Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/96 leq. 1
  • Na U Kile ua Leka Bopaki ba Mantsiboea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Kile ua Leka Bopaki ba Mantsiboea?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Lihoreng tsa Mantsiboea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Na U ka Feto-fetola Kemiso ea Hao?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Na U ka Kopanela Mosebetsing oa ho Paka Mantsiboea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Ho Batla ba Tšoanelehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 7/96 leq. 1

Na U Kile ua Leka Bopaki ba Mantsiboea?

1 Kaofela ha rōna re thabisoa ke ho beha litholoana mosebetsing oa rōna. Ka lehlakoreng le leng, ha re sa bone liphello tse ntle, mosebetsi e ka ba o tenang le o sa khotsofatseng. Mosebetsi o nang le morero ke o putsang ho motho, hape ke tlhohonolofatso. (Bapisa le Moeklesia 3:10-13.) Re ka sebelisa molao-motheo ona mosebetsing oa rōna oa ho bolela. Rea tseba ka phihlelo hore ha re e-ea ka ntlo le ntlo ’me re khona ho qoqa le batho ka Bibele, re khutlela hae re khatholohile moeeng. Re ikutloa hore re hlile re finyelletse ho hong.

2 Libakeng tse ling ho bile thata haholo ho fumana batho malapeng nakong ea lihora tse itseng tsa letsatsi. Litlaleho li bontša hore libakeng tse ngata karolo e fetang 50 lekholong ea batho ha e-eo malapeng ha re ba etela hoseng. Liphutheho tse ngata li sebetsane le bothata bona ka ho etsa litokisetso tsa ho paka mantsiboea, ’me li ile tsa e-ba le katleho e ntle. Bahoeletsi ba bolela hore ha ba etela batho mantsiboea, batho ba bangata ba teng hae, ’me ka kakaretso, batho ba batla ba phutholohile ’me ba sekamela ho mamela molaetsa oa ’Muso haholoanyane. Na u se u kile ua leka bopaki ba mantsiboea tšimong ea lōna?—Bapisa le Mareka 1:32-34.

3 Baholo Hlophisang Bopaki ba Mantsiboea: Libakeng tse ling liboka tsa tšebeletso ea tšimo motšehare oa mantsiboea kapa ka shoalane li ’nile tsa tšehetsoa hantle. Ho ka nahaneloa bahoeletsi ba bacha ba tsoang sekolong motšehare oa mantsiboea le batho ba baholo ba chaisitseng mosebetsing oa bona oa boipheliso hamoraonyana motšehare oa mantsiboea. Bahoeletsi ba bang ba sa khoneng ho tsoela tšebeletsong ea tšimo mafelong a beke ba fumana hore bopaki ba mantsiboea har’a beke ke tsela e molemo ho bona ea hore ba kopanele kamehla mosebetsing oa ho bolela.

4 Ho na le mesebetsi e sa tšoaneng eo u ka kopanelang ho eona nakong ea bopaki ba mantsiboea. U ka paka ka ntlo le ntlo ka limakasine kapa ua sebelisa lingoliloeng tseo ho fanoang ka tsona khoeling eo. Mantsiboea ke nako e loketseng ea ho etela batho ba neng ba le sieo lapeng ha bahoeletsi ba ne ba ba etetse pejana kapa mafelong a beke. Ho ka ’na ha boetse ha e-ba le tšimo e ntle bakeng sa bopaki ba seterateng, ho u lumella ho kopana le batho ba eang hae ba e-tsoa mosebetsing. Ba bangata ba fumana hore mantsiboea ke nako e molemohali ea ho etsa maeto a ho boela ho ba bontšitseng thahasello.

5 E-ba Masene le ho ba Bohlale: Ho tsoa ha ho shoalana kapa ka mor’a hore ho fifale ho ka ba kotsi libakeng tse itseng. E tla ba bohlale hore le tsamaee ka bobeli kapa le le sehlopha literateng tse bonesitsoeng hantle le ho etela feela malapa kapa mehaho ea lifolete moo ho nang le tiiso ea hore le tla sireletseha. Ha u kokota monyako, ema moo u ka bonoang, ’me u itsebahatse ka ho hlakileng. E-ba ea nang le temoho. Haeba u hlokomela hore u etile ka nako e sa lokelang, joaloka nakong eo lelapa le leng lijong, e-re u tla tla ka nako e ’ngoe. Hangata ho molemo ho lekanyetsa bopaki ba hao lihoreng tse qalang tsa mantsiboea, ho e-na leha e se e le bosiu, ha beng ba matlo ba itokisetsa ho robala bosiu.

6 Linako tse telele tsa mantsiboea a lehlabula ke tse loketseng ka ho khetheha bakeng sa bopaki ba mantsiboea. Ha re etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu,” ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna.—Tšen. 7:15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela