Tsoelo-pele le Khōlo ea Tsona Kajeno
HISTORI ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e qalile lilemong tse fetang lekholo tse fetileng. Mathoasong a lilemo tsa bo-1870, sehlotšoana se sa hlahellang sa thuto ea Bibele se ile sa qaleha Allegheny, Pennsylvania, U.S.A., eo hona joale e leng karolo ea Pittsburgh. Charles Taze Russell e ne e le motsamaisi ea ka sehloohong oa sehlotšoana seo. Ka July 1879, ho ile ha hlaha tokollo ea pele ea makasine ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Ka 1880 ho ne ho se ho hlahile liphutheho tse ling tse ’maloa sehlotšoaneng seo sa thuto ea Bibele ’me li hasane ho ea linaheng tse ling tse haufinyane. Ka 1881 ho ile ha thehoa Zion’s Watch Tower Tract Society, ’me ka 1884 e ile ea ngolisoa ka molao, Russell e le eena mookameli oa eona. Hamorao lebitso la Mokhatlo le ile la fetoloa ea e-ba Watch Tower Bible and Tract Society. Ba bangata ba ne ba paka ka ntlo le ntlo ba fana ka lingoliloeng tsa Bibele. Batho ba 50 ba ne ba paka ka nako e tletseng ka 1888—hona joale ka karolelano ba etsa palo ea ba 700 000 lefatšeng ka bophara.
Ka 1909 mosebetsi o ne o se o akarelletsa le lichaba tse ling, ’me ntlo-khōlō ea Mokhatlo e ile ea fallisetsoa moo e leng teng hona joale Brooklyn, New York. Linehelano tse hatisitsoeng li ne li thathamisitsoe likoranteng, ’me ka 1913 li ne li hlaha ka lipuo tse ’nè likoranteng tse likete United States, Canada le Europe. Ho ne ho abiloe libuka, libukana le lipampitšana tse limilione tse makholo.
Ka 1912 ho ile ha qaloa mosebetsi oa ho etsa “Photo-Drama of Creation.” E sebelisa li-slide le litšoantšo tse tsamaeang tse nang le molumo, e ne e akaretsa nako ea ho tloha pōpong ea lefatše ho isa qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. E ile ea qala ho bontšoa ka 1914, ’me e ne e shebelloa ke batho ba 35 000 letsatsi le letsatsi. E bile sona setšoantšo sa pele se tsamaeang se nang le molumo.
SELEMO SA 1914
Ho ne ho atamela nako e mahlonoko. Ka 1876 seithuti sa Bibele Charles Taze Russell se ile sa nehelana ka sehlooho se reng “Mehla ea Balichaba: E Fela Neng?” ho Bible Examiner, e ileng ea hatisoa Brooklyn, New York, eo leqepheng la 27 la tokollo ea eona ea October e neng e re, “Linako tse supileng li tla fela ka A.D. 1914.” Linako tsa Balichaba ke nako eo phetolelong e ’ngoe ea Bibele e bitsoang “linako tse behiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24) Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho neng ho lebeletsoe hore e tla etsahala ka 1914 e ileng ea fela ea etsahala, empa e ile ea tšoaea ho fela ha Linako tsa Balichaba ’me e bile selemo sa bohlokoa bo ikhethang. Bo-rahistori ba bangata le bahlalosi ba liketsahalo baa lumela hore 1914 e fetotse histori ea batho haholo. Mantsoe a latelang a qotsitsoeng mona a bontša sena:
“Selemo sa ho qetela se ‘tloaelehileng’ ka ho feletseng historing e bile 1913, selemo pele ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše.”—Bohlophisi ba Times-Herald, Washington, D.C., March 13, 1949.
“Ka tekanyo e ntseng e eketseha, bo-rahistori ba talima lilemo tse 75 tse qalang ka 1914 ho fihlela ka 1989, tse akarelletsang lintoa tse peli tsa lefatše le ntoa ea mantsoe, e le nako e le ’ngoe, e ikhethang, nako e arohileng ho tse ling eo ho eona karolo e khōlō ea lefatše e neng e loana ntoeng, e beha lihlomo fatše ha e tsoa ntoeng e ’ngoe kapa e itokisetsa ntoa.”—The New York Times, May 7, 1995.
