Joale ke Nako
1 Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakorinthe lengolo la hae la bobeli, o ile a ba hopotsa hore ba ne ba entse qeto ea ho etsa mosebetsi o motle oa ho phallela balumeli-’moho le bona ba leng Jerusalema. Leha ho le joalo, ho ne ho se ho fetile selemo, ’me ba ne ba ntse ba e-s’o phethe mosebetsi o qaliloeng. Kahoo o ile a ba phehella: “Tsoelang pele le o phethe: ebang le taba-tabelo ea ho phetha morero ona joalokaha eka le tla o amohela.”—2 Ba-Kor. 8:11, The New English Bible.
2 Ka linako tse ling, kaofela ha rōna re ’nile ra ipehela lipakane. Mohlomong re entse qeto ea ho eketsa karolo eo re bang le eona tšebeletsong ea tšimo, ho batla ho tseba baena ba rōna hamolemo, ho tšoaneleha bakeng sa tokelo ea tšebeletso, kapa ho hlōla bofokoli bo itseng. Le hoja re qalile re e-na le sepheo se setle, mohlomong ha rea tsoella pele ho fihlela re finyella pakane ea rōna. Pele re hlokomela, mohlomong libeke, likhoeli, kapa esita le lilemo li fetile re sa hatela pele. Na ebe mohlomong ho hlokahala hore re sebelise keletso ea ho ‘tsoela pele le ho phetha’ seo re se qalileng?
3 Ho Finyella Lipakane tsa Rōna: Ho bonolo ho ikemisetsa ho etsa ntho e itseng empa ho thata haholoanyane ho phetha seo re ikemiselitseng sona. Tika-tiko e ka ferekanya khatelo-pele leha e le efe. Ho hlokahala hore re etse qeto ’me re ikemisetse ho hahamalla pele ntle ho tšenyo ea nako. Tlhophiso ea botho ke ea bohlokoa. Ho bohlokoa ho behella nako e hlokahalang ka thōko bakeng sa ho etsa mosebetsi le ho tiisa hore nako eo e sebelisetsoa morero oo. Ke ntho e ntle ho ba le nako eo mosebetsi o itseng o lokelang ho finyelloa ka eona ebe rea itaea ho tiisa hore ho ba joalo.
4 Ha re le tlas’a khatello ea hore re finyelle lipakane tsa rōna, ho bonolo ho beha mabaka: ‘Ke tla ho etsa hamorao.’ Empa ha re tsebe se tla etsahala nakong e tlang. Liproverbia 27:1 e re: “U se ke ua ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha u tsebe se tla hlahisoa ke letsatsi leo.” Morutuoa Jakobo o ile a lemosa khahlanong le ho kholiseha ka ho feteletseng ka bokamoso hobane “ha le tsebe se tla hlaha hosasane. . . . Efela ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe.”—Jak. 4:13-17.
5 Kaha ho na le litšitiso haesita le lintho tseo ba bang ba batlang hore re li etse, lipakane tsa rōna li ka fifatsoa habonolo. Ho hlokahala boiteko bo nahannoeng hantle ba ho li boloka li hlakile mohopolong. Ho rapella taba e joalo hoa thusa. Ho kōpa ba leng haufi le rōna ho re hopotsa le ho re khothatsa ho ka etsa phapang. Ho tšoaea almanakeng ea rōna ho ka re hopotsa hore re hlahlobe khatelo pele ea rōna. Motho o tlameha ho ikemisetsa hore a etse “kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ea hae.”—2 Ba-Kor. 9:7.
6 Khoeli ea October e fana ka monyetla o motle oa ho tsepamisa mohopolo lipakaneng tsa rōna. Re tla be re nehelana ka lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Na re ka ipehela lipakane tse utloahalang tseo re batlang ho li finyella? Ho thoe’ng ka ho leka ho eketsa kabo ea rōna ea limakasine? Ho etsa qeto ea ho etsa maeto a eketsehileng a ho boela le ho qalisa thuto e ncha ea Bibele e ka ba lipakane tse utloahalang bakeng sa ba bangata.
7 Ha ho bohlale ho behella ka thōko se leng bohlokoa, kaha “lefatše lena lea feta.” (1 Joh. 2:17) Re ka fumana litokelo tse khethehileng le litlhohonolofatso tšebeletsong ea Jehova hona joale. Ho ho rōna ho li sebelisa hamolemo.