Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/93 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka June 7
  • Beke e Qalang ka June 14
  • Beke e Qalang ka June 21
  • Beke e Qalang ka June 28
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 6/93 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Beke e Qalang ka June 7

Pina 162

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothaletsa phutheho ho tšehetsa mosebetsi oa limakasine hamolemo. U ka ba le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane tsa mosebetsi oa limakasine: e ’ngoe e be nehelano ea limakasine mosebetsing oa seterata, e ’ngoe bopaking bo sa reroang.

15 mets: “Thusa ba Bang ho Ithuta ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa.” Puisano e etsoang ka lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, memela bamameli ho etsa litlhaloso tabeng ea hore na ba thabetse joang ho ithuta buka ena Thutong ea Buka ea Phutheho.

20 mets: “Sebelisa Lipampitšana ho Kenyeletsa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa.” Puisano le bamameli. E-ba le lipontšo tse peli. Pontšong ea pele ho lokela hore ho sebelisoe nehelano e serapeng sa 2 ’me mong’a ntlo a bontše thahasello. Mohoeletsi o tsoela pele ho fana ka buka ka mor’a puisano e khutšoanyane ea boitsebiso bo pampitšaneng. Mohoeletsi o tsamaisa buka ’me o etsa tokisetso bakeng sa leeto la ho boela. Pontšong ea bobeli ho lokela hore ho sebelisoe e ’ngoe ea linehelano tse ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1992, leqephe 8. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka limakasine tsa morao-rao hammoho le pampitšana ha mong’a ntlo a sa amohele buka.

Pina 205 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 14

Pina 196

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa tlhahiso ea lintlha tsa puisano tse loketseng limakasineng tsa morao-rao tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo bekeng ena.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo. Bontša boikarabelo ba rōna ba ho itšoara ka tsela e loketseng ha re ea kolobetsong.

20 mets: “Lebaka leo ka Lona Lipampitšana li Leng Bohlokoa Tšebeletsong ea Rōna Kajeno.” Puisano ea lipotso le likarabo. Ka mor’a serapa sa ho qetela, e-ba le pontšo e khutšoanyane e bontšang hore na ho bonolo hakaakang ho sebelisa pampitšana bopaking bo sa reroang.

Pina 126 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 21

Pina 31

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka lintlha tse khōlō tsa Tlaleho ea Tšebeletso ea March. Hape bua ka karolo eo phutheho ea lōna e bileng le eona tlalehong ea tšebeletso ea khoeli eo. Kopanyeletsa le tlaleho ea lichelete ’me u bale mangolo leha e le afe a ananelang menehelo. Bontša kananelo bakeng sa ho tšehetsa phutheho ka chelete esita le mosebetsi oa lefatše lohle oa Mokhatlo.

15 mets: “Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa.” Puisano ea lipotso le likarabo. Ka mor’a serapa sa 2, bontša hore na thuto ea Bibele e ka qalisoa joang bukeng ena. Mohoeletsi o qala ka ho bala lirapa tse tharo tse qalang khaolong ea 111 ea buka ena ebe o tsoela pele ka nehelano e bontšitsoeng serapeng sa 2 sehloohong sena.

20 mets: Puo mabapi le Pōpo, e theiloeng bukeng ea Ho bea Mabaka, maqephe 371-5. Sebui se lokela ho khetha feela lintlha tse lekaneng hore li ka koaheloa hantle ka nako e abetsoeng.

Pina 79 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka June 28

Pina 130

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Lebisa tlhokomelo lintlheng tse seng kae tse ka buelloang limakasineng tsa morao-rao tse ka sebelisoang tšebeletsong ea ntlo le ntlo kapa bopaking bo sa reroang.

20 mets: “Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla.” Puisano ka mongoli kapa molebeli oa tšebeletso. Hlahloba mangolo a Mokhatlo a August 15, 1992, le August 20, 1992 mabapi le ho tlaleha tšebeletso ea tšimo. Hape tiiseha hore ho na le lebokose le ka thōkō le ngotsoeng “Litlaleho tsa Tšebeletso ea Tšimo.” Hlalosa ka ho feletseng tokisetso ea ho sebetsana le litlaleho tse liehileng ho tla. Hlahloba boitsebiso bo bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqephe 106-10, ha nako e lumela. Hatisa tlhokahalo ea hore bohle ba kopanele ka mehla tšebeletsong le ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo hang-hang qetellong ea khoeli.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. U ka ’na ua hlahloba lintlha tse buang ka litlhoko tsa phutheho joalokaha li bontšitsoe nakong ea ketelo e fetileng ea molebeli oa potoloho.

Pina 71 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela