Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv leq. 718-leq. 723
  • Liketsahalo Tsa Bohlokoa Historing Ea Kajeno Ea Lipaki Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liketsahalo Tsa Bohlokoa Historing Ea Kajeno Ea Lipaki Tsa Jehova
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Tsoelopele le Khōlo ea Tsona ea Kajeno
    Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
  • Tsoelo-pele le Khōlo ea Tsona Kajeno
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Nako ea Teko (1914-1918)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv leq. 718-leq. 723

Liketsahalo Tsa Bohlokoa Historing Ea Kajeno Ea Lipaki Tsa Jehova

1870 Charles Taze Russell le sehlopha se tsoang Pittsburgh le Allegheny, Pennsylvania, U.S.A., ba qalisa thuto e hlophisitsoeng ea Bibele

1870-75 Russell le metsoalle ea hae eo a ithutang le eona ba ithuta hore ha Kreste a tla hape batho ba ke ke ba ’mona ka mahlo le hore morero oa ho khutla ha hae o kopanyelletsa tlhohonolofatso ho malapa ’ohle a lefatše

1872 Russell le sehlopha seo a ithutang le sona ba utloisisa theko ea thekollo ea Kreste bakeng sa batho

1876 C. T. Russell o amohela kopi ea Herald of the Morning, ka January; o teana le N. H. Barbour, mohlophisi oa eona hona lehlabuleng leo Philadelphia, Pennsylvania

Sehlooho se ngotsoeng ke C. T. Russell, se hatisitsoeng tokollong ea October ea Bible Examiner, Brooklyn, New York, se supa 1914 e le ho fela ha Linako tsa Balichaba

1877 Buka Three Worlds ea hatisoa, ka ho ikopanya ha N. H. Barbour le C. T. Russell

C. T. Russell o hatisa bukana The Object and Manner of Our Lord’s Return, ofising ea Herald of the Morning, Rochester, New York

1879 Russell o khaotsa tšehetso eohle ea Herald of the Morning, ka May, ka lebaka la boikutlo ba Barbour ka thekollo

Tokollo ea pele ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, ea July 1879

1881 Lipampitšana tsa pele tse hatisitsoeng ke Liithuti tsa Bibele; pele ho 1914, kabo ea selemo le selemo ea lipampitšana e ne e etsa kakaretso ea likopi tse mashome a limillione ka lipuo tse 30

Zion’s Watch Tower Tract Society ea hlophisoa; pitso ea tsoa “Ho Batloa Baboleli ba 1 000,” ba bang e le barekisi ba ka mehla ba libuka tsa bolumeli, ha ba bang ba tla nehelana ka nako leha e le efe eo ba ka e khonang ho phatlalatsa ’nete ea Bibele

Kabo ea likopi tse 300 000 tsa Food for Thinking Christians ho batho ba tsamaeang kereke metseng e meholo Brithani

1883 Watch Tower e fihla Chaena; moromuoa eo pele e neng e le oa Presbytery ka potlako o qala ho pakela ba bang moo

1884 Food for Thinking Christians e fihla Liberia, Afrika; ’mali ea bontšang kananelo oa ngola ’me o kōpa likopi tse eketsehileng tseo a tla li aba

Zion’s Watch Tower Tract Society e ngolisoa ka molao Pennsylvania; e tlalehoa ka molao ka December 15

1885 Lingoliloeng tsa Watch Tower li se li ntse li baloa ke batho ba bang ba lapetseng ’nete Amerika Leboea le Boroa, Europe, Afrika, le Asia

1886 The Divine Plan of the Ages ea hatisoa, moqolo oa pele oa letoto lena o bitsoa Millennial Dawn (hamorao o tsejoa e le Studies in the Scriptures)

1889 Bible House ea hahoa Arch Street, Allegheny, Pennsylvania, e le ntlo-khōlō ea Mokhatlo

1891 Ho bokana ka lekhetlo la pele ha Liithuti tsa Bibele hoo ba ho bitsang kopano, Allegheny, Pennsylvania (April 19-25)

1894 Balebeli ba tsamaeang bao ka mor’a nako ba ileng ba tsejoa e le batsamai (kajeno, ke balebeli ba potoloho le ba setereke) ba romeloa mabapi le lenaneo la Mokhatlo la ho etela liphutheho

1900 Ofisi ea pele ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower ea buloa, London, Engelane

Liithuti tsa Bibele li se li fane ka bopaki linaheng tse 28, ’me molaetsa oo li o rutang o fihlile bonyane linaheng tse ling tse 13

1903 Kabo e matla ea lipampitšana tse sa lefelloeng ho batho malapeng a bona ka Sontaha; pejana, kabo e khōlō ea lipampitšana e ne e etsoa literateng haufi le likereke

1904 Lithuto tsa C. T. Russell li qala ho hatisoa ka mehla likoranteng; ka nako e etsang lilemo tse leshome li hatisoa ke likoranta tse ka bang 2 000

1909 Ntlo-khōlō ea Mokhatlo e fallisetsoa Brooklyn, New York, ka April

1914 Pontšo ea pele ea “Photo-Drama of Creation” New York, ka January; pele selemo se fela, e bonoa ke bashebelli ba etsang kakaretso ea 9 000 000 Amerika Leboea, Europe, le Australia

Ka October 2, ka tlung ea lijo ea Bethele Brooklyn, C. T. Russell o tiisa hore, “Linako tsa Balichaba li felile”

Liithuti tsa Bibele ka mafolo-folo li bolela linaheng tse 43; tse 5 155 li ile tsa pakela ba bang; palo e tlalehiloeng ea ba bileng teng Sehopotsong ke 18 243

1916 Lefu la C. T. Russell a le lilemo li 64, ka October 31, ha a le tereneng a tsamaea ho pholletsa le Texas

1917 J. F. Rutherford o fetoha mopresidente oa Mokhatlo ka January 6, ka mor’a hore komiti ea tsamaiso ea batho ba bararo e hlokomele litlhoko tsa Mokhatlo ka likhoeli tse ka bang peli

Buka The Finished Mystery e lokolleloa lelapa la Bethele Brooklyn ka July 17; ba bane ba neng ba sebeletsa botong ea batsamaisi ea Mokhatlo ba hanyetsa ka matla; ka mor’a moo liphutheho tse ngata lia aroha

1918 Puo “Lefatše le Felile—Limillione tse Phelang Hona Joale Mohlomong li ke ke tsa Hlola li E-shoa” e neheloa ka lekhetlo la pele, ka February 24, Los Angeles, California. Ka March 31, Boston, Massachusetts, sehlooho sa puo ke “Lefatše le Felile—Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola li E-shoa”

J. F. Rutherford le metsoalle e haufi ba tšoaroa ka molao ka May 7; nyeoe e kena ka June 5; ka June 21 (a le mong ka July 10) ba ahloleloa ho hlola nako e telele teronkong

Ntlo-khōlō e leng Brooklyn ea koaloa ka August, ’me litšebeletso li khutlisetsoa Pittsburgh ka nako e fetang selemo

1919 Liofisiri tsa Mokhatlo le metsoalle ea tsona li lokolloa ka beile, ka March 26; ka May 14 lekhotla la maipiletso le fetola qeto ea lekhotla le tlaasana, ’me ho laeloa hore ho be le nyeoe e ncha; selemong se latelang, ka May 5, ’muso o ikhula nyeoeng, ’me ha o sa ntšetsa qoso pele

E le teko ea ho bona hore na mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele o ka tsosolosoa, J. F. Rutherford o lokisetsa ho fana ka puo ea phatlalatsa “Tšepo Bakeng sa Batho ba Tsietsing,” Holong ea Clune, Los Angeles, California, ka May 4; letšoele le sitoa ho fella, ’me ho hlokahala hore puo e fanoe ka lekhetlo la bobeli

Liithuti tsa Bibele li tšoara kopano Cedar Point, Ohio, September 1-8; ho phatlalatsoa ho hatisoa ho tlang ha makasine oa The Golden Age (oo hona joale o tsejoang e le Tsoha!)

