Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/94 leq. 2
  • Na Linako tsa Lōna tsa Liboka li Tla Fetoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Linako tsa Lōna tsa Liboka li Tla Fetoha?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Teng Libokeng—Boikarabelo bo Tebileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Karolo 1—Bontša ho Nahanela ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kemiso e Ncha ea Liboka Tsa Phutheho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 12/94 leq. 2

Na Linako tsa Lōna tsa Liboka li Tla Fetoha?

Maemong ao ho ’ona liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo e le ’ngoe ea ’Muso li lumellaneng hore li tla fapanyetsana linako tsa liboka kapa li li fetole, sena se lokela ho etsoa ka la pele January. Ho ikemisetsa ho sebelisana le tokisetso e entsoeng ho bontša lerato le ho nahanela ka mahlakore ka bobeli. Hangata ho fetola nako ea liboka ho tla ba molemong oa lōna, ho etse hore ho ba teng libokeng ho be bonolo haholoanyane.

Ka lehlakoreng le le leng, phetoho e etsahalang selemong sena e ka ’na ea se lumellane hantle le kemiso ea hao ea mosebetsi. E ka hloka liphetoho tse ka ’nang tsa sitisa kemisong ea hao e tloaelehileng. Boikemisetso ba e mong le e mong ho sebelisana le phetoho e entsoeng bo bontša kananelo bakeng sa tokisetso eohle, e leng se sebeletsang molemong oa e mong le e mong ea amehang.

Ho hlakile hore nakong e tlang ha linako tsa liboka li fetoloa, ho ka ’na ha u thabisa haholoanyane. Khabareng, u khothaletsoa hore u etse liphetoho tse hlokahalang tsa botho e le hore u ka ba teng libokeng tsohle tsa beke le beke ho latela kemiso e entsoeng ke phutheho. Leka ka matla ho ba le pono ea mopesaleme Davida, ea itseng: “Ka thaba ha ba itse ho ’na: A re eeng ka tlung ea Jehova!”—Pes. 122:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela