Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/08 maq. 3-4
  • “Le Latele Mehato ea Hae Haufi-ufi”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Latele Mehato ea Hae Haufi-ufi”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Hobane ke Rometsoe Sena”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Tšebeletso e Beang e Isang Keketsehong ea Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 4/08 maq. 3-4

“Le Latele Mehato ea Hae Haufi-ufi”

1. Ke joang re ka bang basebeletsi ba atlehang?

1 Jesu o ne a sa ea likolong tsa bo-rabi, leha ho le joalo, e ile ea e-ba Mosebeletsi e moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng. Ka lehlohonolo re ngoletsoe tlaleho ea tšebeletso ea Jesu hore re rue molemo ho eona. E le hore re be basebeletsi ba atlehang, ho hlokahala hore re “latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 Pet. 2:21.

2. Ke eng e tla re thusa hore re rate batho joaloka Kreste?

2 Bontša Hore U Rata Batho: Jesu o ne a susumetsoa ke ho rata batho. (Mar. 6:30-34) Batho ba bangata tšimong ea rōna “ba bohlokong” ’me ke habohlokoa hore ba tsebe ’nete. (Bar. 8:22) Ho nahana ka maemo a bohloko ao ba leng ho ’ona le kameho ea Jehova e lerato ka bona ho tla re susumelletsa ho tsoela pele re bolela. (2 Pet. 3:9) Ho feta moo, ho tla ba bonolo hore batho ba amohele molaetsa oa rōna haeba ba lemoha hore re amehile ka bona e le kannete.

3. Jesu o ile a pakela ba bang maemong afe?

3 Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong ho Paka: Jesu o ile a sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang litaba tse molemo. (Mat. 4:23; 9:9; Joh. 4:7-10) Ka ho tšoanang, re lokela ho itokisetsa ho bua ka ’nete ha re ntse re phetha mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Ba bang ba tsamaea ba nkile Bibele le lingoliloeng e le hore ba ka paka ha ba le mosebetsing, sekolong, maetong le mabenkeleng, joalo-joalo.

4. Re ka etsa joang hore ntho e khōlō eo re buang ka eona e be ’Muso?

4 Bua ka ’Muso Haholo: Ntho e khōlō eo Jesu a neng a bua ka eona ke litaba tse molemo tsa ’Muso. (Luka 4:43) Le hoja ho ka etsahala hore re se ke ra bua ka ’Muso li sa tloha kapa ka ho toba, re ela hloko hore re thuse mong’a ntlo hore a bone bohlokoa ba oona. Esita leha re bua ka maemo a bohloko a lefatše a bontšang hore re phela matsatsing a ho qetela, ntho e khōlō eo re buang ka eona ke “litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.”—Bar. 10:15.

5. Re lokela ho sebelisa Bibele joang e le hore re atlehe tšebeletsong ea rōna?

5 Tšepa Lentsoe la Molimo: Kamehla Jesu o ne a sebelisa Mangolo ho tšehetsa seo a se rutang. Ha aa ka a ruta letho leo a iqallang lona. (Joh. 7:16, 18) O ne a iphepa ka Lentsoe la Molimo a bile a le qotsa ha a hlaseloa ke Satane. (Mat. 4:1-4) E le hore re rute ba bang ka katleho, re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi re be re e sebelise bophelong ba rōna. (Bar. 2:21) Ha re araba lipotso tšebeletsong, re lokela ho bolela Mangolo a tšehetsang seo re se buang ’me ha ho khoneha re a bale Bibeleng ka ho toba. Re batla hore mong’a ntlo a bone hore ha re bue maikutlo a rōna re mpa re khomaretse mehopolo ea Molimo.

6. Jesu o ile a etsa’ng hore a finyelle lipelo tsa bamameli ba hae?

6 Finyella Pelo ha U Ruta: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Joh. 7:46) Balaoli ba ile ba hlalosa Jesu ka mokhoa ona ha baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba sa mo tšoara. Jesu o ne a sa bolele linnete feela, empa o ne a ruta ka tsela e finyellang lipelo tsa bao a neng a ba ruta. (Luka 24:32) O ne a etsa lipapiso ka lintho tseo batho ba li etsang letsatsi le letsatsi e le hore a ba thuse ho utloisisa molaetsa oa hae. (Mat. 13:34) Jesu ha aa ka a imetsa bamameli ba hae ka boitsebiso bo bongata. (Joh. 16:12) O ne a isa tlotla ho Jehova eseng ho eena. Le rōna re ka ba mesuoe e hloahloa joaloka Jesu hafeela ‘kamehla re ela hloko ho ruta ha rōna.’—1 Tim. 4:16.

7. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a phehella tšebeletsong?

7 Phehella Leha Batho ba sa Thahaselle Kapa ba Hanyetsa: Le hoja Jesu a ne a etsa mesebetsi e matla, batho ba bangata ba ne ba sa mo mamele. (Luka 10:13) Esita le litho tsa lelapa labo li ne li nahana hore “o lahlehetsoe ke kelello.” (Mar. 3:21) Leha ho le joalo, Jesu o ile a phehella. O ile a lula a khothetse hobane o ne a kholisehile ka ho feletseng hore o ne a bolella batho ’nete e neng e tla ba lokolla. (Joh. 8:32) Ka thuso ea Jehova, le rōna re ikemiselitse ho se tele.—2 Bakor. 4:1.

8, 9. Ke joang re ka etsisang Jesu ka ho tela lintho tse ling bakeng sa litaba tse molemo?

8 Tela Lintho Tse Ling e le Hore U Kopanele ka Botlalo: Jesu o ile a tela lintho tse bonahalang bakeng sa tšebeletso. (Mat. 8:20) O ne a paka a sa khathale, ka linako tse ling ho fihlela mantsiboea. (Mar. 6:35, 36) Jesu o ne a tseba hore o saletsoe ke nako e fokolang hore a phethe mosebetsi oa hae. Kaha “nako e setseng e fokotsehile,” le rōna ho hlokahala hore joaloka Jesu re tele nako, matla le matlotlo a rōna.—1 Bakor. 7:29-31.

9 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e le basebeletsi ba atlehang hobane ba ne ba ithutile ho Jesu. (Lik. 4:13) Le rōna re ka phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo haeba re etsisa Mosebeletsi e moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng.—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela