Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/95 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-bang Seli ha le le Tšimong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • ‘Paka ka ho Phethahetseng’—Mehahong e Sirelelitsoeng ka Thata le Lifoleteng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 12/95 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Ke temoho efe e hlokahalang ha re sebetsa tšimong e kotsi?

1 Ka ho eketsehileng re utloa litlaleho tsa pefo, litlhaselo le merusu, haholo-holo litoropong. Le hoja re ikutloa re amehile, rea tseba hore esita le libakeng tse aparetsoeng ke merusu, ho na le batho ba tšepahalang ba tla arabela molaetseng oa ’Muso. Ha ho loketse, re tla tsoela pele ka sebete mosebetsing oa rōna oa boboleli, re kholisehile ka tlhokomelo ea Jehova.—Liprov. 29:25; 1 Ba-Thess. 2:2.

2 Ha re kena sebakeng seo ho ka etsahalang hore ebe se kotsi, Jehova o lebelletse hore re falimehe le ho sebelisa kahlolo e molemo. Falimeha. “Motho ea seli o bona kotsi, a e balehe; ea se nang tsebo o hahamalla pele, a be a e’o oela.” (Liprov. 22:3, BPN) Bahoeletsi ba nang le phihlelo ba ananela bohlale ba ho sebetsa hammoho ka bobeli kapa ka lihlopha tsa bahoeletsi ba ’maloa haeba ho hlokahala. Leha ho le joalo, ho etsoa tlhahiso ea hore e be bahoeletsi ba babeli feela ba eang monyakong le ho buisana le mong’a ntlo kaha e le bona ba babeli feela ba behang nako. Moeklesia 4:9, 12 e re: “Ba babeli ba feta a le mong . . . Leha e mong a ka tla tsohela ea ’notši matla, ha ba le babeli, ba ka mo hlōla.” Hangata linokoane li sheba batho ba tsamaeang ba le bang ’me kahoo li ka ba hlasela habonolo.

3 E-ba seli ka ho eketsehileng ha u kena mekatong ea lifolete tse nang le liphaseje tse lefifi le litepisi tse se nang batho. E-ba hlokolosi ho amohela memo ea ho kena ka tlung kapa foleteng. U se phehe khang le bao ho bonahalang ba sokela kapa ba phephetsa. Potlakela ho itsebahatsa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. Bahoeletsi ba bang ka linako tsohle ba tšoara Bibele kapa makasine ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! letsohong ka morero oa ho itsebahatsa.

4 Hlokomela batho ba ntseng ba solla sebakeng seo. E-ba hlokolosi ho kena ka har’a lift le batho ba bang bao ho bonahalang e se baahi ba mohahong oo. U se roale mabenyane a bitsang chelete e ngata. Haeba u tla tsamaea seterateng ka mor’a ho likela ha letsatsi, qoba ho tsamaea literateng tse lefifi moo ho nang le sephethe-phethe se fokolang. Haeba u hlaseloa, u se ke ua itosolla haeba ba batla chelete ea hao kapa thepa feela; bophelo ba hao bo bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e bonahalang eo u nang le eona.—Mar. 8:36.

5 Ho hlokahala hore baena ba etellang pele ba falimehe, nako le nako ba tsebe moo bahoeletsi ba leng teng le seo ba se etsang tšimong. Hangata ho molemo ho boloka sehlopha se le sebakeng se le seng hore ka linako tsohle ba bang ba be haufi. Haeba ho tsoha pefo e itseng kapa morusu haufi le moo, sehlopha seo se lokela ho tloha tšimong eo kapele-pele.

6 Haeba re falimehile ebile re le hlokolosi, re ka tsoela pele ho finyella ba leng libakeng tse aparetsoeng ke tlōlo ea molao ba “feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang.”—Ezek. 9:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela