Na U ka Kopanela Mosebetsing oa ho Paka Mantsiboea?
1. Ho latela setsebi se seng, moapostola Pauluse o ne a etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo neng?
1 Ho ea ka buka ea Daily Life in Bible Times, hangata moapostola Pauluse o ne a etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo “ho tloha ka hora ea bone mantsiboea ho fihlela bosiu.” Ha re tsebe hore na ena e ne e hlile e le kemiso ea Pauluse, empa seo re se tsebang ke hore Pauluse o ne a ikemiselitse ho “etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo.” (1 Bakor. 9:19-23) E ka ’na eaba sena se ne se akarelletsa ho hlophisa litaba tsa hae hore a tsebe ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo nakong eo a neng a tla khona ho bua le batho ba bangata.
2. Ke hobane’ng ha mantsiboea e le nako e loketseng ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo?
2 Libakeng tse ngata ka tloaelo bahoeletsi ba etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo hoseng har’a beke. Leha ho le joalo, na ee e ntse e le nako e loketseng sebakeng sa heno? Ha pula-maliboho e mong a bua ka tšimo eo a e sebetsang o re: “Ha ho bonolo ho fumana batho ba le teng malapeng motšehare. Empa batho ba bangata ba ba teng malapeng mantsiboea.” Bopaki ba mantsiboea bo ka re fa monyetla o motle oa hore ka ho khetheha re bolelle banna litaba tse molemo. Hangata beng ba matlo ba iketlile ebile ha ba tsoafe ho qoqa. Haeba ho le molemo ho etsa joalo, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ho be le seboka sa tšimo ea mantsiboea.
3. Re ka bontša temoho joang ha re kopanela mosebetsing oa ho paka mantsiboea?
3 Lemoha Maemo: Ke habohlokoa hore re bontše temoho ha re paka mantsiboea. Ka mohlala, haeba u hlokomela hore u fihlile ka nako e fosahetseng, joaloka nakong ea lijo tsa mantsiboea, e ka ba hantle hore u bolelle mong’a ntlo hore u tla khutla hamorao. Haeba ho le lefifi, ema moo mong’a ntlo a tla u bona ’me u itsebise kapele u be u mo bolelle hore na ke hobane’ng ha u mo etetse. E ka ba hantle hore le sebetse ka bobeli kapa le le sehlopha ’me le sebetse literateng tse nang le mabone moo ho seng ngoese. Le se ke la sebetsa tšimo bosiu haholo e le hore le se ke la sitisa batho ba batlang ho robala. (2 Bakor. 6:3) Haeba sebaka seo le sebetsang tšimo ho sona se le kotsi ha ho se ho fifetse, le lokela ho sebetsa sebakeng seo pele ho fifala.—Liprov. 22:3.
4. Re tla fumana mahlohonolo afe ha re kopanela mosebetsing oa ho paka mantsiboea?
4 Litlhohonolofatso: Tšebeletso ea tšimo e monate ha re khona ho buisana le batho. Hape, ha re buisana le batho ba bangata re tla ba le menyetla e mengata ea ho thusa batho ba bang hore ba “pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Na u ka fetola kemiso ea hao e le hore u ka kopanela mosebetsing oa ho paka mantsiboea?