‘Paka ka ho Phethahetseng’—Mehahong e Sirelelitsoeng ka Thata le Lifoleteng
1. “Ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo” ho akarelletsa eng?
1 Joaloka moapostola Pauluse, re lakatsa “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.” (Lik. 20:24) Ka lebaka leo, re leka ka matla ho bolella ba bangata kamoo ho ka khonehang molaetsa oa ’Muso tšimong ea rōna. Ba akarelletsa batho ba bangata ba lulang mehahong e sirelelitsoeng ka thata, lifoleteng le libakeng tse lebetsoeng. Ka linako tse ling ho ka ba thata ho kena libakeng tse joalo. Leha ho le joalo, kaha ho na le batho ba bangata ba lulang mehahong e sirelelitsoeng ka thata le lifoleteng, re ka ba le monyetla oa ho ab bolella litaba tse molemo.
2. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be masene ’me re be hlokolosi ha re paka mehahong e sirelelitsoeng ka thata le lifoleteng?
2 Kaha naha e se e jele boea, lifolete tse ngata lia notleloa ’me li na le balebeli kapa lik’hamera. (2 Tim. 3:1, 2) Baokameli ba ka ’na ba beha molao oa hore ho se ke ha kena mang le mang. Motho ea ikarabellang a ka ’na a leka ho re leleka sebakeng seo, haholo-holo haeba e mong oa batho ba lulang moo a tletleba. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hore re be masene ’me re be hlokolosi.
3. Nako e ntle ea ho sebetsa lifoleteng ke efe, hona hobane’ng?
3 Nako e Ntle ea ho Sebetsa Moo: Ho molemo ho sebetsa libaka tse joalo ha boholo ba batho ba lulang ho tsona ba le teng, joalokaha re etsa libakeng tse ling. Batho ba ka ’na ba re belaella haeba re li sebetsa ha batho ba bangata ba lulang moo ba le sieo. Bahoeletsi ba bangata ba ’nile ba fumana batho ba le teng mantsiboea esita le ka Moqebelo le Sontaha thapama. Ho sebetsa mehahong ena le lifoleteng hoseng haholo, haholo-holo bofelong ba beke, ho ka ’na ha etsa hore batho ba lulang moo ba tletlebe ho motho ea ikarabellang.
4, 5. Re ka kena joang mohahong o sirelelitsoeng ka thata kapa lifoleteng tse notletsoeng?
4 Tsela ea ho Kena: Bahoeletsi ha baa lokela ho buisana le motho ea ikarabellang kapa mosebetsi leha e le ofe pele ba sebetsa tšimo eo. Haeba mohaho o notletsoeng o e-na le inthak’homo ka ntle, re ka e sebelisa ho fumana motho ea ka re bulelang e le hore re buisane le eena. Ho ea ka hore na mohaho oo o sirelelitsoeng ka thata kapa lifolete tseo ke tsa mofuta ofe, re ka khona ho etela malapa a mang ka mor’a ho bua le motho ea re lumeletseng ho kena. Leha ho le joalo, mehahong e meng ho ka ba molemo hore re tsoele ka ntle ebe re sebelisa inthak’homo ho buisana le motho e mong ea lulang moo. Re lokela ho ba hlokolosi ha re etsa qeto ea hore na re tla etela batho ba bakae nakong eo.
5 Batho ba bang ba lulang moo ba ka ’na ba rata hore u ba bolelle ka inthak’homo hore u tlil’o etsa’ng. Haeba ho joalo, bua le bona ka mosa. Bitsa mong’a ntlo ka lebitso haeba le ngotsoe inthak’homong. Bolela molaetsa oa hao ka bokhutšoanyane. Ba bang ba ’nile ba atleha ka hore ba bale kenyelletso ka ho toba bukeng ea Ho Bea Mabaka.
6. Re lokela ho etsa’ng ha re sebetsa mehahong e nang le molebeli?
6 Haeba molebeli oa mohaho oo a sa re lumelle ho etela batho ba lulang moo, re ka leka ho mo pakela. Balebeli ba bangata ba rata ho bala lingoliloeng tsa rōna. Re ka ba ra khona ho qala thuto ea Bibele ’me ra e khannela moo baeti ba fihlelang teng. Haeba molebeli a re lumella ho etela motho ea itseng ea thahasellang, hangata ho molemo hore re se ke ra nka monyetla eaba re se re kokota menyakong e meng.
7. Re lokela ho hopola lintlha life mabapi le mekotlana ea rōna ea tšimo?
7 Ponahalo le Mekhoa e Metle: Ho nka mekotlana e meholo haholo ho ka re kenyetsa mahlo. Ka lebaka leo, ho ka ba molemo hore re nke mekotlana e menyenyane kapa re se ke ra e nka ho hang. Bahoeletsi ba bang ba kenya lingoliloeng tse tsamaisoang ka faeleng e nyenyane ebe ba tšoara Bibele ka letsoho kapa ba e kenya ka pokothong.
8. Lihlopha tse pakang lifoleteng li ka sebetsa joang?
8 Ho molemo hore bahoeletsi ba se ke ba iketsa seqhoqho, haholo-holo moo baeti ba fihlelang teng kapa moo ho pakoang likoloi, kaha sena se tla ba kenyetsa mahlo. Re lokela ho ba hlokolosi ha re paka lifoleteng tse libakeng tseo ho tsona tlōlo ea molao e jeleng setsi. (Liprov. 22:3) Ka mohlala, lihlopha tse peli kapa tse tharo tsa bahoeletsi li ka sebetsa mokatong o le mong moo ba ka khonang ho utloana, mohlomong ba bang ba eme ka ntle ha ba bang ba kene ka tlung.
9. Re ka bontša mekhoa e metle joang, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?
9 Ha u kena foleteng, hlakola lieta ’me u koalisise monyako. Ha re bontša mekhoa eo e metle, re etsa hore ho se ke ha e-ba le seo batho ba lulang moo ba ka tletlebang ka sona. Hang ha u se u kene, toba lifting kapa mokatong oo ho sebetsoang ho oona ho e-na le ho likalika monyako. Sena se tla etsa hore batho ba shebeletseng ba se ke ba u belaella.
10. Re ka qoba ho tlatsa lerata le sa hlokahaleng joang phasejeng?
10 Lifoleteng tse ngata, batho ba ka tlung ba utloa lerata le phasejeng. Kahoo, u se ke ua hoeletsa ha u bua le mong’a ntlo. Buela tlaase ha u bua le bahoeletsi ba bang, empa u bue hantle e le hore batho ba se ke ba u belaella. E le hore beng ba matlo ba se ke ba tšoenyeha ho sa hlokahale, bahoeletsi ba bang ha ba kokote menyako e latellanang, ho e-na le hoo ba tloboka matlo ho fihlela mokato o sebelitsoe kaofela. Ho phaella moo, ho kokota ka matla ho ka ’na ha tšosa batho ba ka tlung.
11. Ke lintlha life tse ka re thusang ha re kokota lemating le nang le lesoba leo motho ea ka hare a hlolisang ho lona?
11 Haeba lemati le e-na le lesoba leo motho ea ka hare a hlolisang ho lona, ema moo a ka u bonang le motho eo u tsamaeang le eena. Bua u shebile lesoba leo, ’me ha u hlokomela hore ho na le motho ea u shebileng, u mo lumelise ka mofuthu ebe u kena tabeng. Haeba a re, ‘U mang?’ ho ka ba molemo hore u mo bolelle lebitso la hao le la motho eo u tsamaeang le eena. Mong’a ntlo a ka ’na a phutholoha hoo a ka bulang monyako. Haeba a sa bule, u ka mo bolella molaetsa u ntse u le ka ntle.
12. Re ka qoba mathata joang ha re siea lingoliloeng moo ho se nang batho?
12 Moo ho se Nang Batho: Batho ba bangata ba ikarabellang ba lla ka hore ba lokela ho thonaka lingoliloeng phasejeng kapa lebaleng. Ho bonolo hore lingoliloeng tse siuoeng monyako li oele fatše ’me li etse bohlasoa. Kahoo, lingoliloeng life kapa life tse siuoeng moo ho se nang batho li lokela ho behoa moo li sa bonahaleng.