“Ka sebele lefatše lohle le ile la senyeha hoo e ka bang nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ’me re ntse re e-s’o tsebe lebaka. Pele ho moo, batho ba ne ba nahana hore maemo a phethahetseng a ne a se a atametse. Ho ne ho rena khotso le nala. Joale ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea senyeha. Re ’nile ra sala re tsielehile ho tloha ka nako eo . . . Batho ba bangata ba ’nile ba bolaoa lekholong lena la lilemo ho feta historing eohle.”—Dr. Walker Percy, American Medical News, ea la 21 November, 1977.
Lilemo tse fetang 50 ka mor’a 1914, setsebi se seng sa lipolotiki sa Lejeremane, Konrad Adenauer, se ile sa ngola: “Tšireletseho le khutso li ile tsa nyamela bophelong ba batho ho tloha ka 1914.”—The West Parker, Cleveland, Ohio, ea la 20 January, 1966.
Mopresidente oa pele oa Mokhatlo, C. T. Russell, o ile a hlokahala ka 1916 ’me a hlahlangoa ke Joseph F. Rutherford selemong se latelang seo. Ho ile ha e-ba le liphetoho tse ngata. Ho ile ha qala ho hatisoa makasine e tsamaeang le Molula-Qhooa e neng e bitsoa The Golden Age. (Hona joale e se e bitsoa Tsoha!, e ajoa ka likopi tse fetang 20 000 000 ka lipuo tse fetang 80.) Ho paka ka ntlo le ntlo ho ile ha hatelloa ka matla. E le hore ba ikarole lihlopheng tsa Bokreste-’mōtoana, Bakreste bana ba ile ba amohela lebitso Lipaki tsa Jehova ka 1931. Lebitso lena le thehiloe ho Esaia 43:10-12.
Seea-le-moea se ile sa sebelisoa ka ho pharaletseng lilemong tsa bo-1920 le tsa bo-1930. Ka 1933 Mokhatlo o ne o se o sebelisa litsi tse 403 tsa seea-le-moea ho hasa lipuo tsa Bibele. Hamorao, tšebeliso ea seea-le-moea e ile ea nkeloa sebaka haholo-holo ke maeto a eketsehileng a ho tsamaea ha Lipaki ka ntlo le ntlo li sebelisa likeramafono tse jaroang le lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. E mong le e mong ea bontšang ho thahasella ’nete ea Bibele o ile a qala ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele.
TLHŌLO KA MAKHOTLENG
Lilemong tsa bo-1930 le tsa bo-1940 ho ile ha tšoaroa Lipaki tse ngata ka lebaka la ho etsa mosebetsi ona, ’me ha loanoa linyeoe ka makhotleng molemong oa ho boloka bolokolohi ba puo, ba khatiso, ba ho kopana le ba ho rapela. United States, boipiletso bo nkiloeng khahlanong le makhotla a ka tlaase bo ile ba fella ka hore Lipaki li hlōle linyeoe tse 43 ka Lekhotleng le Phahameng la United States. Ka ho tšoanang, makhotla a phahameng a ’nile a fana ka likahlolo tse molemo linaheng tse ling. Mabapi le litlhōlo tsena tsa ka makhotleng, Moprofesa C. S. Braden, bukeng ea hae ea These Also Believe, o ile a re ka Lipaki: “Li phethile tšebeletso e hlokomelehang pusong ea sechaba ka sechaba ka ho loanela ha tsona ho sireletsa litokelo tsa tsona tsa sechaba, hobane ntoeng ea tsona li entse ho hoholo ho sireletsa litokelo tseo bakeng sa sehlopha se seng le se seng se senyenyane Amerika.”
