Ho Molemo Hakaakang ho Pheta Seo Jehova a se Entseng!
1 Mongoli ea bululetsoeng oa Pesaleme ea 48 o ile a khothaletsa Baiseraele hore ba ‘pote Sione, ba bale litora tsa eona, ba hlahlobe liqhobosheane tsa eona, e le hore ba ka li phetela meloko e tlang ho tla.’ Ba susumelitsoe ke ho rata Jehova, ba ne ba tla thahasella ka matla boitsebiso leha e le bofe ba setsi seo sa lefatšeng sa puso ea Molimo. Boitsebiso boo e ne e tla ba ba bohlokoa hakaakang kaha ona e ne e le motse oo ho oona Jehova a neng a behile lebitso la hae! Ba ne ba tla bua ka bona, ’me haholo-holo ba ne ba tla tiisa hore bana ba bona ba utloa ka lintho tsohle tseo ba neng ba li entse letlotlo la lipelo tsa bona.—Pes. 48:12, 13, NW.
2 Hona joale re phela nakong eo puso ea Molimo ea Messia oa Jehova e sa theoang holim’a Sione oa lefatšeng empa ho Jerusalema oa leholimo. (Ba-Heb. 12:22) ’Muso oa Jehova matsohong a Jesu Kreste o ’nile oa busa ho tloha ka 1914. (Tšen. 12:10) Ho sebetsa ha oona ke ntho eo re e thahasellang haholo. Re boetse re thahasella haholo tsela eo Jehova a ileng a tataisa bahlanka ba hae lefatšeng e le hore ba ka phetha thato ea hae e le baemeli ba bonahalang ba ’Muso oo. Boitsebiso bo thahasellisang ka ho fetisisa mabapi le sena bo hlalositsoe bukeng ea rōna e ncha Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Re ile ra thaba hakaakang ha re e fumana Kopanong ea rōna ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ea haufi tjee!
3 Ka September 1, buka eo e ne e se e lokolotsoe ka lipuo tse 20, ’me phetolelo le ho abjoa ha eona ho ne ho ntse ho tsoela pele bakeng sa ho finyella se hlokoang ke ba buang maleme a mang a 13. Na lelapa la hao le fumane kopi? Na le ea e bala? Na le bua ka lintho tseo le ithutileng tsona ho eona?
4 Ka mor’a ho sheba litšoantšo le ho bala litlhaloso tsa tsona, joalokaha ho entsoe tlhahiso e joalo kopanong, baena le bo-khaitseli ba bangata ba ile ba kena tabeng ka potlako. Litlhaloso tsa bona e bile life? Tse ling tsa tsona ke tsena.
5 Khaitseli e mong o ngotse: “Ke eona feela buka eo nkileng ka e fumana eo ke thahasellang haholo ho e qeta e le hore nka e bala hape. Hona joale ke khaolong ea 25. Ha ke ntse ke e bala ho ea pele, meokho e ntse e keleketla ’me pelo ea ka e tlala lerato ka Jehova. Buka ena e khothatsa haholo ’me e matlafatsa tumelo.”
6 Moena e mong ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse fetang 40 o itse: “Ha kea ka ka elelloa esale pele hore buka ena e tla ba e hapang maikutlo hakana. Ke ne ke robala bosiu ’me ke tsoha hoseng ’me ke ile ka qeta ho e bala ka libeke tse peli. Kannete ke e ’ngoe ea libuka tse susumetsang ka ho fetisisa eo nkileng ka e bala. Phuputso ea eona ke mosebetsi o tsoileng matsoho empa hape ke mosebetsi o tsoileng matsoho tabeng ea ho khothatsa.”
7 Lenaneo la ka Mehla la ho Bala: Ba bang ba ileng ba potlakela ho bala buka ena kaofela ba ikemiselitse ho e bala hape empa lekhetlong lena e le ka lebelo le tlaase.
8 Haeba ho e-na le litho tse ling tsa lelapa la hao tse ’neteng, u ka ’na ua rata ho sebelisa likarolo tsa buka ena thutong ea lelapa la hao. Malapa a mang a ile a qala ho etsa joalo matsatsing a seng makae ka mor’a hore a fumane kopi kopanong. Hona ha ho bolele hore lintho tse ling, tse kang ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, li lokela ho behelloa ka thōko. Empa u ka ’na ua ho fumana ho le molemo haholo ho sebelisa metsotso e meng e 15 kapa 20 bakeng sa ho bala le ho buisana ka boitsebiso bo bukeng ea Baboleli.
9 Malapa a mang a bala maqephe a mabeli kapa a mararo—mohlomong sehloohoana se le seng kapa tse peli—mantsiboea a mang le a mang ka mor’a lijo tsa mantsiboea. Ka bomong e ka ’na eaba ba se ba balile boholo ba buka ena, empa ba rua molemo ka ho ea le eona butle ba e-na le monyetla oa ho tšohla boitsebiso boo. Ba bang ba etsang sena ba sebelelitse Jehova ka lilemo tse ngata. Ha ba ntse ba e bala, ba hopola linako tse fetileng tse monate. Ho futhumatsa lipelo tsa bona ha ba tšohla hammoho ho kopanela ha bona liketsahalong tseo ba balang ka tsona.
10 Ka lebaka la maemo lelapeng la hao, u ka ’na ua fumana hore u ipalla u le mong. Khaitseli e mong ea ileng a ngolla Mokhatlo o itse: “Esale ke ntse ke bala buka ena hanyane ka hanyane bosiu bo bong le bo bong pele ke robala. Buka ena e haha kananelo e tebileng ho ’na le lerato bakeng sa ’nete, ’me ke ikutloa ke le haufi-ufi le Jehova ’me ke leboha haholo hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ruri ke natefeloa ke leqephe le leng le le leng leo ke le balang.”
11 Le hoja buka ena e le khōlō, likarolo tsa eona ka bonngoe ha li khōlō. Karolo e qalang e batsi empa e akaretsa liketsahalo tse hlollang ho tloha mehleng ea Abele ho phunyeletsa ho fihlela ka 1992—ka maqephe a 108 feela. Likarolo tse ling li tloha ka maqephe a 13 ho ea ho a 150. E ’ngoe le e ’ngoe ea likarolo tsena e arotsoe ka likhaolo tse ’maloa. Ho e-na le ho potlakela ho li qeta, nka karolo e le ’ngoe, khaolo e le ’ngoe, kapa sehloohoana se le seng ka nako; e thabele; ’me u fumane molemo ho eona.
12 Nka Nako U Nahana ka Seo U se Balang: Sepheo sa hao e tla ba sefe ha u ntse u bala? Morero oa hao ha ea lokela ho ba—ho koahela maqephe feela—ho qeta buka. Buka Baboleli e fupere tlaleho ea letlotlo la hao la moea. U lokela ho le tseba hantle. Nka nako u nahana ka se amehang ka seo u se balang. Ha u ntse u hlahloba mosebetsi oa lipaki tsa Jehova tsa boholo-holo, nahana ka kamoo u ka etsisang tumelo ea tsona. (Ba-Heb. 12:1, 2) Ha u bala ka ho qaleha ha bokoenehi bo boholo, ela hloko ka ho khethehileng mefokolo e ileng ea tšoasa ba ileng ba furalla, ka tebello ea ho sireletsa bomoea ba hao. ’Me ha u hlahloba histori ea rōna ea kajeno, hlokomela litšoaneleho tsa bao ba ileng ba sebelisoa ke Molimo, kamoo ba ileng ba bontša hore ho etsa thato ea Molimo e ne e le ntho ea bohlokoahali bophelong ba bona, le kamoo ba ileng ba nka bohato ho latela maemo—ao a mang a ’ona a leng thata haholo—ao Molimo a ileng a a lumella.—Ba-Heb. 13:7.
13 U tla ho fumana ho matlafatsa tumelo ho batlisisa boitsebiso bo bontšang kamoo Jehova a ileng a tataisa batho ba hae hore ba fihle kutloisisong e hlakileng ea ’nete ea Bibele eo hona joale re e thabelang. Ho ananela ha hao tokisetso e bonahalang eo Jehova a e sebelisang ho tla hōla ha u ntse u tloaelana le liphetoho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka sebele u tla ikutloa o thabile ha u bala kamoo, phethahatsong ea boprofeta, litaba tse molemo li ileng tsa fihla le likarolong tse hōle tsa lefatše. Pelo ea hao e tla futhumatsoa ke liphihlelo tsa ba tšepahalang likarolong tsohle tsa lefatše ba ileng ba sebetsa ka cheseho ho bolela ka ’Muso. U tla matlafatsoa hore u sebetsane le liteko tsa botho ha u bala seo baena le bo-khaitseli ba tšepahalang ba seng ba ile ba se mamella ka lebaka la lerato la bona ho Jehova.
14 Ka mor’a hore u bale karolo e itseng ea boitsebiso, nka nako u qoqa hammoho ka molemo oa bona le ho hlahloba boitsebiso bo eketsehileng. Haeba u e-na le bana ba banyenyane, ba kenyeletse ka hore ba hlalose litšoantšo le ho u bolella ka seo ba se tsebang ka batho ba bontšitsoeng. Esita le haeba u ipalla u le mong, ikemisetse ho arolelana le ba bang seo u ithutang sona. Joalokaha ho loketse, sebelisa boitsebiso boo maetong a ho boela le ha u khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele. Ho e pheta ha hao ho tla e hatisa kelellong ea hao le pelong ea hao, ’me e tla ruisa ba bang molemo.
