Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Liphutheho tse ling tse tharo li ile tsa thaba ha ho neheloa Liholo tsa ’Muso tse ntle tse ncha. Ke Emolweni (ka leboea ho Pinetown), Sweetwaters (pel’a Pietermaritzburg), le Lydenburg.
Ho fihlela hona joale selemong sena ho nehetsoe Liholo tsa ’Muso tse 12. Hona joale liphutheho tse 27 li tšoarehile kahong ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso. E se eka re ka khothatsa bohle ba amehang mesebetsing ena hore ba tsoele pele ka lebelo le tšoanang. Re leboha baena le bo-khaitseli bohle ba ikitlaetsang ba sebetsang ka thata karolong ena ea tšebeletso.
Albania: Ho tloha ka December 1991 ho ea ho December 1992, lenane la bahoeletsi le ile la eketseha ho tloha ho 24 ho ea ho 107. Lenane la lithuto tsa Bibele le ile la eketseha ho tloha ho 4 ho ea ho 221 nakong eona eo.
Central African Republic: Ka January 20, 1993, ’muso o ile oa phatlalatsa molao-taelo o lumellang Lipaki tsa Jehova ho qalisa mosebetsi oa tsona ka ho feletseng. Baena ba sebaka seo ba thabela hore ebe hona joale ba khona ho sebelisa Holo ea ’Muso ea bona le ho khona ho tšoara Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” phatlalatsa. Ho bile le ba 4 739 likopanong tse tšeletseng tse ileng tsa tšoaroa, ’me ba 121 ba kolobetsoa.