Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Ntšetsa Pele Thahasello ea Batho Bao re ba Isetsang Limakasine Kamehla
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Batho ba bangata ba ratang ho bala limakasine tsa rōna ha ba rate ho ithuta Bibele le rōna. Mohlomong ba rata bolumeli ba bona kapa ba nahana hore ha ba na nako ea ho ithuta. Leha ho le joalo, ha ba ntse ba bala limakasine tsa rōna kamehla, ho ka etsahala hore ba labalabele ho ithuta Lentsoe la Molimo. (1 Pet. 2:2) Sehlooho se seng se ka ’na sa ama lipelo tsa bona kapa maemo a bona a ka ’na a fetoha. Ha re ba etela kamehla ka nako e khutšoanyane, ba ka ’na ba re tloaela haholoanyane eaba re fumana monyetla oa ho tseba hore na ba thahasella eng le hore na ba tšoenyehile ka eng. Qetellong, re ka ’na ra qala thuto ea Bibele le bona.
Leka Sena Khoeling Ena:
Ngola mabitso a batho bao u ka ’nang ua ba isetsa limakasine kamehla. Ba fe limakasine tsa morao-rao ’me u ba bolelle hore u tla ba tlisetsa tse ncha.