Ho Lokisetsa Sehopotso
Na e mong le e mong, ho kopanyeletsa le sebui, o tsebisitsoe nako e nepahetseng le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona? Na sebui se na le sepalangoang?
Na ho se ho entsoe litokisetso tse tobileng mabapi le ho fumana litšoantšetso le hore li be moo ho hlokahalang ka nako e loketseng?
Na ho se ho entsoe litokisetso bakeng sa hore ho tekoe tafole esale pele ka lesela le hloekileng ’me ho be le likhalase le lipoleiti tse lekaneng?
Ho entsoe litokisetso life bakeng sa ho hloekisa Holo ea ’Muso esale pele? Na ho lokiselitsoe libuela-hōle haeba holo e hiriloe?
Na bahlokomeli le ba tsamaisang litšoantšetso ba se ba filoe likabelo tsa bona? Na ho se ho lokiselitsoe seboka le bona pele ho Sehopotso bakeng sa ho ba hopotsa mesebetsi ea bona? Se tla tšoaroa neng? Ho tla sebetsoa joang ho tiisa hore bohle ba tla hlokomeloa ka ho lekaneng?
Na litokisetso li feletse bakeng sa ho thusa baena le bo-khaitseli ba hōlileng le ba kulang? Na ho entsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho leha e le ofe oa batlotsuoa eo e ka ’nang eaba oa kula ’me o hlōleha ho ba teng le phutheho?