Bulletin (eo hona joale e tsejoang e le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) ea hatisoa e le tšusumetso tšebeletsong ea tšimo

Tlaleho ea selemo sena e bontša hore Liithuti tsa Bibele tse 5 793 li bolela ka mafolo-folo linaheng tse 43; tlaleho ea ba bileng teng Sehopotsong, 21 411

1920 Mokhatlo oa Watch Tower o qalisa litšebeletso tsa oona tsa khatiso, Brooklyn

1922 Seea-le-moea se qala ho sebelisoa ke J. F. Rutherford, ka February 26, California, ho hasa puo ea Bibele

Kopano ea Liithuti tsa Bibele Cedar Point, Ohio, September 5-13; ho etsoa boipiletso bo reng “Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae”

Jeremane baruti ba hlohlelletsa mapolesa hore a tšoare Liithuti tsa Bibele ha li kopanela kabong ea phatlalatsa ea lingoliloeng tsa Bibele

1924 WBBR (seteishene sa pele sa Mokhatlo oa Watch Tower sa seea-le-moea) se qala ho hasa ka February 24

1925 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, ha o bua ka ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo ka 1914, o bontša hore ho na le mekhatlo e ’meli e fapaneng le e loantšanang—oa Jehova le oa Satane

1926 Ho khothalletsoa boboleli ba ntlo le ntlo ka libuka ka Sontaha

1928 Liithuti tsa Bibele lia tšoaroa New Jersey (U.S.A.) ka lebaka la ho aba lingoliloeng e le karolo ea ho bolela ha tsona ka ntlo le ntlo; ka nako ea lilemo tse leshome, ho ba le keketseho liketsahalong tsa ho tšoaroa tse 500 ka selemo United States

1931 Ho amoheloa lebitso Lipaki tsa Jehova qetong e entsoeng kopanong Columbus, Ohio, ka July 26, ’me hamorao le likopanong tse tšoeroeng lefatšeng ka bophara

1932 Vindication, Buka 2, e hlalosa hore na ke hobane’ng ha boprofeta ba Bibele ba tsosoloso bo sa sebetse ho Bajode ba tlhaho empa ho Iseraele oa moea

Ho felisoa tokisetso ea ho ba le “baholo ba khethiloeng ka livoutu,” tumellanong le tlhaloso e leng ho litokollo tsa August 15 le September 1 tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane)

1933 Lipaki tsa Jehova lia thibeloa Jeremane. Nakong ea mahloriso a matla ho fihlela bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, ho tšoaroa ba 6 262, ’me lilemo tseo ba li qetileng teronkong ha li kopanngoa li ba 14 332; ba 2 074 ba isoa likampong tsa mahloriso, moo lilemo tseo ba li qetileng teng li etsang kakaretso ea 8 332

Mechine ea kramafono (e meng e behiloe holim’a likoloi) e sebelisoa ke Lipaki ho hasa lipuo tsa Bibele libakeng tsa sechaba

1934 Likramafono tse nyenyane li sebelisoa ke Lipaki ho bapalla batho ba thahasellang lipuo tse khutšoaane tsa Bibele tse rekotiloeng

1935 Puong ea kopano Washington, D.C., ka May 31, ho tsebahatsoa hore “letšoele le leholo” ke sehlopha sa lefatšeng; ho kolobetsoa batho ba 840 kopanong ena; mohato ka mohato ho hatisoa haholo tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bakeng sa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba phelang hona joale

Ka lekhetlo la pele, sebaka sa liboka se bitsoa Holo ea ’Muso, Honolulu, Hawaii

1936 Mamatjana a phatlalatso a qala ho aparoa ke bahoeletsi ba ’Muso ho tsebisa batho ka lipuo tsa Bibele

Ho fanoa ka khothatso ea hore ho qalisoe lithuto le batho ba thahasellang, ho sebelisoa buka ea Mokhatlo Riches hammoho le Bibele; hangata tsena e ne e e-ba lithuto tsa sehlopha

1937 Lipaki li sebelisa likramafono tse nyenyane ho bapalla batho lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele matlung

1938 Litokisetso tsa puso ea Molimo bakeng sa ho khetha balebeli liphuthehong li nka sebaka sa mekhoa ea phutheho eohle, tumellanong le litokollo tsa June 1 le 15 tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane)

Likopano tsa libaka (tseo hona joale li tsejoang e le likopano tsa potoloho) lia lokisetsoa bakeng sa lihlopha tsa liphutheho

1939-45 Ho pholletsa le ’Muso oa Brithani le British Commonwealth, lichaba tse 23 li thibela Lipaki tsa Jehova kapa li thibela lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele

1940 Ho aba Molula-Qhooa le Consolation seterateng ho fetoha tšobotsi e tloaelehileng ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova

Qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo la U.S., ka June 3, e tšehetsang ho lumelisa folaga ho qobelletsoeng ho sa tsotellehe litumelo tsa bolumeli e baka pefo naheng ka bophara e etsoang ke sehlopha sa mahoo-hoo khahlanong le Lipaki tsa Jehova

1941 Lipaki tse mafolo-folo li feta tlhōrō ea 100 000, li etsa tlhōrō ea 109 371 linaheng tse 107, ho sa tsotellehe hore Ntoa ea II ea Lefatše e aparetse Europe ’me e namela Afrika le Asia

1942 J. F. Rutherford o shoa ka January 8, San Diego, California

N. H. Knorr o fetoha mopresidente oa boraro oa Mokhatlo ka January 13

Kakaretso e hatisitsoeng ea Molula-Qhooa ka lipuo tsohle selemong sena ke 11 325 143

Ho qalisoa Lenaneo la Thuto e Tsoetseng Pele ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo bakeng sa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo, ka February 16

Mokhatlo oa Watch Tower o hatisa Bibele e felletseng, King James Version, mochineng oa oona oa khatiso (web rotary)

1943 Sehlopha sa pele sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade se qalisa lithuto tsa sona ka February 1

Lenaneo la Thuto ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo (leo hona joale le bitsoang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo) bakeng sa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova le qalisoa likopanong ka April

Lekhotla le ka Holimo-limo la U.S. le ntša liqeto tse emelang Lipaki tsa Jehova linyeoeng tse 20 ho tse 24; Lekhotla le Phahameng la Australia le felisa thibelo ho Lipaki moo, ka June 14

1945 Ho tloha ka October 1, boto ea Mokhatlo ea batsamaisi ha e sa khethoa ka livoutu tsa batho ba tšoanelehang ka baka la menehelo ea lichelete

Karolelano ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng tse khannoang khoeli le khoeli joale ke 104 814

1946 Lilemong tse supileng tse ka pele, Lipaki tsa Jehova tse fetang 4 000 United States le tse 1 593 Brithani li ile tsa tšoaroa ’me tsa ahloleloa ho ea teronkong ka nako ea ho tloha ho khoeli ho ea ho lilemo tse hlano ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste

Selemong sena sa pele ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ba 6 504 ba kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho

Makasine oa Tsoha! (mohlahlami oa The Golden Age le Consolation) o qala ho hatisoa; ho hatisoa kakaretso ea likopi tse 13 934 429 ka selemo

Lipaki tse fetang 470 li isoa makhotleng Greece ka lebaka la ho arolelana lithuto tsa Bibele le ba bang

1947 Quebec, Canada, linyeoe tse 1 700 tse amang mosebetsi oa boevangeli oa Lipaki tsa Jehova li fanyehiloe ka makhotleng

Palo ea liphutheho joale e feta 10 000, ’me e etsa kakaretso ea 10 782 lefatšeng ka bophara

1950 New World Translation of the Christian Greek Scriptures e lokolloa ka Senyesemane, ka August 2, kopanong New York

1953 Lenaneo le batsi la ho koetlisa Lipaki tsa Jehova boboleling ba ntlo le ntlo le tsoela pele, September 1

1957 Linaheng tse 169, Lipaki tsa Jehova li nehela lihora tse 100 135 016 boboleling ba ’Muso oa Molimo le ho khanna lithuto tsa Bibele le batho ba sa tsoa thahasella

1958 Kopano ea Machaba ea Thato ea Molimo, New York, e ba le batho ba 253 922 ba tsoang linaheng tse 123; ha kolobetsoa ba 7 136

1959 Mananeo a pele a Sekolo sa Tšebeletso ea ’Muso, ho qala ka March 9, South Lansing, New York, a etselitsoeng balebeli ba liphutheho le balebeli ba tsamaeang

1961 Sehlopha sa pele sa balebeli ba makala a Mokhatlo se ba koetlisong e khethehileng ea likhoeli tse leshome Brooklyn, New York, ka sepheo sa ho momahanya mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara

New World Translation of the Holy Scriptures, Bibele e felletseng moqolong o le mong, e lokolloa ka Senyesemane

1963 New World Translation of the Christian Greek Scriptures e lokolloa ka lipuo tse eketsehileng tse tšeletseng (Sedutche, Sefora, Sejeremane, Sepanishe, Sepotoketsi, le Setaliana), ’me tse ling li tla eketseha lilemong tse latelang

