Liboka tsa Tšebeletso tsa December
TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe ka December. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho fana ka nako ea ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo” le ho ikhopotsa ka metsotso e 30 lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano bekeng e latelang. Tlhahlobo ea letsatsi le letsatsi ea lenaneo la kopano ea setereke e tla abeloa esale pele baena ba tšoanelehang ba babeli kapa ba bararo ba tla khona ho lebisa tlhokomelo lintlheng tse khōlō. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa phutheho ho hopola lintlha tse khōlō tseo e ka itšebelisetsang tsona ’me ea li sebelisa le tšebeletsong ea tšimo. Litlhaloso tse tsoang ho bamameli le liphihlelo tse fanoang li lokela ho ba khutšoaane ’me e be tse tobileng.
Beke e Qalang ka la 5 December
12 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bontša sehlooho se le seng kapa tse peli tse ka buelloang ha ho nehelanoa ka limakasine tsa morao-rao. E re mohoeletsi ea nang le tsebo a etse pontšo ka nehelano, a sebelisa se seng sa lihlooho. Hopotsa bohle ka phuthehong hore ho hlokahala ba kopanele tšebeletsong mathoasong a December le ho tiisa hore ba fana ka litlaleho tsa bona pele ba ea matsatsing a phomolo kapa kopanong. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hopotsa bohle ba leng lihlopheng tsa bona ka sena.
15 mets: “Mohlala oo Re Lokelang ho o Latela Haufi-ufi.” Lipotso le likarabo.
18 mets: “Mema ba Bang ho Latela Motho e Moholo ka ho Fetisisa.” Buisana le bamameli. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tse khutšoaane. Hatisa tlhokahalo ea ho boloka litlaleho tse nepahetseng tsa ntlo le ntlo; ba hopotse hakhutšoaane boitsebiso bo lokelang ho tlalehoa.
Pina 153 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 12 December
13 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Litlaleho tsa lichelete, ho kopanyeletsa le liteboho leha e le life bakeng sa monehelo. Fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka arabeloang kateng litumelisong tse etsoang nakong ea matsatsi a phomolo a lefatše.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, December 1990, leqepheng la 6.
14 mets: “Lebela Thuto ea Hao Kamehla.” Puo ka molebeli oa sekolo. Hlahloba litaelo tse tsamaeang le “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1995,” ’me u bontše likhopotso leha e le life tseo ka ho khethehileng li hlokoang ke phutheho.
18 mets: “Bontša Kananelo Bakeng sa Ntlo ea Molimo.” Lipotso le likarabo. Hlalosa ka ho eketsehileng tlhokahalo ea hore re fihle libokeng ka nako.—Bona Molula-Qhooa oa June 15, 1990, maqepheng a 26-9.
Pina 99 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa nako e tlang ea matsatsi a phomolo. Fana ka tlhahiso ea litsela tsa ho nehelana ka limakasine tsa morao-rao tšimong ea lōna.
20 mets: “Elang Hloko Lentsoe la Boprofeta.” Kenyeletso. Lipotso le likarabo lirapeng tsa 1-8, e fanoe ke moholo. Bolela kamoo mangolo a bontšitsoeng a ka sebetsang kateng.
15 mets: “Ba Phehelle Hore ba Fetohe Balateli ba Hae.” Buisana le bamameli. E-ba le lipontšo tse peli tse khutšoaane. Buella hore bohle ba sebelise nako ea tšebeletso ea tšimo beke e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho etsa maeto a ho boela.
Pina 22 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 December
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka “Na Linako tsa Lōna tsa Liboka li Tla Fetoha?” haeba sehlooho sena se sebetsa phuthehong ea lōna.
20 mets: “Elang Hloko Lentsoe la Boprofeta.” Kenyeletso. Lipotso le likarabo lirapeng tsa 9-13, e fanoe ke moholo. Hatisa bohlokoa ba ho lokisetsa, ho ba teng kamehla, le ho ba le karolo Thutong ea Buka ea Phutheho. Bontša kananelo bakeng sa taeo ea moea, eo e leng ea bohlokoa bakeng sa ho re tataisa mehleng ena ea bofelo.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa ho fanoe ka puo tlas’a sehlooho “Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?” ho Molula-Qhooa oa October 1, 1994, maqepheng a 26-30.
10 mets: Lokisetsa nehelano ea January. Sengoliloeng seo ho tla nehelanoa ka sona e tla ba Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? Lokisetsa nehelano e ka sebelisoang ha ho nehelanoa ka buka ena. Litlhahiso tse amang likenyeletso li ka fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqepheng a 9-15. E re mohoeletsi ea nang le tsebo a etse pontšo ka nehelano.
Pina 94 le thapelo e koalang.