Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/94 leq. 8
  • Ba Phehelle Hore ba Fetohe Balateli ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Phehelle Hore ba Fetohe Balateli ba Hae
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mema ba Bang ho Latela Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 12/94 leq. 8

Ba Phehelle Hore ba Fetohe Balateli ba Hae

1 Ho 1 Ba-Korinthe 3:6, Pauluse o ile a ngola: “’Na ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” Pauluse o ile a sebelisa mokhoa ona oa ho beha mabaka ho thusa baena ba hae ho hlokomela tlhokahalo ea hore ba sebetse bonngoeng tlas’a bohlooho ba Kreste. Ka tsela ena o boetse a ba thusa hore ba utloisise karolo ea bohlokoa eo ba e phethang mosebetsing oa ho hloma le ho nosetsa.

2 Mosebetsi ono o bolokang bophelo o lokela ho phethoa mehleng eona ena. Joaloka Bakreste ba inehetseng, re na le boikarabelo bo tebileng ba ho thusa ba bang hore ba fetohe balateli ba Jesu. (Lik. 13:48) U tla latela joang thahasello eo u khonneng ho e tsosa u sebelisa buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela?

3 Haeba u khutlela ho ea etela motho ea amohetseng buka, u ka re:

◼ “Lekhetlong le fetileng ha re ne re qoqa, re ile ra bua ka seo Jesu Kreste a neng a le sona ha e le motho. Ke ile ka thabela ho u siela buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ke eng se u khahlileng haholo ka thuto ea Jesu le botho ba hae?” Emela karabo. Phetla khaolong ea 113, ’me u bue ka mohlala oa Jesu o motle haholo oa boikokobetso. Bala Ba-Filippi 2:8 ho bontša kamoo moapostola Pauluse a neng a talima boikutlo ba Jesu ba boikokobetso kateng. Joale u ka hlalosa kamoo ho ka ithutoang ho eketsehileng ka ho ba le thuto ea kamehla ea Bibele.

4 U ka ’na ua rata kenyelletso ena:

◼ “Re buile ka lintho tseo Jesu a li entseng ha a le lefatšeng tse bontšang hore ruri oa re tsotella. U nahana hore qetellong o tla etsa eng ho imolla ba ’nileng ba utloa bohloko hakaale?” Emela karabo. Phetla khaolong ea 133, ’me u tšohle litlhaloso tse leng serapeng sa bohlano. Phetla setšoantšong se leng leqepheng le latelang, ’me u hlalose hore na ho tla ba joang ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Bontša melemo e tla fumanoa ka ho ithuta ho eketsehileng.

5 Haeba ho sa ba le thahasello e kaalo hore u ka siea buka ketelong ea pele, mohlomong u ka qala puisano ka tsela ena:

◼ “Ke nahana hore ka bobeli rea lumela hore batho ba bangata kajeno ba etsa hore bophelo ba bona bo tšoane le ba motho e mong eo ba mo nkang e le ’mehi-mohlala oa bona oa sehlooho. Jesu Kreste ke ’mehi-mohlala ea molemo ka ho fetisisa eo leha e le mang a ka bang le eena. Nka thabela ho abelana le uena thuto ea bohlokoa eo ke ithutileng eona ka ho ithuta mohlala o behiloeng ke Jesu. [Phetla khaolong ea 40 bukeng ea Motho e Moholo, ’me u lebise tlhokomelo thutong ea Jesu ea mohau.] Ka matla sena se ile sa nkhopotsa kamoo ho hlokahalang haholo hore ke bontše tholoana ena ho ba bang.” Bala Mattheu 5:7. Haeba joale ho bonahala thahasello e khōloanyane, nehelana ka buka kapa bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella?

6 Kapa u ka ’na ua batla ho leka katamelo ena e tobileng:

◼ “Lekhetlong la ho qetela ha ke tlile mona, re ile ra buisana ka bohlokoa ba ho fumana tsebo ka Jesu. Johanne 17:3 e bolela hore ‘bophelo bo sa feleng’ bo bolela ho fumana tsebo e joalo. Re ka etsa seo joang?” Emela karabo. Tsoela pele ka ho hlalosa tokisetso ea rōna ea ho ithuta Bibele le kamoo e ka sebelisoang.

7 Pauluse o bolela hore ea sebetsang kotulong “o tla amohela moputso oo e leng oa hae, ka tekanyo ea mosebetsi oo e leng oa hae.” (1 Ba-Kor. 3:8) Haeba re ikitlaetsa ka thata ho thusa ba bang hore ba fetohe balateli ba Jesu, moputso oa rōna ruri o tla ba moholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela