Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/94 leq. 7
  • Itlhokomele Khahlanong le Mosa o Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itlhokomele Khahlanong le Mosa o Fosahetseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa ho Fetang ho re: “Le Futhumale, le Khore”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • “Le ’Ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Hlophisitsoe Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Tšehetsa Mosebetsi oa ’Muso Lefatšeng Lohle
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 2/94 leq. 7

Itlhokomele Khahlanong le Mosa o Fosahetseng

1 Batho ba Jehova ba tsebahala ka mosa oa bona le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng. Hangata sena se bonahala ka tsela e hlakileng ha re etsisa Mosamaria ea molemo eo Jesu a buileng ka eena setšoantšong sa hae se amang maikutlo. (Luka 10:29-37) Leha ho le joalo, ba bang ba sa lokeloang ke thuso ea lintho tse bonahalang ba ka ’na ba leka ho sebelisa mosa oa rōna hampe. Ka hona, lerato la rōna le lokela ho leka-lekanngoa le “tsebo e nepahetseng le kutloisiso eohle.”—Ba-Fil. 1:9, NW.

2 Ka Phuthehong: Ka mohlala, motho e mong a ka bolela hore ha a sebetse kapa a fane ka lebaka le utloahalang la ho kōpa thuso. Ka linako tse ling batho bana ha ba ikitlaetse ka matla ho batla mosebetsi empa ba rata hore ba bang ba ba hlokomele ka lintho tsa bohlokoa tsa bophelo. Moapostola Pauluse o ile a re ka batho ba joalo: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.”—2 Ba-Thess. 3:10.

3 “Nako le ketsahalo e sa lebelloang” li re oela bohle, kahoo haeba re hloka lintho tse bonahalang, re haelloa ke “bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng,” ha rea lokela ho ameha ka ho feteletseng kaha Jehova a fana ka lintho tsena ho ba mo ratang le ba etsang thato ea hae. (Moek. 9:11, NW; Matt. 6:11, 31, 32) Motho ea hlokang a ka ho fumana ho le molemo ho buisana le e mong oa baholo. Mohlomong baholo ba hlokometse mananeo a ’muso a reretsoeng ho fana ka thuso ’me mohlomong ba ka ba boemong ba ho thusa ho tlatsa lipampiri kapa ho utloisisa se hlokahalang mananeong a joalo. Leha ho le joalo, baholo ba ka lekanyetsa maemo a motho ka mong ea kōpang thuso le ho lekanyetsa se ka etsoang.—Bapisa le 1 Timothea 5:3-16.

4 Bathetsi ba Tsamaeang: Mokhatlo o tsoela pele ho amohela litlaleho tsa hore ba bang ka phuthehong ba nketsoe ka bolotsana chelete le lintho tse bonahalang ke bathetsi ba tsamaeang. Sena ha sea lokela ho re makatsa kaha Mangolo a hlokomelisa hore “batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.” (2 Tim. 3:13) Hangata bathetsi bana ba bolela hore ba tsielehile ’me ba hloka chelete ea sepalangoang le ea lijo hore ba khutlele hae. Le hoja ba ka utloahala ba tšepahala, maemong a mangata ho hang hase Lipaki tsa Jehova ba mpa ba ikhakanya feela.

5 Haeba motho osele a kōpa thuso, ho tla ba bohlale ho ikopanya le e mong oa baholo ba phutheho, ea ka tsebang ho etella pele ho lekanyetsa haeba motho enoa e le moena oa rōna. Hangata ho ka letsetsoa e mong oa baholo phuthehong eo motho eo a tsoang ho eona ho tiisa boemo ba hae. Baena le bo-khaitseli bao ka tšohanyetso ba iphumanang ba hloka ba tla utloisisa hore ho botsa ho joalo ho etsoa molemong oa ho sireletsa bohle ba amehang. Ka lehlakoreng le leng, bathetsi ba tla pepesoa ke mofuta o tjena oa patlisiso. Ha ho hlokahale ho belaela ka ho sa hlokahaleng ka bohle bao re sa ba tsebeng, empa re lokela ho hlokomela bathetsi ba khopo.—Bona hape kmSU 11/80, leqephe 7.

6 Morena Salomone ea bohlale o ile a eletsa: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao.” (Liprov. 3:27) Ka masene a rōna, re ka tsoela pele ho bontša mohau empa re ntse re itlhokometse khahlanong le mosa o fosahetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela