thahasella hakae le hore na maemo a hao aa u lumella kapa che. Ka mohlala, ka mor’a beke e le ’ngoe kapa tse peli u mo sietse limakasine, u ka khutlela ho eena ’me u re, “Ke fapohetse feela ho tla u bontša ntlha e ’ngoe limakasineng tseo ke u sietseng tsona.” Sena se tla etsa hore a be le takatso ea ho bala sehlooho seo. Haeba a se a se balile, u ka mo botsa hore na maikutlo a hae ke afe ka sehlooho seo ebe le se tšohla hakhutšoanyane. Kapa haeba motho eo o thabela ho bala lingoliloeng tsa rōna, u ka khutlela ho ea mo bontša pampitšana, bukana kapa buka e tsamaisoang khoeling eo.
4. Ke eng seo u ka se etsang nako le nako ho bona hore na batho ba tselaneng ea hao ea limakasine ba ka rata ho ithuta Bibele?
4 U se ke ua emela hore a u kōpe hore u mo rute Bibele. Ha e be uena ea mo kōpang pele. Esita le haeba o ile a hana thuto ea Bibele nakong e fetileng, nako le nako u ka mo bontša sehlooho sa Molula-Qhooa se reng “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” ho bona hore na o ikemiselitse ho buisana le uena ka sona. Mohlomong u ka qalisa thuto ea Bibele e khanneloang monyako. Leha ho le joalo, haeba u sa khone ho qala thuto, u ka tsoela pele ho ’na u mo isetsa limakasine e le hore u tsose thahasello.