MANANEO A KHETHEHILENG A KOETLISO
J. F. Rutherford o ile a hlokahala ka 1942, ’me a hlahlangoa ke N. H. Knorr e le mopresidente. Ho ile ha qalisoa lenaneo leo ho lumellanoeng ka lona la koetliso. Ka 1943 ho ile ha thehoa sekolo se khethehileng sa koetliso ea baromuoa se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ho tloha ka nako eo ho ea pele ba fumaneng mangolo sekolong sena ba ’nile ba romeloa linaheng tsohle tsa lefatše. Ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha linaheng tseo pele ho neng ho se na liphutheho ho tsona, ’me makala a hlonngoeng linaheng ka ho fapana hona joale a feta 100. Nako le nako, ho ’nile ha tšoaroa lithupelo tse khethehileng bakeng sa ho koetlisa baholo ba liphutheho, basebetsi ba baithaopi makaleng le ba kopanelang mosebetsing oa ho paka ka nako e tletseng (e le bo-pula-maliboho). Ho ’nile ha fanoa ka mefuta e ’maloa ea koetliso e khethehileng ea basebeletsi setsing sa thuto se Patterson, New York.
N. H. Knorr o ile a hlokahala ka 1977. E ’ngoe ea liphetoho tsa morao-rao tsa tlhophiso tseo a ileng a kenya letsoho ho tsona pele a e-shoa e bile ho eketsoa ha Sehlopha se Busang, se ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn. Ka 1976 boikarabelo ba tsamaiso bo ile ba aroloa ’me ba abeloa likomiti tse sa tšoaneng tse entsoeng ka litho tsa Sehlopha se Busang, tseo kaofela ha tsona li nang le phihlelo ea lilemo tse mashome-shome e le basebeletsi.
MEHAHO EA KHATISO EA EKETSEHA
Histori ea mehleng ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e tletse liketsahalo tse hlollang. Ho tloha ho sehlotšoana sa thuto ea Bibele se neng se le Pennsylvania morao koana ka 1870, Lipaki li se li eketsehile ho ba liphutheho tse ka bang 90 000 lefatšeng ka bophara ka selemo sa 2000. Qalong, lingoliloeng tsohle li ne li hatisoa ke lifeme tsa khoebo; joale, ka 1920, Lipaki li ile tsa hatisetsa lingoliloeng tse ling mehahong ea fektheri e hiriloeng. Empa ho tloha ka 1927 ho ea pele, lingoliloeng tse ling tse eketsehileng li ile tsa qala ho hatisetsoa mohahong oa fektheri o mekato e robeli o Brooklyn, New York, oo e neng e le oa Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Hona joale o se o atolositsoe ho ba mehaho e meng ea fektheri le sebaka sa liofisi. Ho na le mehaho e meng e haufi Brooklyn e fanang ka bolulo ho basebeletsi ba baithaopi ba sebetsang sebakeng sa khatiso. Ho phaella moo, ho sebelisoa polasi e kopaneng le sebaka sa khatiso haufi le Wallkill, ka leboea ho New York. E sebetsana le ho hatisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hape e hlahisetsa basebeletsi ba sebetsang libakeng tse sa tšoaneng lijo. Mosebetsi e mong le e mong oa moithaopi o fumana chelete e nyenyane khoeli e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho koahela litšenyehelo tse nyenyane.
LIKOPANO TSA MACHABA
Ka 1893 kopano ea pele e khōlō e ile ea tšoareloa Chicago, Illinois, U.S.A. Batho ba 360 ba ne ba le teng ho eona, ’me ho ile ha kolobetsoa ba bacha ba 70. Kopano ea ho qetela e khōlō ea machaba e ileng ea tšoaroa e le ’ngoe e ile ea tšoareloa New York City ka 1958. Ho ile ha sebelisoa Yankee Stadium le hoo e neng e le Polo Grounds ka nako eo. Tlhōrō ea ba ileng ba e-ba teng e bile 253 922; ba bacha ba ileng ba kolobetsoa ba ne ba le 7 136. Haesale ho tloha ka nako eo, likopano tsa machaba li ’nile tsa tšoaroa e le letoto linaheng tse ngata. Ka kakaretso, letoto le joalo le ka ’na la akarelletsa likopano tse sekete tse tšoaroang linaheng tsa lefatše ka bophara.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Tšebeletso e hlokomelehang bakeng sa bolokolohi ba sechaba
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
“Molula-Qhooa,” ho tloha ho likopi tse 6 000 ka puo e le ’ngoe ho ea ho tse fetang 22 000 000 ka lipuo tse fetang 132
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Phetoho e khōlō historing ea batho
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 10]