Lipaki tsa Jehova tse fetang millione hona joale li mafolo-folo linaheng tse 198; tlhōrō ea bahoeletsi selemong sena ke 1 040 836; ho kolobetsoa ba eketsehileng ba 62 798

1965 Holo ea pele ea Kopano, holo e nchafalitsoeng, e sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova New York

1967 Mahloriso a nako e telele le a bobatana ho Lipaki tsa Jehova a etsahala Malawi ’me a tsoela pele ka lilemo tse ngata ka morao ho moo

1969 Lithuto tsa lehae tsa Bibele li feta millione; tlaleho e bontša karolelano ea 1 097 237

1971 Sehlopha se busang sea eketsoa; ka October 1, bolula-setulo boa fapanyetsanoa har’a litho tsa sona ka selemo

1972 Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ba tlas’a tlhokomelo ea sehlopha sa baholo ba sebaka ka seng, ho e-na le ho ba tlas’a tlhokomelo ea motho a le mong, ho tloha ka October 1

1974 Tlhōrō ea bahoeletsi lefatšeng ka bophara e fihla ho 2 021 432; bo-pula-maliboho ba eketseha ho tloha ho 94 604, ka 1973, ho ea ho 127 135

1975 Sehlopha se Busang se hlophisoa bocha; ka December 4, boikarabelo bakeng sa mosebetsi o eketsehileng bo abeloa likomiti tse tšeletseng, tse qalang ho sebetsa ka January 1, 1976

1976 Liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ba tlas’a tlhokomelo ea komiti ea banna ba bararo kapa ho feta ba hōlileng moeeng, ho e-na le ho ba tlas’a molebeli a le mong ho tloha ka February 1

1977 Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se qala ho fana ka koetliso e khethehileng bakeng sa bo-pula-maliboho ba mashome a likete lefatšeng ka bophara

1984 Lithuto tsa lehae tsa Bibele tseo hona joale li khannoang ke Lipaki tsa Jehova li etsa karolelano ea 2 047 113

1985 Ho qalisoa tokisetso ea baithaopi ba machaba, ba tsamaisang ho tsoa ntlo-khōlō mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše lohle oa kaho

Tlaleho e bontša hore ba 3 024 131 ba kopanela mosebetsing oa boboleli ba ’Muso linaheng tse 222; hona joale bo-pula-maliboho ba etsa karolelano ea 322 821; ho kolobelitsoe ba 189 800 selemong sena

1986 Ho khethoa Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa ho tsamaisa kaho ea Liholo tsa ’Muso

1987 Mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa eketseha, kaha hona joale ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 3 005 048 le batho ka bomong le lihlopha tsa malapa, bongata ba tsona e le beke e ’ngoe le e ’ngoe; ba kolobelitsoeng selemong sena ba etsa kakaretso ea 230 843

Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi se qala tšebetso ka October 1, ka sehlopha sa pele Coraopolis, Pennsylvania

1989 Maemo a ntseng a fetoha Europe Bochabela a nolofalletsa hore ho tšoaroe likopano tse tharo tse khōlō tsa machaba Poland, le linaheng tse ling lilemong tse bolelang

1990 Ho tlosoa ha lithibelo ho Lipaki tsa Jehova linaheng tsa Afrika le Europe Bochabela ho nolofalletsa hore ho boleloe evangeli ho batho ba bang ba 100 000 000

Bahoeletsi ba ’Muso ba finyella tlhōrō e ncha ea ba 4 017 213; lenane la bo-pula-maliboho lea hōla ho ba 536 508; lihora tse 895 229 424 li ile tsa neheloa mosebetsing o potlakileng oa boboleli ba ’Muso

1991 Ho tlosoa ha lithibelo Europe Bochabela le Afrika ho nolofalletsa hore ho finyelloe batho ba eketsehileng ba 390 000 000 ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo

1992 Molula-Qhooa o na le karolelano ea likopi tse 15 570 000 tse hatisoang ka lipuo tse 111; Tsoha!, e fumanehang ka lipuo tse 67, ho hatisoa tse 13 110 000

Bopaki bo boholo ka ho fetisisa bo kileng ba fanoa, ha ba 4 472 787 ba kopanela boboleling ba ’Muso linaheng tse 229; karolelano ea bo-pula-maliboho ba 605 610; ha sebetsoa lihora tse 1 024 910 434; le lithuto tsa Bibele tse 4 278 127; ha kolobetsoa ba 301 002

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela