“Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle”
1 Lilemong tsa morao tjena kaofela ha rōna re ile ra thabela ho utloa litlaleho tse hlollang ka litlhohonolofatso tse babatsehang tseo batho ba Jehova ba li latsoitseng ho pota lefatše. Ho lumelloa ha mosebetsi Malawi ka molao ka mor’a lilemo tse 26 tsa khatello e sehlōhō ho ile ha re bakela meokho ea thabo. Ho ile ha ba ha re kokololo ha re bona ho oa ha Bokomonisi bo se nang tšabo ea Molimo Europe Bochabela ho ileng ha fella ka ho lokolloa ha baena ba rōna ba likete jokong ea bona e hatellang. Re ile ra shebella ka kameho e tebileng ha tokoloho ea rōna ea borapeli e phephetsoa Greece; re ile ra tlala thabo ka sebele ho fumana tlhōlo lekhotleng le kaholimo-limo Europe. Re ’nile ra thabela ho utloa litlaleho tse mabapi le ho eketsoa ho hoholo ha makala a Mokhatlo ho nolofalelitseng ho hlahisoa ha lingoliloeng tse ngata haholo bakeng sa ba batlang ’nete. Re ile ra hlolloa haholo ha re utloa hore ba fetang 7 400 ba ile ba kolobetsoa kopanong ea Kiev, Ukraine. E, mehato ena e tsoelang pele e tsosang maikutlo mosebetsing oa ’Muso e ile ea re hlasimolla moea!
2 Le hoja re e-na le lebaka le leholo la ho thaba, re lokela ho itebela khahlanong le ho thaba ho tlōla. Letoto la litlaleho tse ntle le ka etsa hore re fihlele qeto ea hore khanyetso litabeng tse molemo e-ea fela le hore batho ba Jehova baa amoheloa ho pota lefatše. Monahano o joalo e ka ba o thetsang. Le hoja re bile le litlhōlo tse khotsofatsang ’me re finyeletse katleho e itseng mabapi le ho fokotsoa ha litšitiso litabeng tse molemo linaheng tse ling, re tlameha hore re se lebale hore kamano ea rōna ea motheo le lefatše e lula e sa fetoha. Kaha re balateli ba Jesu, ‘ha re karolo ea lefatše.’ ’Me ka sebele re tla ‘hlouoa ke lichaba tsohle.’ (Joh. 15:19, NW; Matt. 24:9) Ha feela tsamaiso ena ea lintho e ntse e le teng, ha ho letho le tla fetola molao oa motheo oa hore “bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.”—2 Tim. 3:12, NW.
3 Histori e pakela bonnete ba temoso ena. Le hoja Jesu, Mothehi oa Bokreste, a ile a fana ka bopaki bo babatsehang ka pel’a babusi ba matla le bafo ba bona, o ile a nyefoloa letsatsi le letsatsi ’me nako le nako o ne a le kotsing ea ho bolaoa. Le hoja baapostola ba hae ba ile ba thusa ba bangata ho ba barutuoa, ba ile ba kopanela ho ngoleng Mangolo a Segerike a Bokreste, le ho bonahatsa limpho tse babatsehang tsa moea, ka ho tšoanang ba ile ba hlouoa le ho tšoaroa hampe. Ho sa tsotellehe boitšoaro ba Bakreste bo botle le lerato la moahelani, matšoele a ne a ba talima e le “sehlotšoana sa bokhelohi” se eisehang seo ‘ho neng ho buuoa khahlanong le sona hohle.’ (Lik. 28:22, NW) Le hoja kajeno phutheho ea Bokreste ea lefatše ka bophara e ’nile ea sebelisoa ke Jehova ka tsela e babatsehang ho finyella thato ea hae, e ’nile ea tsoela pele e hanyetsoa le ho senngoa lebitso ke mokhatlo o mong le o mong oa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Ha ho na lebaka la ho lebella hore khanyetso eo e tla khaotsa.
4 Lekholong la pele la lilemo, Satane o ile a hlorisa barutuoa ba Jesu ka litsela tse sa tšoaneng. Bahanyetsi ba nang le lehloeo ba ile ba ba senya lebitso ka ho bolela mashano a totobetseng khahlanong le bona. (Lik. 14:2) Ho ne ho e-na le litšokelo tse tšabehang ka boiteko ba ho ba tšosa. (Lik. 4:17, 18) Matšoele a halefileng a ile a leka ho ba khutsisa. (Lik. 19:29-34) Ba ile ba kenngoa teronkong ka ntle ho mabaka. (Lik. 12:4, 5) Hangata bahlorisi ba ne ba sebelisa pefo. (Lik. 14:19) Mabakeng a mang batho ba se nang molato ba ne ba bolaoa ka boomo. (Lik. 7:54-60) Moapostola Pauluse ka boeena o ile a mamella hoo e ka bang mekhoa ena kaofela ea tšoaro e mpe. (2 Ba-Kor. 11:23-27) Bahanyetsi ba ne ba potlakela ho sebelisa monyetla leha e le ofe hore ba sitise mosebetsi oa ho bolela ’me ba ne ba potlakela ho bakela basebetsi bana ba tšepahalang mahlomola.
5 Kajeno Satane o sebelisa maqheka a tšoanang. Ho ’nile ha boleloa mashano a totobetseng, ao ka bohata a re hlahisang re le sehlotšoana sa bokhelohi se khelositsoeng kapa sehlotšoana sa borapeli ba mehlolo. Linaheng tse ling, ba boholong ba bolela hore lingoliloeng tsa rōna li baka likarohano ’me baa li thibela. Tlhompho ea rōna bakeng sa khalalelo ea mali e ’nile ea nyefoloa phatlalatsa le ho phephetsoa. Ka bo-1940, mahoo-hoo a halefileng a khopisitsoeng ke tseko ea ho lumelisa folaga a ile a hlasela baena ba rōna, a ba ntša likotsi, le ho senya thepa ea bona. Ba likete ba ile ba romeloa teronkong ka lebaka la tseko ea ho se nke lehlakore. Linaheng tsa bohatelli baena ba rōna ba ile ba qosoa ka bohata ka hore ba rera ho phethola ’muso, ’me ha fella ka hore ba makholo ba hlokofatsoe ka sehlōhō le ho bolaeloa literonkong le likampong tsa mahloriso. Khatello e bile e sa khaotseng, ho bontšang ka ho hlakileng hore re ba hloiloeng ka ntle ho lebaka.—Bona Baboleli, khaolo 29.
6 Bokamoso bo Fupere Eng? Le hoja batho ba Jehova ba ka ’na ba finyella katleho nako le nako ho tlosa khatello likarolong tse ling tsa lefatše, ka kakaretso boemo bo batla bo sa fetoha. Diabolose o tsoela pele a halefile ka lebaka la ho liheloa ha hae ka 1914. Oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane. Ka sebele khalefo ea hae e tla eketseha ha mahlomola a maholo a ntse a atamela. O ikemiselitse ka ho feletseng ntoeng ea hae khahlanong le Morena ea behiloeng teroneng, Kreste Jesu, ’me o ikemiselitse ho loana ho fihlela qetellong. Eena le bademona ba hae ba ka ntšetsa bohale ba bona holim’a batho ba Jehova feela mona lefatšeng, bao ka botšepehi “ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”—Tšen. 12:12, 17.
7 Kahoo ha re shebile nakong e tlang, ho hlokahala re be le pono ea sebele ho seo re se lebeletseng. Ha ho na lebaka la hore re nahane hore Diabolose o tla tlohela kapa a tele. Lehloeo la hae ho rōna leo a le kentseng lefatšeng lena le ka qhoma neng kapa neng le hona e le sebakeng leha e le sefe. Linaheng tse ngata bolokolohi ba rōna ba ho bolela bo ile ba fumanoa feela ka mor’a ntoa ea nako e telele. Bolokolohi boo e ka ’na ea e-ba bo sa tieang, bo mpang bo tšehelitsoe feela ke ’musi ea nang le kutloelo-bohloko kapa molao o itseng o sa ratoeng ke sechaba. Meluba-lube e tšabehang e ka hlaha ka tšohanyetso, ea tlisa pherekano le ho se hlomphuoe hoa litokelo tsa batho.
8 Katleho le bolokolohi tseo re li thabelang hona joale linaheng tse ling li ka fela ka potlako, ’me baena ba rōna ba ka iphumana ba le tlas’a litlhekefetso tse tšoanang le tseo ba bileng ho tsona nakong e fetileng. Ha rea lokela ho itumella ho robatsoa moeeng oa ho iphapanya, re nahana hore lira tsa rōna li hlōtsoe. Ho ka etsahala hore lehloeo la lefatše lena le se bonahale ka ho totobetseng ka mehla, empa le lula le le matla. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e Lentsoeng la Molimo e bontša hore khanyetso ea lefatše e tla eketseha ho e-na le ho kokobela ha bofelo bo atamela. Kahoo re lokela ho lula re falimehile, re bonahale re le ba “bohlale joalo ka linoha, ’me [re] be ba se nang mano joalo ka maebana-khoroana.” (Matt. 10:16) Re lokela ho hlokomela hore ka sebele re tlameha ho ‘loana ka thata’ ho fihlela qetellong, ’me mamello ke eona senotlolo sa ho pholoha ha rōna.—Juda 3, NW; Matt. 24:13.
9 Karolong eo re phelang ho eona ea lefatše, e ka ’na eaba mosebetsi o tsoela pele ntle le tšitiso e bonahalang e etsoang ke bahanyetsi. Sena se ka re etsa ba sa kholisehang hore ho ka ba le lebaka leha e le lefe la ho ameha ka ho teba. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re be ba falimehileng. Maemo a ka fetoha ka potlako. Ntle ho temoso ea letho, bahanyetsi ba sebelisa taba e itseng hampe ’me ba e sebelisa khahlanong le rōna. Bakoenehi ha ba khaotse ho batla sesosa seo ba ka belaelang ka sona. Baruti ba tletseng bohale ba ikutloang ba tšosoa ke mosebetsi oa rōna ba ka ’na ba re nyatsa phatlalatsa. Merero ea rōna ea ho haha Holo ea ’Muso tikolohong ea rōna e ka ’na ea tsosa khang e ka khopisang batho tikolohong eohle. Lipolelo tse hlabang li ka ’na tsa hlaha lipampiring, li re beha ka mosing. Batho ba boholong sebakeng ka seng ba ka ’na ba re senya lebitso ka morero, ba etsa hore baahelani ba rōna ba be hlaha ha re ba etela. Esita le baratuoa ba rōna ka lapeng ba ka ’na ba re fetohela ’me ba re hlorisa. Kahoo ho hlokahala hore re itebele, re hlokomela hore bora ba lefatše e hlile boa phela, ’me bo ka hlaha nako efe le efe.
10 See se Lokela ho Re Ama Joang? Ka nepo sena sohle se ama monahano oa rōna le pono ea rōna ka nako e tlang. Ka tsela efe? Na see se lokela ho re etsa hore re be le tšabo, re tšohe seo re ka ’nang ra tlameha ho se mamella? Na re lokela ho khoehlisa mosebetsing oa rōna oa ho bolela hobane ba bang sebakeng sa rōna e ka ’na eaba ba tšoenyehile ke oona? Na ho na le lebaka le utloahalang la ho ikutloa re khopehile ha re senngoa lebitso ka ho hloka toka? Na ke ntho e ke keng ea qojoa hore tšoaro e mpe e tla re amoha thabo ea rōna ho sebeletseng Jehova? Na ho na le ho se kholisehe ho itseng ka liphello? Che, le hanyenyane! Hobane’ng?
11 Le ka mohla re se lebale hore molaetsa oo re o bolelang ha o tsoe ho rōna, empa o tsoa ho Jehova. (Jer. 1:9) Re tlamehile ho ela hloko khothatso ena e matla: “Rapelang lebitso la hae, le tsebise lichaba liketso tsa hae . . . lefatšeng lohle.” (Esa. 12:4, 5) O lumeletse hore batho ba hae ba tšoaroe hampe ka morero o khethehileng, e leng, ‘hore lebitso la hae le tume lefatšeng lohle.’ (Ex. 9:16) Re etsa mosebetsi o laetsoeng ke Jehova, ’me ke eena ea re fang matla a ho khothalla ho bua ka sebete. (Lik. 4:29-31) Ona ke mosebetsi oa bohlokoahali, o molemohali, le o potlakileng haholo o ka etsoang mehleng ena ea qetello ea tsamaiso ena ea khale.
12 Tsebo ena e re fa sebete sa ho ema re tiile ka ho toba khahlanong le Satane le lefatše lena. (1 Pet. 5:8, 9) Ho tseba hore Jehova o na le rōna ho re etsa hore re be “sebete le matla,” ho tlosa sesosa leha e le sefe sa ho tšaba bahlorisi ba rōna. (Deut. 31:6; Ba-Heb. 13:6) Le hoja ka mehla re tla leka ho ba masene, ho ba le kahlolo e molemo, le ho ba bohlale ha re sokeloa ke bahanyetsi, re tla hlakisa hore re ikemiselitse ho “utloa Molimo e le ’musi ho fapana le batho” ha borapeli ba rōna bo phephetsoa. (Lik. 5:29, NW) Ha ho e-na le monyetla o lekaneng oa ho bua bakeng sa ho itšireletsa, re tla etsa joalo. (1 Pet. 3:15) Leha ho le joalo, re ke ke ra senya nako ea rōna re ngangisana le bahanyetsi ba lihlooho li thata ba thahasellang feela ho re senya lebitso. Ho e-na le ho tlala bohale kapa ho leka ho iphetetsa ha ba re senya lebitso kapa ba re qosa ka bohata, re ‘ba tlohella’ feela.—Matt. 15:14.
13 Ho mamella ha rōna ha re feta tlas’a liteko ho thabisa Jehova. (1 Pet. 2:19) Ho fumana kamohelo eo ho tla hloka ho hokae ho rōna? Na re tlameha ho sebetsa re sa thaba hobane feela re hloiloe le ho hanyetsoa? Le hanyenyane! Jehova o tšepisa ho putsa kutlo ea rōna ka ho re neha ‘thabo le khotso’ ha re e-na le kutlo. (Ba-Roma 15:13) Ho sa tsotellehe ho utloa bohloko haholo, Jesu o ile a lula a thabile ka lebaka la “thabo eo a e beetsoeng.” (Ba-Heb. 12:2) Hoa tšoana le ka rōna. Kaha moputso oa ho mamella ha rōna o moholo haholo, re susumelletseha ho ‘thaba, le ho hlasimoloha ka ho nyakalla’ le hoja re utloa bohloko ka liteko tse tšabehang. (Matt. 5:11, 12) Esita le linakong tsa litlokotsi, thabo ena, ka boeona, e fana ka tšusumetso ea ho isa thoriso le tlhompho ho Jehova mabapi le ho tšehetsa molaetsa oa ’Muso.
14 Na re na le lebaka leha e le lefe la ho se kholisehe ka se tla etsahala qetellong, e leng lebaka le ka etsang hore re tšohe kapa re sitoe ho etsa qeto? Che, phello ea khohlano e pakeng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le lefatše la Satane e ile ea etsoa qeto khale haholo. (1 Joh. 2:15-17) Ho sa tsotellehe matla le boholo ba khanyetso eo, Jehova o tla re fa tlhōlo. (Esa. 54:17; Ba-Roma 8:31, 37) Le hoja re behiloe tekong ka botlalo, ha ho letho le ka re thibelang ho fumana moputso. Ha re na lebaka la ho “belaella letho,” hobane Jehova o re file khotso karabelong ea lithapeli tsa rōna.—Ba-Fil. 4:6, 7.
15 Kahoo re leboha Jehova nako e ’ngoe le e ’ngoe ha re utloa litlaleho tsa hore baena ba rōna ba pholositsoe mahlorisong kapa ba filoe bolokolohi ba ho bolela libakeng tseo ba neng ba thibetsoe linakong tse fetileng. Rea thaba ha maemo a fetohang a bula menyetla e mecha bakeng sa batho ba tšepahalang ba likete hore ba kopane le molaetsa oa ’Muso. Ruri rea leboha ha Jehova a khetha ho re fa tlhōlo ha re tobane le bahanyetsi ba nang le lehloeo. Rea tseba hore o tla hlohonolofatsa le ho atlehisa mosebetsi oa rōna ka tsela leha e le efe e hlokahalang e le hore re ka phahamisa ntlo ea hae ea borapeli ba ’nete le ho fa tse “lakatsehang” tse tsoang lichabeng tsohle monyetla oa ho kena.—Hag. 2:7; Esa. 2:2-4.
16 Ka nako e tšoanang, re lemoha ka ho feletseng hore sera sa rōna, Satane, se matla haholo, le hore se tla re hanyetsa ka matla ho fihlela qetellong. Ho ka ’na ha etsahala hore litlhaselo tsa hae e be tse pepeneneng le tse hlokomelehang, kapa e ka ba tse poteletseng le tse thetsang. Mahloriso a ka ’na a hlaha ka tšohanyetso libakeng tseo re tsebileng e le khotso feela nakong e fetileng. Bahanyetsi ba khopo e ka ’na ea e-ba ba mabifi le ba sa teleng ka boiteko ba ho re hatella ka ho hloka toka. Ka nako ea teng ho tla hlaka ho bohle ba joalo hore ‘ha e le hantle ke ba loantšang Molimo,’ ’me o tla ba felisa. (Lik. 5:38, 39; 2 Ba-Thess. 1:6-9) Ho sa le joalo, ho sa tsotellehe hore na re tlameha ho mamella eng, re ikemiselitse ho lula re tiile re sebeletsa Jehova ka botšepehi le ho bolela molaetsa oa ’Muso. Re batho ba thabileng ka ho fetisisa holim’a lefatše, re tseba hore ‘ka ho amoheloa re tla fumana moqhaka oa bophelo.’—Jak. 1:12, NW.