Lebokose la Lipotso
◼ Ke mokhoa ofe o lokelang ho lateloa ha ho tsebisoa phutheho liqeto?
Ho hlokahala qeto ha ho lokeloa ho etsa qeto e itseng ka lintho tsa bohlokoa tse kang ho reka setša, ho nchafatsa kapa ho haha Holo ea ’Muso, ho romela menehelo e khethehileng ho Mokhatlo, kapa ho hlokomela litšenyehelo tsa molebeli oa potoloho. Hangata ho molemo ho bolella phutheho qeto bakeng sa tumello nako le nako ha ho sebelisoa chelete ea phutheho.
Mohlomong joaloka mokhelo, phutheho e ka etsa qeto hanngoe hore e tla etsa monehelo oa chelete o itseng khoeli le khoeli ho Mokhatlo ho phaella monehelong o etsoang ke motho ka mong mabapi le mosebetsi oa boboleli oa lefatše lohle. Hape, litšenyehelo tse tloaelehileng tsa Holo ea ’Muso, tse kang ho reka thepa le lintho tsa ho hloekisa, ha li hloke qeto.
Ha tlhoko e totobala, sehlopha sa baholo se lokela ho buisana ka taba eo ka botlalo. Haeba bongata bo lumela hore ntho e itseng e lokela ho etsoa, e mong oa baholo, mohlomong setho sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho, se lokela ho lokisetsa qeto e ngotsoeng ho nehelana ka eona Sebokeng sa Tšebeletso.
Moholo ea sebeletsang joaloka molula-setulo o lokela ho khutsufatsa taba empa a hlalose ka botlalo tlhoko e leng teng le seo sehlopha sa baholo se entseng tlhahiso ea ho se hlokomela. Joale phutheho e fuoa monyetla oa ho botsa lipotso tse loketseng. Haeba taba eo e le thata, ho ka ba molemo ho se potlakele ho e voutela ho fihlela Sebokeng se latelang sa Tšebeletso ho neha e mong le e mong monyetla oa ho nahana ka eona. Ho vouta ha sebele ho etsoa ka hore ho phahamisoe matsoho.
Qeto ea ho vouta ke ea litho tse inehetseng le tse kolobelitsoeng feela tsa phutheho, ntle le haeba litlhoko tsa molao li bontša se fapaneng, joaloka litabeng tse amang likalimo tsa chelete bakeng sa Holo ea ’Muso. E ke ke ea e-ba ho loketseng hore baeti ba tsoang liphuthehong tse ling ba nke karolo.
Ka mor’a hore qeto e amoheloe, e lokela ho ngoloa letsatsi, ho saenoa, le ho kenngoa faeleng ea phutheho.