Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/95 maq. 3-4
  • Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • “Leseli la Lōna a le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye” e le Hore le Tlotlise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Latela Leseli la Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 12/95 maq. 3-4

Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele

1 Leseli ke eng? Dikishinare e le hlalosa e le “ntho e etsang hore ho bonahale.” Empa ka sebele, ho sa tsotellehe theknoloji ea hae e tsoetseng pele, motho o ntse a sa tsebe ka botlalo karabo ea potso eo Jehova a e phahamisitseng joalokaha e tlalehiloe ho Jobo 38:24. Na re ka khona ho tsoella ntle ho leseli? Re ne re ke ke ra phela ntle ho leseli. Leseli ke la bohlokoa bakeng sa ho bona ka tsela ea sebele, ’me Bibele e re bolella hore “Molimo ke leseli” ka kutloisiso ea moea. (1 Joh. 1:5, NW) Re itšetlehile ka ho feletseng ka Ea re “nehang leseli.”—Pes. 118:27, NW.

2 Sena ke ’nete ka kutloisiso ea sebele empa ho bile ho joalo haholoanyane ka tsela ea moea. Bolumeli ba bohata bo khelositse batho ba bangata haholo, bo ba siile lefifing la moea, ’me ba “sika le lerako ka ho phopholetsa joalo ka lifofu.” (Esa. 59:9, 10) A susumetsoa ke lerato la hae le khaphatsehang le kutloelo-bohloko, Jehova o ‘romela leseli la hae le ’nete ea hae.’ (Pes. 43:3) Ka tsela ea sebele batho ba limilione ba nang le kananelo ba arabetse, ba tsoa ‘lefifing le ho kena leseling la hae le hlollang.’—1 Pet. 2:9.

3 Jesu Kreste o phetha karolo ea bohlokoahali ho tliseng leseli lena lefatšeng. O ile a re: “Ke tlile lefatšeng, ke le leseli, hore e mong le e mong ea lumelang ho ’na, a se ke a lula lefifing.” (Joh. 12:46) Nako eohle ea hae, matla le matlotlo li ne li tobisitsoe ho etseng hore leseli la ’nete le tsebahale. O ile a tsamaea ho pholletsa le naha ea habo, a bolela le ho ruta hoo e batlang e le motseng le motsaneng o mong le o mong. O ile a mamella tlhoriso e sa khaotseng ho tsoa mahlakoreng ’ohle, empa o ile a lula a tiile thōmong ea hae ea ho hasa leseli la ’nete.

4 Jesu o ile a lebisa tlhokomelo ho khetheng, ho koetliseng le ho hlophiseng barutuoa, a hopotse pakane e khethehileng. Ho Mattheu 5:14-16 re bala litaelo tsa hae ho bona: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” Feela joaloka Jesu, ba ne ba lokela ho ba “maseli lefatšeng,” ba jale leseli la ’nete hohle. (Ba-Fil. 2:15) Ka thabo ba ile ba amohela boikarabelo boo, ba bo talima e le morero oa bona o ka sehloohong bophelong. Nakoana hamorao, Pauluse o ile a khona ho bolela hore litaba tse molemo “li ne li boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Ba-Kol. 1:23, NW) Phutheho eohle ea Bokreste e ne e kopane ho phethahatseng mosebetsi oo o moholo.

5 Kajeno rōna re lokela ho leboha hore ebe re har’a ba “hlobotseng mesebetsi ea lefifi.” (Ba-Roma 13:12, 13, NW) Re ka bontša kananelo ea rōna ka ho etsisa mohlala o behiloeng ke Jesu le Bakreste ba tšepahalang nakong e fetileng. Hona joale tlhokahalo ea hore ba bang ba utloe ’nete ke e potlakileng le ea bohlokoa haholoanyane ho feta nakong leha e le efe historing ea motho. Ha ho tšebetso e ’ngoe e ka bapisoang le mosebetsi ona ka ho potlaka ha oona le melemo ea oona e meholo.

6 Re ka Khanya Joaloka Maseli Joang? Tsela e ka sehloohong eo re khantšang leseli la rōna ka eona ke ka ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le litokisetso tsa kamehla, tse hlophisitsoeng bakeng sa ho bolela tšimong eo e e abetsoeng. Lingoliloeng tse ngata-ngata li fumaneha ka mefuta e sa tšoaneng le ka lipuo tse ngata. Thuto e pharaletseng e fanoa ka liboka, ’me ba nang le phihlelo ba fana ka thuso ea ho koetlisa ba bang boinotšing. Menyetla ea ho kopanela e bulehetse banna, basali, batho ba hōlileng esita le bana. Motho e mong le e mong ka phuthehong o memeloa hore a kopanele boemong leha e le bofe boo matla le maemo a hae a mo lumellang. Mesebetsi eohle ea phutheho e reretsoe ho bolela, ka litokisetso tsa ho thusa setho se seng le se seng hore se kopanele ka tsela e itseng. Botsoalle ba kamehla le bo haufi-ufi le phutheho ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tiisa hore leseli la rōna le lula le ntse le khanya.

7 Re ka khanya ka litsela tse ka ’nang tsa se akarelletse bopaki ba molomo. Re ka hapa tlhokomelo ea ba bang ka boitšoaro ba rōna feela. Petrose o ne a hopotse sona seo ha a ne a khothaletsa hore: “Le be le motsamao o motle har’a bahetene, hore . . . ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi ea lōna e metle.” (1 Pet. 2:12) Ba bangata ba ahlola mosebetsi kapa mokhatlo o itseng ka boitšoaro ba ba kopanelang le oona. Ha bashebelli ba hlokomela batho ba hloekileng boitšoarong, ba tšepahalang, ba nang le khotso le ba utloang molao, ba talima batho ba joalo e le ba fapaneng ’me ba etsa qeto ea hore ba phela ka litekanyetso tse boemong bo phahameng haholoanyane ho feta tse lateloang ke batho ba bangata. Kahoo monna o khantša leseli la hae ha a hlompha ebile a nka mosali oa hae e le oa bohlokoa ka tsela e lerato; mosali o etsa se tšoanang ka ho hlompha bohlooho ba monna oa hae. Bana ba hlahella e le ba fapaneng ha ba hlompha batsoali ba bona ’me ba qoba boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le tšebeliso ea lithethefatsi. Mohiruoa ea hlokolosi ka mosebetsi oa hae, a tšepahala ’me a nahanela ba bang o nkoa e le oa bohlokoa haholo. Ka ho bonahatsa litšoaneleho tsena tsa Bokreste, re khantša leseli la rōna, re buella tsela ea rōna ea bophelo ho ba bang.

8 Boboleli ke ho bua le ba bang ka seo re ithutileng sona Lentsoeng la Molimo. Seo se etsoa ka ho fana ka lipuo sethaleng kapa menyakong ea matlo, empa ha hoa lekanyetsoa feela liketsahalong tse joalo. Mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi e etsa hore re kopane le batho ba bangata-ngata. Ka letsatsi u buisana le baahisani ba hao ka makhetlo a makae? Ke hangata hakae motho e mong a kokotang monyakong oa hao? Ke batho ba bakae ba sa tšoaneng bao u kopanang le bona ha u reka mabenkeleng, u palame bese, kapa u sebetsa mosebetsing oa hao oa boipheliso? Haeba u motho e mocha ea kenang sekolo, na u ka bala batho ka bomong bao u buisanang le bona letsatsi ka leng? Menyetla ea ho buisana le ba bang ha e ea lekanyetsoa ho hang. Sohle seo ho hlokahalang hore u se etse ke ho ba le mehopolo e seng mekae ea Mangolo ka kelellong, boloka Bibele le lipampitšana tse itseng li le haufinyane, ’me u nke bohato ba pele ba ho itlhalosa ka bolokolohi ha u fumana monyetla.

9 Esita le hoja bopaki bo sa reroang bo le bonolo haholo, ba bang ba ikutloa ba le leqe ho bo leka. E ka ’na ea e-ba ba thōtseng, ba tsitlellang hore bona ba lihlong haholo kapa ba tšaba ho atamela motho eo ba sa mo tsebeng. Ba ka ’na ba ikutloa ba tšaba ho ikhulela tlhokomelo kapa ho fumana karabelo e khopisang. Ba nang le phihlelo ka bopaki bo sa reroang ba ka u bolella hore ha ho mabaka a ho tšoenyeha. Ha e le hantle ba bang ba ntse ba itšoanela le rōna; ba na le litlhoko tse tšoanang, ba amehile ka lintho tse tšoanang ’me ba batlela bona le malapa a bona lintho tse tšoanang. Ba bangata ba tla arabela ka mokhoa o mosa ha u bososela ka thabo kapa u lumelisa ka botsoalle. Hore u hle u qale, u ka ’na ua tlameha hore u ‘be sebete.’ (1 Ba-Thess. 2:2, NW) Leha ho le joalo, hang ha u se u qalile, u ka ’na ua makatsoa le ho thabisoa ke liphello.

10 Rea Hlohonolofatsoa ha re Khantša Leseli la Rōna: Mehlala e meng ke ena ea liphihlelo tse khathollang tse bileng teng ka bopaki bo sa reroang: Mosali e mong ea lilemo li 55 o ne a leka ho tšela seterata. Ha koloi e le mothating oa ho mo chaisa feela, khaitseli e mong o ile a mo tšoara ka letsoho ’me a mo hulela moo ho sireletsehileng, a re: “Ka kōpo u be seli. Re phela linakong tse mahlonoko!” Joale o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha linako li le kotsi hakana. Mosali eo o ile a botsa, “Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?” Kaha o ne a fumane e ’ngoe ea libuka tsa rōna ho morali’abo, mosali eo o ne a batla ho kopana le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me ketsahalo ena e ile ea etsa hore seo se khonehe.

11 Khaitseli o ile a qalisa moqoqo le mosali e mong phaposing ea ho leta ofising ea ngaka. Mosali eo o ile a mamela ka hloko eaba o re: “Nakong e fetileng, ke ’nile ka kopana le Lipaki tsa Jehova; empa haeba neng-neng nakong e tlang ke hlile ke fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova ka bonna, e tla be e le ka lebaka la seo u qetang ho mpolella sona. Ho u mamela ho tšoana le ho qala ho bona leseli sebakeng se lefifi.”

12 Ketso ea mosa e ka ba mokhoa oa ho thusa ba bang ho ithuta ’nete. Ha ba ntse ba tsamaea ba leba hae ba e-tsoa tšebeletsong ea tšimo, bo-khaitseli ba babeli ba ile ba hlokomela mosali e mong ea tsofetseng ea neng a bonahala a kula ha a theoha beseng. Ba ile ba ema ’me ba botsa mosali eo hore na o hloka thuso. O ne a maketse haholo hore ebe batho bao a sa ba tsebeng ho hang ba ne ba ka bontša thahasello ho eena hoo a ileng a phehella ho tseba hore na ke eng e neng e susumetsa mosa o joalo. Sena se ile sa bula monyetla bakeng sa bopaki. Ntle ho tika-tiko mosali eo o ile a ba fa aterese ea hae ’me ka mofuthu a ba memela hore ba mo etele. Thuto e ile ea qalisoa. Kapele mosali eo o ile a qala ho ba teng libokeng ’me hona joale o arolelana ’nete le ba bang.

13 Khaitseli e mong ea hōlileng o sebelisa monyetla oa ho paka hoseng lebōpong la leoatle la sebakeng sa habo. O kopana le basali ba sebetsang matlong, ba salang le bana, litlelereke tsa banka le ba bang ba thapollang maoto ka ho tsamaea pel’a lebōpo la leoatle. O khanna lithuto tsa Bibele, a lutse libencheng pel’a lebōpo. Batho ba bangata ba ithutile ’nete ho eena ’me hona joale ke Lipaki tsa Jehova.

14 Mosebetsing oa hae oa boipheliso, khaitseli e mong o ile a utloa mosebetsi-’moho le eena a bua ka mokha oa lipolotiki oo a neng a lumela hore o ka rarolla mathata a lefatše. Khaitseli o ile a bua ka bolokolohi, a pheta litšepiso tsa seo ’Muso oa Molimo o tlang ho se etsa. Puisano ena ea mosebetsing e ile ea lebisa thutong ea kamehla ea Bibele lapeng, ’me qetellong mosali eo hammoho le monna oa hae ba ile ba fetoha Lipaki.

15 Le ka Mohla U se Lebale Hore U Paki! Ha Jesu a ne a hlalosa barutuoa ba hae e le “leseli la lefatše,” o ile a beha lebaka la hore ba lokela ho thusa ba bang hore ba rue molemo ka tlhahiso-leseling ea moea ea Lentsoe la Molimo. Haeba re sebelisa keletso ea Jesu, re tla talima tšebeletso ea rōna joang?

16 Ha ba batla mosebetsi, batho ba bang ba khetha mosebetsi oa nakoana. Ba lekanyetsa hore na ke nako e kae le boiteko tseo ba tla li sebelisa ho oona hobane ba rata ho sebelisa boholo ba nako ea bona ba phehella mesebetsi eo ba fumanang e putsa haholoanyane. Na re na le pono e tšoanang ka tšebeletso ea rōna? Esita le hoja re ka ’na ra ikutloa re tlamehile kapa esita le ho ikemisetsa ho behella nako e itseng ka thōko bakeng sa tšebeletso, na lithahasello tsa rōna tse ka sehloohong li lokela ho ba sebakeng sesele?

17 Ha re hlokomela hore ha ho na ntho e joaloka Mokreste oa nakoana, re ile ra inehela, ‘ra itela’ ’me ra lumela ho latela Jesu ‘ka ho tsoelang pele.’ (Matt. 16:24, NW) Takatso ea rōna ke ho tsoela pele re le “ka soule eohle,” re sebelisa monyetla o mong le o mong ho khantša leseli la rōna e le hore re ka finyella batho kae kapa kae moo ba leng teng. (Ba-Kol. 3:23, 24, NW) Re tlameha ho hanela boikutlo ba lefatše, re boloke cheseho ea rōna joaloka qalong, ’me re etse bonnete ba hore leseli la rōna le tsoela pele ho khanya ka ho phatsimang. E ka ’na eaba ba bang ba lumeletse hore cheseho ea bona e tape ’me leseli la bona le fetohe le khanyang ka mokhoa o lerootho, le bonahalang ka thata ha le le thōkoana. Ea joalo a ka ’na a hloka thuso hore a tsosolose cheseho e felileng bakeng sa tšebeletso.

18 Ba bang ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho hana hobane batho ba bangata ba sa rate molaetsa oa rōna. Pauluse o ile a bolela hore molaetsa o buang ka Kreste e ne e le “bohlanya ho ba timelang.” (1 Ba-Kor. 1:18) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe seo ba bang ba neng ba se bua, ka matla o ile a phatlalatsa: “Ha ke na lihlong tsa ho bolela Evangeli.” (Ba-Roma 1:16) Motho ea lihlong o ikutloa a le tlaasana kapa a sa tšoanelehe. Re ka ikutloa re le lihlong joang ha re bua ka ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa oa bokahohle le ka litokisetso tse hlollang tseo a li entseng bakeng sa thabo ea rōna ea ka ho sa feleng? Ha ho utloahale hore ebe re ka ikutloa re le tlaasana kapa re sa tšoanelehe ha re bua linnete tsena ho ba bang. Ho e-na le hoo, re lokela ho ikutloa re tlamehile ho etsa sohle se matleng a rōna, re bonahatsa kholiseho ea rōna ea hore ‘ha ho letho leo re ka hlajoang ke lihlong ka lona.’—2 Tim. 2:15, NW.

19 Leseli la ’nete leo hona joale le ntseng le khanya linaheng tsohle ho pota lefatše ka mofuthu le fana ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la paradeise. Ha re bontšeng hore re nkile ka ho teba keletso ea ho khantša leseli la rōna ka ho tsoelang pele! Haeba re etsa joalo, re tla ba le lebaka la ho thaba feela joaloka barutuoa bao letsatsi le leng le le leng ba ileng ba “tsoela pele ba sa phetse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo ka Kreste‚ Jesu.”—Lik. 5:42, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela