Nehelana ka Buka Bacha Baa Botsa
1 Mehla ea joale e ipakile e le nako e thata haholo ho bacha ka kakaretso. Ho na le batsoali le bacha ba bangata ba amehileng ka mathata a tsietsang bacha. Bakeng sa ho ba thusa, re tla nehelana ka buka Bacha Baa Botsa tšimong ka March. Mohlomong u se u lokiselitse nehelano eo u lakatsang ho e sebelisa. Kapa mohlomong u ka rata ho sebelisa e ’ngoe ea likatamelo tse latelang:
2 Ka mor’a tumeliso e loketseng, mohlomong u ka re:
◼ “Ho hōlela linakong tsena tse tletseng likhathatso ha ho bonolo. Bacha ba talimana le maemo a mangata a macha a hlokang hore ba etse liqeto tsa bohlokoa. ‘Na ke lokela ho noa? Ho sebelisa lithethefatsi? Ke boitšoaro bofe bo loketseng mahareng a ba batona le ba batšehali?’ Ha bacha ba botsa ka lintho tsena tsa motheo, hangata ba fumana likarabo tse itoantšang. U nahana hore ba bangata ba retelehela kae bakeng sa keletso? [Emela litlhaloso.] Buka ena, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e fana ka boitsebiso ba bohlokoa. [Lebisa tlhokomelo litabeng tse ka hare tsa buka, u bontše litaba tse fapaneng tse akaretsoang.] Bacha ba hloka likarabo tse tobileng le tse tšepahalang. Likarabo tse leng bukeng ena li tšehetsoa ke seo Bibele e se bolelang. U ka thabela buka ena e bohlokoa le e nang le litšoantšo tse ntle ka monehelo oa R4,50 feela.”
3 Mohlomong nehelano e ’ngoe eo u ka tsebang ho e sebelisa ke ena:
◼ “Bacha ba tlas’a likhatello tse ngata kajeno. Ba hloka thuso ea ho mamella ka katleho. Ha re leka sohle se matleng a rōna ho ba thusa, na ha re batle ntho e itseng e ka fanang ka tataiso e sebetsang? [Emela tlhaloso.] Tse ling tsa likhatello tse matla ka ho fetisisa li tsoa ho bacha ba bang, lithaka tsa bona. Hlokomela litšoantšo tse maqepheng 76 le 77 bukeng ena. [Lebisa tlhokomelo mantsoeng a hlalosang litšoantšo tsena le mongolo o tšekaletseng lirapeng tse leng leqepheng 77.] Maqephe a latelang khaolong ena a nehelana ka likarabo tse tšepahalang le tse sebetsang. [Mo nehe buka.] Ke ea hao ka monehelo oa R4,50.” Haeba mpho ea buka e sa amoheloe, mohlomong u ka rata ho khetha lintlha tse loketseng pampitšaneng Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
4 Kholiseha hore u memela leha e le bafe ba bontšang thahasello Sehopotsong ka March 26. U ka boela oa ba memela puong e khethehileng “Bolumeli ba ’Nete bo Finyella se Hlokoang ke Moloko oa Batho” e tla fanoa lefatšeng lohle ka April 10.
5 Ka sebele tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” haholo-holo ho bacha. (2 Tim. 3:1, NW) Buka Bacha Baa Botsa ka sebele e ka thusa mocha ho sebetsana le liphephetso tsa kajeno ka katleho. Likhaolo tse 39 li na le litšoantšo tse ngata le lihlooho tseo e leng tsa sebele le tse sebetsang. Kahoo ha monyetla o mong le o mong o hlaha, e-ba seli ho sebelisa khatiso ena e babatsehang.