Na U Bona ho E-na le Tlhokahalo?
1 Jehova o hlalosoa e le Mothusi le Setšabelo. Rea tseba hore re ka ea ho eena ha ho e-na le seo re se hlokang ’me o tla re thusa. (Pes. 18:2; 46:1) Re ka etsisa tšoaneleho ena ea ho ipeha boemong ba ba bang ka ho thusa ba bang ha re bona ho hlokahala.
2 Ke eng se susumelletsang motho ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho thusa e mong? Batho ba bangata ba nka hona e le ntho e bontšang lerato le botho. Ka sebele Lentsoe la Molimo lea ho khothalletsa. (Ba-Roma 15:1) Pauluse o ile a re khothalletsa hore re ‘se hlokomele tseo e leng tsa rōna feela, empa e mong le e mong a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.’—Ba-Fil. 2:4.
3 Ena ke ntho eo kaofela re ka thabelang ho e etsa. (Lik. 20:35) Pauluse o ile a qolla Timothea e le mohlala oa motho ‘ea hlokomelang litaba tsa baena ba hae ka sebele.’ (Ba-Fil. 2:20) Ke hantle ha kajeno re e-na le bacha ba bangata liphuthehong ba nang le boikutlo bo tšoanang. Empa ho sa tsotelehe hore na re banyenyane kapa re baholo, ho na le lintho tseo re ka li etsang haeba re bona ho hlokahala.
4 Na u kile ua nahana hore ba bang ba na le litlhoko tse ka fuoang tlhokomelo e molemo haholoanyane? Mohlomong moena kapa khaitseli o ne a le sepetlele, ’me ba seng bakae ba ile ba mo hlola; kapa e mong o ile a holofala, empa ho se motho ea ka mo etsetsang lintho kapa a mo thusa ka mesebetsi ea lelapa. Jesu o nka ba sebeletsang Jehova e le litho tsa lelapa tseo ka sebele li hlokomelanang. (Mar. 3:33-35) Papisong ea linku le lipōli, o ile a bontša hore ba fumaneng kamohelo ea ho ba ka letsohong le letona la Morena ba e fumane ka lebaka la ho thusa baena ba Morena.—Matt. 25:40.
5 Nka Thusa Joang? Ho ka etsoa eng ho fana ka thuso ha ho e-na le tlhokahalo e totobetseng? Na re ka nka bohato ba pele ba ho thusa ka tsela e itseng? Mohlomong ho na le ba hōlileng ba hlokang ho khothatsoa, empa ha ba na metsoalle e haufi e ka ba thusang. Ho ka ’na ha ba le bacha ba hlokang thuso. Mohlomong lelapa le sa tsoa thahasella le nang le bana ba bangata le ka ’na la tla Holong ea ’Muso ha mohoeletsi eo le ithutang le eena a le sieo. Ba ka ’na ba ananela ha e mong a ithaopela ho ba thusa ka bana.
6 Ha re hōla leratong la ’nete le la mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, re boetse re hōla kananelong le kamehong ka ba bang ka phuthehong. Pauluse o ile a re khothalletsa hore re atolohe tabeng ena. (2 Ba-Kor. 6:11-13) Jesu o ile a hatella hore ho bontšana ha rōna lerato ke tsela ea sehlooho eo re bontšang ka eona hore re balateli ba hae ba ’nete.—Joh. 13:35.
7 Kahoo ha re bona ho e-na le tlhokahalo, lerato la sebele bakeng sa baena ba rōna le bakeng sa phutheho le lokela ho re susumelletsa hore re nke bohato ba pele ’me re thuse ka tsela leha e le efe eo re ka khonang. (Ba-Gal. 6:9, 10) Kameho ena ka ba bang e re kopanya hammoho litlamong tse haufi-ufi tsa lerato le bonngoe. (1 Ba-Kor. 10:24) Ka tsela ena, re phetha karolo ea rōna ea ho thusa ho finyella tlhoko e itseng ka phuthehong.