13. Re lokela ho etsa’ng ha re kopana le mong’a ntlo ea halefileng?
13 Ha Mong’a Ntlo a Halefile: Haeba re kopana le mong’a ntlo ea halefileng ea batlang ho bitsa motho ea ikarabellang, ho molemo ho tloha mokatong oo ’me re khutle ka nako e ’ngoe. Ka linako tse ling, ho ka ba molemo ho tloha sebakeng seo e le ho qoba ho qoaketsana le motho ea ikarabellang. Esita leha mong’a ntlo a sa re bolella ka ho toba hore re se hlole re khutla, ho ka ba molemo ho ngola nomoro ea folete eo kareteng ea tšimo ’me re bontše hore ha rea lokela ho kena moo. Joaloka matlo a mang ao beng ba ’ona ba sa batleng hore re ba etele, baholo ba lokela ho etela libaka tseo nako le nako e le ho bona hore na mong’a ntlo o sa ntse a ikutloa ka tsela eo.
14, 15. Re lokela ho etsa’ng haeba motho ea ikarabellang foleteng a re leleka?
14 Ha U Lelekoa: Haeba e mong oa batho ba ikarabellang kapa molebeli a u leleka ha u ntse u sebetsa mohahong oo, ho ka ba molemo ho tsamaea hang-hang. Ha ho khoneha, re batla ho qoba ho qoaketsana le batho hoo ba ka qetellang ba re ba tla re qosa ka ba re bitsetse mapolesa. Hangata, hase hore batho ba ikarabellang lifoleteng ha ba rate Lipaki Tsa Jehova, ba mpa ba etsa mosebetsi oa bona.
15 Ka linako tse ling, ha motho ea ikarabellang a u leleka, u ka ’na ua ba le monyetla oa hore ka mosa le ka bohlale u mo hlalosetse hore na u tlil’o etsa’ng moo. (1 Pet. 3:15) Rea utloisisa hore o na le boikarabelo ba ho khotsofatsa batho ba lulang moo le ho lebela mohaho oo. Mohlomong a ke ke a u leleka. Empa haeba a u leleka, itsamaele ka khotso. Haeba ho khoneha, u ka kōpa ho tlisa lingoliloeng nako le nako moo baeti ba fihlelang teng kapa moo liaparo li hlatsoetsoang teng. (Bakol. 4:6) Nako le nako molebeli oa tšebeletso o lokela ho behoa leseling ka maemo a joalo.
16. Re lokela ho etsa’ng ha mathata a sa ee moriting ha re leka ho sebetsa lifoleteng?
16 Mohlomong ka mor’a nako e itseng bahoeletsi ba ka leka ho sebetsa mohahong oo ba sa tsose libata masene. Leha ho le joalo, haeba mathata ana a sa ee moriting, baholo ba ka kōpa thuso ofising ea lekala ho e-na le hore bahoeletsi ba leke ho rarolla mathata ao ka bobona. Haeba bahoeletsi ba sa khone ho sebetsa lifoleteng kapa mehahong e sirelelitsoeng ka thata, ba ka leka ho buisana le batho ba lulang moo ka litsela tse ling, tse kang ho ba pakela ka thelefono kapa ho ba ngolla mangolo. Bahoeletsi ba bang ba etsa mosebetsi oa seterateng ka pel’a lifolete kapa haufi le tsona hoseng ha batho ba ea mosebetsing le mantsiboea ha ba khutlela hae.
17. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho paka mehahong e sirelelitsoeng ka thata, lifoleteng le libakeng tse lebetsoeng?
17 Bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo haufi haholo. Ho tla pholoha feela ba ipiletsang lebitsong la Jehova. “Leha ho le joalo, ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena?” (Bar. 10:13, 14) Batho ba bangata ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba lula mehahong e sirelelitsoeng ka thata, lifoleteng le libakeng tse lebetsoeng. (Lik. 13:48) Re ka khona ho ba bolella litaba tse molemo haeba re le masene ’me re le hlokolosi.