Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/94 leq. 1
  • Bontša Kananelo Bakeng sa Ntlo ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Kananelo Bakeng sa Ntlo ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bontša Tlhompho Bakeng sa Lipokano Tsa Rōna Tse Halalelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Nako?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Ananela Lipokano Tsa Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 12/94 leq. 1

Bontša Kananelo Bakeng sa Ntlo ea Molimo

1 Mehleng ea Bibele Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba bokane hammoho kamehla ka tlung ea hae. (Lev. 23:2) Ho bokana hona ho ne ho ba thusa ho boloka likelello tsa bona lentsoeng la Molimo, ho fana ka nako ea ho thuisa, ea botsoalle, le ea ho buisana ka Molao oa Jehova. Likelello tsa bona li ne li tlala menahano ea Molimo, e leng ho ileng ha tlisa litlhohonolofatso tse enneng tsa moea. Ka sebele tsena e bile liketsahalo tse thabisang. Tokisetso ena e ile ea etsa hore ho be teng bonngoe le borapeli bo hloekileng. Ho bokana ka tlung ea Molimo kajeno ho ntse ho le bohlokoa ka ho tšoanang.

2 Re ka Bontša Joang Hore re Ananela Liboka? Liphutheho tse ling li tlaleha palo e tlaase ea ba bang teng libokeng. Ka linako tse ling boemo ba motho bo ka ’na ba mo sitisa ho ba teng sebokeng. Empa na u lumelletse mathata a batlang a fokola hore a kena-kenane le ho ba teng kamehla libokeng? Ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea ho lula lapeng haeba ba tšoeroe ke hlooho hanyenyane kapa ba ikutloa ba khathetse ka mor’a ho sebetsa haholo letsatsing leo. Ba bang ba ikutloa ba tlamehile ho hlokomela beng ka bona ba sa lumelang ba batlang ho ba etela. Ba bang ba fositsoe ke liboka e le hore ba ka shebella lenaneo leo ba le ratang ho TV kapa lipapali. Boleng ba kananelo e bontšoang maemong ana ka ho totobetseng ha bo lekane le takatso e tšepahalang e boletsoeng ke bara ba Kore: “Moea oa ka oa ilibana, o sisetsa mabala a ntlo ea Jehova.”—Pes. 84:2.

3 Le hoja libokeng ho fanoa ka lijo tse ngata tsa moea, ba bang ba leng teng ba na le bothata ba ho tsepamisa mohopolo boitsebisong bo fanoang. Ba ka ’na ba iphumana ba touta, ba nahana ka matšoenyeho a letsatsi leo, kapa esita le ho otsela. Ba bangata ba fumane hore ho ngola lintlha tse khutšoaane ho ba thusa ho falimeha le ho tsepamisa mohopolo ho se boleloang. Ho ngola lintlha ho boetse ho tebisetsa boitsebiso kelellong. Ho phaella moo, ho lokisetsa esale pele hoa thusa bakeng sa ho rua molemo o feletseng. Haeba re lokisetsa hantle, re tla khona hore re “ele ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng hloko.”—Ba-Heb. 2:1.

4 Ho hlokahala hore bana haesita le batsoali ba amohele taeo e fanoang libokeng. Seo bana ba ithutang sona se tla fokola haholo haeba batsoali ba ba fa lintho tsa ho bapala kapa libuka tsa ho toroea hore ba be le seo ba se etsang ’me ba khutse. Taeo e loketseng ea haella haeba bana ba lumelloa ho bapala, ho qoqa, ho lla, kapa ho etsa lintho tse ling tse sitisang ba lutseng haufi le bona. Hangata maeto a khafetsa le a sa hlokahaleng a ho ea matloaneng kapa ho noa metsi nakong ea liboka aa fokotseha haeba ngoana a tseba hore kamehla e mong oa batsoali ba hae o tla mo felehetsa.

5 Ho Fihla ka Nako ho Bohlokoa: Ka linako tse ling, maemo ao ho leng thata ho a qoba a ka re sitisa hore re fihle ka nako sebokeng, empa ho tloaela ho fihla ka mor’a hore ho binoe pina e qalang le thapelo ho bontša ho se hlomphe morero o halalelang oa liboka le boikarabelo ba rōna ba ho qoba ho sitisa ba bang. Hopola hore ho bina le ho rapela le baena ba rōna libokeng tsa phutheho ke karolo ea borapeli ba rōna. Ho tloaela ho fihla ka mor’a nako hangata ke phello ea ho se be le tlhophiso e ntle kapa ho hlōleha ho rera esale pele. Ho fihla ka nako ho bontša hore re hlompha le ho ananela liboka tsa rōna.

6 Ha letsatsi le ntse le atamela haholoanyane, le tlhokahalo ea hore re kopane hammoho e ntse e fetoha e khōloanyane. (Ba-Heb. 10:24, 25) Ha re bontšeng kananelo ea rōna ka ho ba teng kamehla, ho lokisetsa esale pele, ho ba teng ka nako, ho mamela ka tsebe e lethoethoe, le ho sebelisa seo re ithutang sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela