Lebokose la Lipotso
◼ Ke liaparo life tse nkoang li loketse ha motho a kolobetsoa?
Le hoja litekanyetso tsa moaparo li fapana likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, keletso ea Bibele ea ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong” ea tšoana bakeng sa Bakreste bohle, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. (1 Tim. 2:9, NW) Molao-motheo ona o lokela ho sebelisoa ha ho nahanoa ka liaparo tse loketseng bakeng sa kolobetso.
Molula-Qhooa oa June 1, 1985, leqephe 30, o fana ka keletso ena ho motho ea kolobetsoang: “Ruri boitlhompho bo lokela ho laola tabeng ea hore na motho o apara seaparo sa ho kena metsing se joang. Sena ke sa bohlokoa kajeno ha ho bonahala hore baqapi ba liaparo tsa morao-rao ba batla ho tsosa takatso ea likamano tsa botona le botšehali le ho finyella hore batho ba hle ba tsole ka ho feletseng. Taba e ’ngoe e ka nahaneloang ke hore liaparo tse ling tsa ho sesa tse bonahatsang boitlhompho ha li omme ha li joalo ha li kolobile. Ha ho lea mong ea kolobetsoang ea ka batlang ho ba mohloli oa pherekano kapa khopiso ketsahalong e tebileng joaloka kolobetso.—Ba-Filippi 1:10.”
Tumellanong le keletso ena, ba kolobetsoang ba tla rata ho apara liaparo tse itlhomphang, ba ntse ba hopotse bohlokoa ba ketsahalo ena. Kahoo, seaparo sa ho sesa se bonaletsang kapa se manamang ’meleng ka tsela e bontšang ho se itlhomphe ha se le metsi hase seaparo se loketseng Mokreste ’me se lokela ho qojoa. Ka ho tšoanang, e ke ke ea e-ba ho loketseng hore motho e be ea sa hlophisehang kapa ea bohlasoa tseleng eo a hlahang ka eona. Ho feta moo, e ke ke ea e-ba ho loketseng ho apara likipa tse ngotsoeng lipolelo tsa lefatše kapa mapetjo a khoebo.
Ha baholo ba khethiloeng ba hlahloba lipotso tsa kolobetso le motho ea eang kolobetsong, ena e ka ba nako e molemo bakeng sa ho buisana ka bohlokoa ba ho apara liaparo tse loketseng. Ka tsela ena ho hlompheha ha ketsahalo ena ho tla bolokoa, ’me re tla tsoela pele ho hlahella re le ba fapaneng le lefatše.—Bapisa le Johanne 15:19.