Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Phutheho ea Ottery e Cape Town haesita le Phutheho ea Cezu e Transkei li qalile selemo sa 1993 ka thabo e khōlō ha Liholo tsa tsona tsa ’Muso li neheloa bekeng ea bobeli ea January.
Likopano tsa Setereke tse 20 tsa “Bajari ba Leseli” Afrika Boroa le linaheng tsa boahisane li ile tsa atleha haholo, kaha ho bile le palo e kopanetsoeng ea ba bileng teng ba 126 703, ’me ha kolobetsoa ba 2 477. Re lakatsa ho leboha bohle ba ileng ba etsa litšebeletso tsa bona ka boithaopo ho sebeletsa litlhoko tsa ba tlileng kopanong.
Hong Kong: Ka October ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 704. Ho hotle ho bona hore ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 4 043.
Madagascar: Likopanong tsa Setereke tse hlano tsa “Bajari ba Leseli” ho bile teng ba 10 694, ’me ha kolobetsoa ba 241. Palo ea ba bileng teng e ile ea feta tlhōrō ea bona ea bahoeletsi ba 4 542 habeli.
St. Helena: Baena ba sebelitse ka thata ho haha Holo e ncha ea ’Muso bakeng sa Phutheho ea Jamestown. Thabo ea bona e bile khōlō ha holo ea bona e neheloa ka January nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho ea tsoang Afrika Boroa.