15 Thahasella Boitsebiso bo Eketsehileng: Nako eo u e qetang u bala buka ena Baboleli e lokela ho ba e thabisang le e molemo.
16 Na u rata hore lelapa la hao le etele ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova? Maqephe 208-9 a bontša mehaho e neng e sebelisoa ke Mokhatlo lilemo tse lekholo tse fetileng sebakeng sa Pittsburgh. Maqephe 216-17 a u tloaetsa mehaho e ileng ea sebelisoa hamorao Brooklyn. Litšoantšo tse maqepheng a 352-6 li ka u thusa ho bona ka mahlo a kelello ntlo-khōlō ea lefatše kajeno. Likhaolo 26 le 27 li tletse boitsebiso bo batsi ka mosebetsi o etsoang Bethele, ’me maqephe 295-8 a fana ka boitsebiso bo eketsehileng ka bophelo ba Bethele.
17 Boholo ba rōna ha re khone ho etela makala a mangata a Mokhatlo. Maqephe 357-401 a buka Baboleli a u kenya leetong la lefatše. Ha ho hlokahale hore u potlakele ho e qeta. Qeta nako e itseng naheng ka ’ngoe ’me u e thabele. Sebelisa ’mapa oa lefatše o maqepheng a 415-17 ho fumana sebaka ka seng. Bala litlhaloso tse tsamaeang le setšoantšo sa lekala ka leng. Ka index u ka boetse oa fumana boitsebiso bo bong bo hlollang ka naha ka ’ngoe. Sebelisa monyetla ona bakeng sa ho tseba litho tsa lelapa leno la moea tse linaheng tse ling.
18 Ha batho ba bokana hammoho ka botsoalle, ka linako tse ling ba bapala papali e kopanyelletsang ho tseba litaba tsa lefatše. Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho feta ho tseba matsatsi a bohlokoa le liketsahalo tsa bohlokoa historing ea kajeno ea batho ba Jehova? U tla fumana litaba tse joalo tse ngata li thathamisitsoe maqepheng a 718-23 bukeng Baboleli. Lethathamo leo le fana ka moralo oa motheo; u ka tlatselletsa ho lona ka makolopetso a fumanoang bukeng kaofela. Li sebelise e le motheo bakeng sa tlhahlobo. Ba banyenyane lapeng mohlomong ba ka li tšoara ka hlooho kapele. Ba bang ho rōna ba hōlileng re ka ’na ra lieha ho tšoara. Empa bona ke boitsebiso ba histori ea puso ea Molimo boo kaofela re ka ruang molemo ka ho bo tseba. Ka mor’a hore u tsebe matsatsi le litaba tsa motheo, haha holim’a motheo oo. Bona hore na ke boitsebiso bo bongata hakae boo u ka bo hopolang mabapi le ketsahalo ka ’ngoe. Joale bua ka karolo eo ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e bileng le eona ho phethahatseng thato ea Molimo. Hape, buisanang ka hore na e amme bophelo ba hao joang le hore na u kena joang ho seo Jehova a se etsang.
19 Bona Menyetla e U Bulehetseng: Ha u bala le ho tšohla Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, u tla fumana ho senoleha phethahatso e khōlō ea Esaia 60:22. Buka ena e re leqepheng la 519: “Ruri phethahatso ea tšepiso ea hore ‘e monyenyane o tla fetoha sekete’ e etsahetse, ’me e etsahetse ka tekanyo e khōlō! Naheng ka ’ngoe ho tse fetang 50 moo ho neng ho se na le ‘e monyenyane’—moo ho neng ho se na le Lipaki tsa Jehova morao koo ka 1919, moo li neng li sa fana ka bopaki ho hang—kajeno ho na le barorisi ba Jehova ba fetang sekete. Linaheng tse ling ho tsena, hona joale ho na le Lipaki tsa Jehova tse mashome a likete, e, esita le tse fetang lekholo la likete, tseo e leng baboleli ba chesehang ba ’Muso oa Molimo! Lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li fetohile ‘sechaba se matla’—seo palo ea sona joaloka phutheho ea lefatše lohle e kopaneng e fetang baahi ba naha ka ’ngoe ho tse 80 tsa linaha tse ipusang tsa lefatše.”
20 Mosebetsi oo oa keketseho ea ’Muso ho hang ha o e-s’o fele. Ho fapana le hoo, Jehova o o potlakisitse ka tekanyo e ke keng ea lekanngoa. U tla kopanela ho oona ho isa bohōleng bofe? Na u hlile u hlokomela menyetla eohle e u bulehetseng? Ha u ithuta ka seo ba bang ba se etsang, e se eka pelo ea hao e ka u susumelletsa ho iketsa ea fumanehang ho kopanela ka botlalo mosebetsing ona o moholo oo Molimo oa rōna ea lerato a o tsamaisang ka Jesu Kreste mehleng ea rōna.