Tšehetsa ka Botlalo Lenaneo la Seboka sa Phatlalatsa la Phutheho ea Heno
1 Lilemong tse ’maloa tse fetileng mohlankana e mong o ile a thola memo e phatlalatsang liboka tsa phutheho sebakeng sa habo. Kaha a ne a batla ’nete, o ile a etsa qeto ea ho ea Sebokeng sa Phatlalatsa ka Sontaha se latelang, a fihla nako esale teng holong. Mohoeletsi o ile a mo lumelisa ka mofuthu, ’me ha ba ntse ba buisana, mohoeletsi o ile a ithaopela ho mo khannela thuto ea Bibele, empa o ile a e hana. Leha ho le joalo, o ile a khahloa haholo ke puo ea phatlalatsa e lokiselitsoeng hantle hoo a ileng a fetola maikutlo, ’me ka mor’a seboka o ile a amohela thuto. Mohlankana enoa o ile a tsoela pele ka potlako ’me a kolobetsoa likhoeling tse seng kae hamorao. Bonyane re ka ithuta lithuto tse tharo tse molemo phihlelong ena.
2 Pele, Seboka sa Phatlalatsa se ne se phatlalalitsoe. Na le sebelisa limemo tse hatisitsoeng ho phatlalatsa lenaneo la seboka sa phutheho ea lōna? Ha molula-setulo a tsebisa sehlooho sa puo ea phatlalatsa e tla fanoa bekeng e latelang, nahanang ka ba leng tšimong ea lōna bao ka ho khethehileng ba ka thahasellang boitsebiso boo, ebang hona joale ba bala libuka tsa rōna kapa che. Batho ba bang ha ba rate ho bala, kapa ba na le bothata ba ho bala, empa mohlomong ba thahasella ho mamela puo ea Mangolo.
3 Ea bobeli, ea tlileng bocha o ile a amoheloa ka mofuthu. Haeba u rera ho fihla holong esale pele, u ka khona ho lumelisa baena le bo-khaitseli ba hao esita leha e le bafe ba thahasellang. (Ba-Heb. 10:24) Haeba ea tlileng a qala ho ba teng, mohlomong ha a tsebe seo a lokelang ho se lebella. Hlalosa hore liboka tsa rōna li qala ka pina le thapelo, ’me u ’molelle kamoo seboka se tla tsamaisoa kateng. Haeba ho loketse, mo meme hore a lule le uena e le hore le ka arolelana Bibele le buka ea hao ea lipina. Mo meme hore a botse lipotso leha e le life tseo a ka bang le tsona ka mor’a seboka.
4 Ea boraro, puo e ne e lokiselitsoe hantle. Ba nang le tokelo ea ho emela phutheho joaloka libui tsa phatlalatsa ba qeta lihora tse ngata ba lokisetsa boitsebiso e le ho susumeletsa phutheho leratong le leholoanyane le mesebetsing e metle. Kaofela ha rōna re tlas’a khatello kajeno, ’me linnete tse khathollang tse tsoang Lentsoeng la Molimo ke sona seo re se hlokang ho re thusa ho mamella. Ha e le hantle, ho sa tsotelehe hore na puo ea phatlalatsa e ruta hakae, e ke ke ea e-ba le molemo ho rōna haeba re sa mamelisise se boleloang. Na ka linako tse ling u ba le bothata ba ho tsitsisa mohopolo nakong ea puo? Ho ka ba molemo ho ngola lintlha tse khutšoaane, joalokaha re atisa ho etsa likopanong tsa rōna. Tiiseha hore u bala Bibeleng ea hao ha Lengolo ka leng le baloa le ho hlalosoa.
5 Mokhatlo o fane ka lipuo tsa phatlalatsa tse tšohlang litaba tse fapaneng tsa Mangolo. Ka molebeli ea okamelang kapa moena ea khethiloeng ke eena, sehlopha sa baholo se hokahanya lenaneo la Seboka sa Phatlalatsa sa phutheho. Boitsebiso bo lokolisitsoeng ke Mokhatlo bo khethiloe ho sebetsana le litlhoko tsa hona joale tsa phutheho. U se fetoe ke boitsebiso bona ba bohlokoa, ’me u tšehetse ka botlalo Seboka sa Phatlalatsa sa phutheho ea heno beke le beke.