Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/12 leq. 1
  • E-bang Seli ha le le Tšimong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-bang Seli ha le le Tšimong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 5/12 leq. 1

E-bang Seli ha le le Tšimong

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli ha re le tšimong?

1 Bahlanka ba Molimo ba “joaloka linku har’a liphiri,” kahoo ba bolela litaba tse molemo “har’a moloko o khopameng le o sothehileng.” (Mat. 10:16; Bafil. 2:15) Re atisa ho utloa litlaleho tse tšosang tsa merusu, liketso tsa mahoohoo a mabifi le ho koeteloa ha batho ka sehlōhō, ’me sena ke bopaki ba hore batho ba khopo ba tsoela pele “ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:13) Ke melao-motheo efe ea Mangolo e ka re thusang ho ba “seli” ha re le tšimong?—Mat. 10:16.

2. Ke maemong afe ao ho ’ona ho ka bang molemo hore re tlohe tšimong eo re e sebetsang re e’o sebetsa e ’ngoe?

2 E-bang Masene: Liproverbia 22:3 e re ha motho a ‘ipatela’ tlokotsi o bohlale. E-bang hlokolosi ka linako tsohle! Maemo a sebaka seo ka tloaelo se sireletsehileng a ka fetoha ka tšohanyetso. Le ka ’na la bona mapolesa a se a phethesela kapa batho ba khobokana seterateng. Ka linako tse ling motho e mong ea mosa a ka le lemosa. Ho e-na le hore le likalike hobane le batla ho tseba litaba, e ka ba bohlale hore le tlohe sebakeng seo hang-hang le e’o sebetsa ho se seng.—Liprov. 17:14; Joh. 8:59; 1 Bathes. 4:11.

3. Molao-motheo oa Moeklesia 4:9 o sebetsa joang ha re le tšimong?

3 Sebetsang Hammoho: Moeklesia 4:9 e re, “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” Le hoja e ka ’na eaba u tloaetse ho sebetsa u le mong tšimong u sireletsehile, hona joale ho joang? Libakeng tse ling ho sa ntse ho sireletsehile. Empa ho tse ling, ho kotsi hore morali’abo rōna kapa mocha a ee ka ntlo le ntlo a le mong, haholo-holo ka mor’a hore letsatsi le likele. Phihlelo e bontšitse hore ke habohlokoa ho sebetsa le motho e mong ea hlokolosi. (Moek. 4:10, 12) U ’ne u shebe bao u sebetsang le bona. Itloaetse ho bolella ba bang ha u chaisa tšimong.

4. Re ka kenya letsoho joang hore litho tsohle tsa phutheho li sireletsehe?

4 Boikarabelo ba baholo ke ho re tataisa ka tsela e loketseng maemo a sebaka, kaha ‘ba lula ba lebetse meea ea rōna.’ (Baheb. 13:17) Ka sebele Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re bontša boinyenyefatso ba Bokreste ’me re sebelisana le bona ka ho feletseng. (Mik. 6:8; 1 Bakor. 10:12) E se eka bahlanka bohle ba Molimo ba ka kenya letsoho ho faneng ka bopaki bo matla tšimong, empa ba lule ba le seli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela