Liboka tsa Tšebeletso tsa February
Beke e Qalang ka February 7
15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa pontšo ea ho nehelana ka limakasine tse theiloeng litokollong tsa morao-rao. Hlahloba lintlha tsa sehlooho tsa Lebokose la Lipotso.
18 mets: “Hōlisa Thahasello ’Musong oa Molimo oa Khotso.” Sehlooho se buisanoe le bamameli. Lipontšo tse peli. Ka mor’a ho buisana ka serapa 2, etsa pontšo ea ho nehelana ka pampitšana ho mong’a ntlo ea tšoarehileng. E re ka hlompho mohoeletsi a botse potso e tla rala motheo oa leeto la ho boela. Etsa pontšo ka nehelano e serapeng sa 3 moo mong’a ntlo a bontšang thahasello ’me mohoeletsi a sebelisa buka Phela ka ho sa Feleng. Hape, ho lokela hore ho raloe motheo oa leeto la ho boela.
12 mets: “Na U Hlompha Sebaka sa Hao sa Borapeli?” Puo ka moholo e theiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa June 15, 1993. Etsa hore boitsebiso boo bo sebetse phuthehong. Haeba ho e-na le bothata bo khethehileng boo ho lokelang ho buisanoa ka bona, fana ka keletso e loketseng ka bohlale.
Pina 137 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 14
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Peho ea lichelete. Bolela ka kananelo ea Mokhatlo bakeng sa menehelo e rometsoeng, le ho babatsa phutheho ka tšehetso e tšepahalang bakeng sa litlhoko tsa phutheho. Khothaletsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelong a beke. Hape bolela litokisetso tse entsoeng bakeng sa Letsatsi le khethehileng la Limakasine ka April 9, ’me u khothaletse bahoeletsi ho qala ho etsa litokisetso hona joale ka ho odora limakasine tse eketsehileng.
20 mets: “Susumetsa Khōlo ka Maeto a ho Boela a Nang le Morero.” Puisano ka lipotso le likarabo. Etsa pontšo ea leeto la ho boela e theiloeng nehelanong e serapeng sa 3. Totobatsa bohlokoa ba ho se akaretse boitsebiso bo bongata haholo nakong ea leeto, ’me u hatelle bohlokoa ba ho tsosa thahasello ketelong ea nakong e tlang.
15 mets: “Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle.” Puo ka moholo ea nang le phihlelo.
Pina 122 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 21
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Rokang Letsibolo la Jehova!” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Puo e mofuthu, e nang le cheseho ka moholo, a khothaletse bohle ho ngola lethathamo la batho ba tla memeloa Sehopotsong le puong e latelang ea phatlalatsa. Etsa pontšo ka lintlha tse boletsoeng serapeng sa 7. E re mohoeletsi a atamele motho ea fihlang Holong ea ’Muso a ntse a qamaka. Mohoeletsi o hlokomela hore motho enoa o khothalitsoe ke mong ka eena ea lulang motseng o mong ho ba teng. Mohoeletsi o mema motho enoa ho lula hammoho le eena le lelapa la hae hore ba arolelane Bibele le buka ea lipina. Mohoeletsi o ithaopela ho arabela lipotso leha e le life tseo motho eo a ka bang le tsona ka mor’a seboka. Phetha karolo ena ka ho tsebisa phutheho nako ea Sehopotso.
10 mets: Bibele—Mohloli oa Rōna o Moholo ka ho Fetisisa oa Khothatso. Buka ea Ho Bea Mabaka, maqephe 201-204. Puo ka moholo. Ba bangata ka phuthehong le ba ka ntle ba hloka khothatso. Bontša kamoo mohoeletsi e mong le e mong ka phuthehong a ka sebelisang Lentsoe la Molimo ho khothatsa ba bang.
15 mets: “Ho Molemo Hakaakang ho Pheta Seo Jehova a se Entseng!” Puisano ka lipotso le likarabo lirapeng tsa 1-11 tsa sehlooho sena ho kenyeletso. E-ba le litlhaloso tse peli tse lokiselitsoeng hantle tsa baena ba nang le lenaneo la botho kapa la lelapa la ho bala buka ena. Ba kōpe ho bolela ntho eo ba thabetseng ho ithuta eona.
Pina 208 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 28
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela mpho ea buka ea khoeli ea March.
15 mets: “Ho Molemo Hakaakang ho Pheta Seo Jehova a se Entseng!” Puisano ka lipotso le likarabo lirapeng tsa 12-20 tsa kenyeletso. Kōpa litlhaloso tse peli tse lokiselitsoeng hantle ho bahoeletsi ba ruileng molemo ka ho bala buka ena.
15 mets: “Tšehetsa ka Botlalo Lenaneo la Seboka sa Phatlalatsa la Phutheho ea Heno.” Puo, empa e ka akareletsa potso e le ’ngoe kapa tse peli ho bamameli. Hlalosa kamoo batho ba thahasellang ba tlileng Sebokeng sa Phatlalatsa ka lekhetlo la pele ba ka etsoang hore ba ikutloe ba amohetsoe. Kōpa tlhaloso e le ’ngoe e lokiselitsoeng hantle ho mohoeletsi ea hlalosang kamoo a ruileng molemo ka ho ba teng ka mehla Sebokeng sa Phatlalatsa.
10 mets: “Itlhokomele Khahlanong le Mosa o Fosahetseng.” Puo.
Pina 197 le thapelo e koalang.