Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/93 leq. 3
  • Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na U Tlatsetsa ho Etsoeng ha Tlaleho e Nepahetseng?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo Tse re Tsoelang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Khoeli e Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 6/93 leq. 3

Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla

1 Na re nka likhato tse nepahetseng bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mehla? Na re etsa boiteko bo matla ba hore re fane ka tlaleho ea rōna ea tšebeletso ea tšimo Holong ea ’Muso khoeli ka ’ngoe? Ke seo kaofela ha rōna re lokelang ho ikemisetsa ho se etsa, le ka mohla re se lumelle khoeli hore e fete re sa bolela tumelo ea rōna phatlalatsa.—Ba-Roma 10:9, 10.

2 Liphutheho tse ngata li ntse li na le mathata tabeng ea hore bahoeletsi ba fane ka tlaleho ea bona hang-hang qetellong ea khoeli ka ’ngoe. Lengolong la rōna la August 15, 1992, re ile ra fana ka tataiso liphuthehong tsohle mabapi le mokhoa o nepahetseng oa ho sebetsana le litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Molemong oa lōna re rata ho pheta lintlha tse seng kae ho tseo. Mohoeletsi ka mong o na le tokelo le boikarabelo ba ho kenya tlaleho ea hae ea tšebeletso ea tšimo lebokoseng le khethehileng le ngotsoeng “Litlaleho tsa Tšebeletso ea Tšimo” le lokelang ho ba Holong ea ’Muso e ’ngoe le e ’ngoe. Na u ’nile ua latela tataiso ee ka botšepehi ho tloha ka nako eo? Haeba ho joalo, rea u babatsa. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u ile ua lebala ho kenya tlaleho ea hao ka nako?

3 Qalong ea khoeli ka ’ngoe, mongoli oa phutheho o lokela ho fa mokhanni e mong le e mong oa thuto ea buka ea phutheho lethathamo la bahoeletsi ba leng sehlopheng sa hae ba sa tlalehang. Hang-hang mokhanni oa thuto ea buka ea phutheho o lokela ho atamela bahoeletsi bao ’me a fumane litlaleho tsa bona ebe o li neha mongoli. Tokisetso ena e lokela ho lateloa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho tiisa hore litlaleho tsohle tse liehileng ho tla lia fumanoa le ho romeloa ho Mokhatlo. Litlaleho tsena tse liehileng ho tla li tla kenyeletsoa tlalehong ea khoeli e latelang. Sena se tla bolela hore mohoeletsi ka mong ea tlalehang morao o tla baloa e le bahoeletsi ba babeli khoeling e latelang. Ka tsela ena mohoeletsi e ke ke ea e-ba ea sa tsoeng ka mehla. Le ka mohla u se ke ua kopanya mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo oa likhoeli tse peli tlalehong e le ’ngoe empa ka mehla nehelana ka tlaleho ea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e arohile likhoeling tse ling.

4 Ke joang re ka sebetsang tumellanong le tokisetso ee haeba re tla be re le sieo mafelong a khoeli? Re ka kenya litlaleho tsa rōna ka lebokoseng pele re tsamaea kapa ra tiiseha hore re romela litlaleho tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo ho mongoli oa phutheho. Sena se lokela ho etsoa esale nako e le hore li ka kenyeletsoa tlalehong ea phutheho ea khoeli le khoeli, eo mongoli a e etsang le ho e romela ho Mokhatlo ka la botšelela la khoeli ka ’ngoe.

5 Ka ntle le hore re kopanele tšebeletsong ea tšimo ka mehla ka borōna, re batla ho falimehela ho thusa ba bang ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo. (Ba-Fil. 2:4) Re ka etsa see joang? Re ka mema bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba sa tsoa qalisa ho tsoela tšebeletsong ea tšimo hore ba sebetse le rōna. Kemiso e tsitsitseng ea tšebeletso e tla re thusa ho etsa hore ’nete e tsitse ka lipelong tsa bona.

6 Kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mehla. Ka botšepehi nehelana ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo khoeli le khoeli. Thusa ba bang ho kopanela tšebeletsong ka mehla. Bontša ‘lerato mokhatlong ’ohle oa baena.’—1 Pet. 2:17, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela