Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Lihoreng tsa Mantsiboea
1 Barutuoa ba bang ba pele ba Jesu Kreste ba ile ba bolelloa tjena ke moprista ea phahameng oa Bajode, “Le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.” (Lik. 5:28) Ka ho hlakileng baena ba ne ba entse mosebetsi o motle oa ho paka motseng oo, ’me ntle ho pelaelo ba ile ba sebetsa ka matla hore ba buisane le e mong le e mong tšimong ea bona. Ba ile ba tsoela pele ho fana ka bopaki bo phethahetseng hona moo le libakeng tse ling.—Lik. 8:25.
2 Libakeng tse ngata kajeno, re tlatsitse tšimo ea rōna ka thuto ea ’nete. Ho ’nile ha ba le keketseho e ntle haholo lenaneng la bahoeletsi le keketseho e tšoanang lenaneng la liphutheho. Masimo a ’nile a ba manyenyane ’me a ntse a akaretsoa khafetsa haholo. Ho ’nile ha hlokahala hore re atolose tšimo ea rōna e le hore re ka finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo.
MELEMO EA BOPAKI BA MANTSIBOEA
3 Ha e le hantle, bahoeletsi ba bangata ba fumane hore ba ka atolosa tšimo ea bona ka ho etela malapeng a batho lihoreng tsa mantsiboea. Ka nako eo ba khona ho buisana le beng ba matlo ba bangata bao hangata ba leng sieo hae motšehare. Bahoeletsi ba ’nile ba tlaleha hore ba fumane batho hoo e ka bang lelapeng le leng le le leng tšimong ea bona ha ba ba etela mantsiboea. Eseng feela hore batho ba bangata ba be ba le hae empa hangata ba ba fumana ba phomotse ba bile ba ikemiselitse ho mamela molaetsa oa rōna. Balebeli ba potoloho ba ’nile ba thusa liphutheho tse ngata hore li etse litokisetso tsa ho paka mantsiboea. Bahoeletsi bohle ba khothalletsoa ho tšehetsa karolo ena e khōlō ea mantsiboea e etsoang ka mehla ka Laboraro nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho.
4 Na u kile ua leka ho paka lihoreng tsa mantsiboea tšimong ea heno? Le hoja lihora tsa ha ho ntse ho khanya li fokola haholo likhoeling tsa mariha, mohlomong re ka sebelisa lihora tsa ha ho sa tsoa fifala mantsiboea bakeng sa bopaki ba ntlo le ntlo. Lehlabula, re ba le monyetla oa ho tsoa nako e teletsana ho feta ha e se lehlabula. Karolo e ’ngoe ea mantsiboea e ka sebelisoa bakeng sa bopaki ba ntlo le ntlo kapa ho etela ba neng ba le sieo hae. ’Me mohlomong ka shoalane, re ka etsa maeto a ho boela kapa ho khanna lithuto tsa Bibele. Ha e le hantle, ho hlokahala hore re sebelise moea oa kelello e elileng le ho bontša bohlale, haholo-holo ha re paka libakeng tseo ho tsona ho sa sireletsehang ha ho se ho le lefifi.
E-BA EA NAHANELANG
5 E le hore re ka atleha bopaking ba mantsiboea, ho hlokahala hore re hopole lintlha tse ling tsa motheo. Ka mohlala, kaha libakeng tse ling batho ba tšaba baeti ba sa lebelloang ba fihlang mantsiboea, re tlameha ho bontša mofuthu le botsoalle likenyelletsong tsa rōna le ho hlakisa morero oa leeto la rōna ka potlako. Haeba re ka bonahatsa kameho ea sebele bakeng sa boiketlo ba beng ba matlo, ho na le monyetla oa hore ba tla phutholoha ’me mohlomong ba ka ba le tšekamelo ea ho itlhalosa ka bolokolohi.
6 Libakeng tse ling, beng ba matlo ba nkile mehato e itseng ea ho itšireletsa. Sena se ka ’na sa hloka hore re sebelise intercom, kapa mohlomong mong’a ntlo a ka buisana le rōna a koetse monyako kapa a re hlolisa ka lesoba le leng lemating. Ka hore re hlomphe litokisetso tseo mong’a ntlo a li entseng, mohlomong a ka lumela ho mamela linnete tseo re batlang ho li arolelana le eena.
7 Liphutheho tse ngata li entse tokisetso ea ho paka e le sehlopha mantsiboea a le mang kapa a mabeli har’a beke. Sena se file bahoeletsi ba etsang mosebetsi oa boipheliso oa nako e tletseng monyetla oa ho kopanela tšebeletsong esita le ho sebetsa le bahoeletsi bao ho seng mohla ba kileng ba sebetsa le bona ka baka la likemiso tsa mosebetsi tse hohlanang. Bopaki ba mantsiboea bo nolofallelitse bahoeletsi ba bang ho eketsa nako eo ba e sebelisang tšebeletsong ea tšimo, ’me sena se entse hore ba be hloahloa haholoanyane ha ba arolelana litaba tse molemo le ba bang. Hape, ho ’nile ha qalisoa lithuto tse ngata tsa Bibele ka baka la ho bua le batho ba e-s’o ka ba mamela Lipaki tsa Jehova pele.
8 Na u ka kopanela bopaking ba mantsiboea le ho thabela monyetla ona o eketsehileng oa ho ‘etsa mosebetsi oa ’moleli oa evangeli’? (2 Tim. 4:5) Haeba ba bangata ho rōna ba ka arabela potso ena hamolemo, mohlomong le rōna re tla etsa mosebetsi o molemonyana oa ho tlatsa tšimo ea rōna ka ’nete.