Ba Thuseng ho Nka Khato Tumellanong le Molaetsa oa ’Muso
1 Mosebetsi oa rōna oa boboleli o neha batho monyetla oa ho utloa ‘litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.’ (Matt. 24:14, NW) Empa haeba ba tla pholoha ‘mahlomola a maholo,’ ba lokela ho nka khato tumellanong le tsona le ho ba barutuoa ba Jesu Kreste. (Tšen. 7:14; Matt. 28:19, 20) Bophelo boa ameha! Kahoo kholiseha hore u khutlela ho bao pele ba bontšitseng thahasello ho e ’ngoe ea linehelano tseo u li sebelisitseng khoeling ena.
2 Haeba u siile buka ea “Bacha Baa Botsa,” mohlomong u ka re:
◼ “Hoa thabisa ho u bona hape. Nakong e fetileng ha re ne re buisana, re buile ka mathata ao bacha ba nang le ’ona. Ke u sietse buka e arabelang lipotso tse ngata tseo bacha ba nang le tsona. Haeba u bile la nako ea ho bala buka ena e babatsehang, mohlomong u hlokometse likeletso tse leng nakong le tse sebetsang tseo e li fupereng. Ke rata ho nka metsotso e se mekae ho totobatsa bokamoso bo babatsehang boo Molimo a bo tšepisitseng.” Joale phetla maqephe 306 le 307, u totobatse lintlha tse loketseng le mangolo haeba nako e lumela. Etsa tokisetso ea ho khutla ho ntšetsa puisano pele.
3 Haeba u siile pampitšana “Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?” ketelong ea pele, mohlomong u ka re:
◼ “Ke thabela ho u fumana u le teng lapeng kajeno. Ha ke ne ke u etetse haufinyane, re buile ka liketsahalo tse etsang pontšo e tla etsahala pele ho bofelo ba lefatše. [Hlahloba likarolo tse loketseng tsa pontšo ho Mattheu 24:3-14.] Na u hlokometse ketsahalo leha e le efe e etsahetseng haufinyane tjee lefatšeng kapa motseng eo u nahanang hore ke phethahatso ea karolo ea pontšo eo?” Lebisa tlhokomelo sehloohong se seng sa limakasine tsa morao-rao, u totobatse phethahatso ea bo bong ba boprofeta bona ba Bibele. Nehelana ka limakasine tse peli ka monehelo oa R1,60. Qetellong ea leeto, bolela sehlooho sa puo ea phatlalatsa sa beke eo ’me u mo meme hore a be teng le uena Holong ea ’Muso.
4 Haeba u ile ua memela mong’a ntlo Sehopotsong u ka re:
◼ “Nakong e fetileng ha ke ne ke u etetse, re buile ka bohlokoa ba lefu la Jesu ho moloko oa batho. Ke ile ka boela ka u memela ho ba teng Sehopotsong sa lefu la hae, seo Bakreste ba tla se keteka lefatšeng lohle ka March 26. Kajeno ke tlil’o u hopotsa hore ua mengoa ketsahalong eo ea bohlokoa. [Bolela nako le sebaka sa mokete.] Ho ka u thusa ho ananela bohlokoa ba mokete haeba re hlahloba tse ling tsa litlhohonolofatso tseo re li thabelang hona joale ka lebaka la seo Jesu a se etselitseng moloko oa batho, esita le litlhohonolofatso tse sa ntseng li tla tla.” Haeba ho khoneha, etsa litokisetso tsa ho thusa motho ea thahasellang ho ba teng Sehopotsong.
5 Haeba motho eo e ne e le momameli ea molemo, mohlomong sena se ka atleha:
◼ “Ke thabetse puisano ea rōna ea haufinyane ka Bibele. Ke khutlile hobane ke rata ho bona u thabela seo Molimo a se tšepisitseng ba batlang ho ithuta ho eketsehileng ka eena.” Bala Johanne 17:3, ebe u supa pampitšaneng Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso.
6 E se eka lerato la hao ka bophelo le kananelo bakeng sa thekollo li ka u susumeletsa ho khutlela ho ba thahasellang. Ba thuse ho nka khato tumellanong le molaetsa o thabisang oa ’Muso. Hopola, “nako e khethiloeng e haufi”!—Tšen. 1:3, NW.