Mohlala oo Re Lokelang ho o Latela Haufi-ufi
1 Ha ho pelaelo hore Jesu e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. O ile a behela barutuoa ba hae mohlala o phethahetseng. Le hoja re ke ke ra finyella tekanyo ea hae ea phetheho, re phehelloa hore re “hate moo a hatileng teng.” (1 Pet. 2:21) Re lokela ho lakatsa ho ba joaloka Jesu ka hohle kamoo re ka khonang, ka cheseho re abele ba bang ’nete.
2 Hase feela hore Jesu e ne e le ’moleli; e ne e le tichere e atlehileng ka ho fetisisa. “Matšoele a tsota thuto ea hae.” (Matt. 7:28) Ke hobane’ng ha a ne a atleha hakaale? A re ke re hlahlobisiseng “thuto ea hae.”
3 Kamoo Re ka Latelang Jesu: Jesu o ne a rutiloe ke Ntate oa hae. (Joh. 8:28) Sepheo sa hae e ne e le ho hlompha Jehova le ho tlotlisa lebitso la Hae. (Joh. 17:4, 26) Boboleling ba rōna leha re ruta, sepheo sa rōna e ntse e lokela ho ba ho hlompha Jehova le ho se lebise tlhokomelo ho rōna.
4 Sohle seo Jesu a neng a se ruta se ne se thehiloe Lentsoeng la Molimo. Ka ho sa khaotseng o ne a supa ho se neng se ngotsoe Mangolong a bululetsoeng. (Matt. 4:4, 7; 19:4; 22:31) Re batla ho lebisa bamameli ba rōna Bibeleng; ka hona re ba lumelle ho bona hore seo re se bolelang le seo re se rutang se thehiloe mohloling o phahameng ka ho fetisisa oa boitsebiso.
5 Jesu o ile a sebelisa lipolelo tse khutšoaane, tse sebetsang, tse sa rarahanang. Ka mohlala, ha a hlalosa kamoo re ka fumanang tšoarelo ho Molimo, o ile a re khothaletsa hore le rōna re tšoarele ba bang. (Matt. 6:14, 15) Re lokela ho leka ho hlalosa molaetsa oa ’Muso ka lipolelo tse bonolo, tse sebetsang.
6 Ka bohlale Jesu o ile a sebelisa lipapiso le lipotso ho susumetsa ba bang hore ba nahane. (Matt. 13:34, 35; 22:20-22) Lipapiso ka litaba tse tloaelehileng, tse tsejoang, li ka thusa batho hore ba utloisise lithuto tse rarahaneng tsa Bibele. Re lokela ho botsa lipotso tse khothaletsang bamameli ba rōna hore ba nahane ka seo ba se utloang. Lipotso tse tataisang li ka ba thusa hore ba etse liqeto tse nepahetseng.
7 Jesu o ile a ipha nako ea ho hlalosa litaba tse thata ho ba neng ba batla boitsebiso bo eketsehileng. Ba neng ba thahasella e le kannete, joaloka barutuoa ba hae, ba ile ba khona ho utloisisa seo Jesu a neng a se ruta. (Matt. 13:36) Ka ho tšoanang re lokela ho thusa ha ho botsoa lipotso ka botšepehi. Haeba re sa tsebe likarabo, re ka etsa patlisiso ka taba eo ’me ra khutla le boitsebiso hamorao.
8 Jesu o ne a sebelisa lintho tse sebetsang e le mohlala oa sebele oa thuto ha a ruta. Mohlala oa sena ke oa ha a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae, esita le hoja e ne e le Monghali oa bona. (Joh. 13:2-16) Haeba re bonahatsa moea o ikokobelitseng, ba rutoang ba tla susumeletseha ho sebelisa seo ba ithutang sona.
9 Jesu o ne a ipiletsa lipelong tsa batho le leratong la bona la ho loka. Le rōna re batla ho finyella lipelo. Re leka ho ipiletsa takatsong eo moloko oohle oa batho o tsoetsoeng le eona ea ho rapela motho ea phahameng haholoanyane le ea ho phela le ba bang ka khotso le thabo.
10 Ka December re ka abela ba bang lintho tseo re ithutileng tsona ka Jesu ka ho nehelana ka buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ho etsisa ha rōna litšoaneleho tsa Jesu tsa ho ruta ho ka susumetsa ba tšepahalang hore ba mamele ha re hlalosa seo a se rutileng.—Matt. 10:40.