Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/96 leq. 11
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono e Tsoelang Pele ka Mosebetsi o Potlakileng oa ho Etsa Barutuoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 10/96 leq. 11

Lebokose la Lipotso

◼ Thuto ea Bibele e tsitsitseng e lokela ho khannoa halelele hakae le motho bukeng ea Tsebo?

Jehova o hlohonolofatsa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng kajeno. Re bona bopaki ba sena selemo se seng le se seng ha ba bacha ba likete ba emela ’nete. Buka ea Tsebo e ipaka e le thulusi e atlehang ho finyelleng sena. Tokollo ea January 15, 1996, ea Molula-Qhooa, e ile ea totobatsa hore buka ena e reretsoe ho thusa seithuti sa Bibele ho tsoela pele moeeng ka potlako, mohlomong ho isa bohōleng ba hore se kolobetsoe ka likhoeli tse seng kae.

Ka lebaka lena, oona Molula-Qhooa oo, leqepheng la 17, o ile oa eletsa: “Ka mor’a hore motho a qete ho ithuta Bibele ka buka ea Tsebo ’me a kolobelitsoe, ho ka ’na ha se ke ha hlokahala ho mo khannela thuto e tloaelehileng ka buka ea bobeli.”

Ho thoe’ng ka motho ea sa kolobetsoeng ka mor’a hore a qete buka ea Tsebo? Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, leqepheng la 6, serapeng sa 23, e ile ea re hopotsa ntlha e hlahileng ho Molula-Qhooa mabapi le ho se ithute libuka tse eketsehileng le seithuti se le seng ka mor’a ho qeta buka ea Tsebo. Na hoo ho bolela hore ha re thahaselle ho thusa seithuti sa Bibele ho feta moo? Che. Re batla hore batho ba fumane tsebo ea motheo ea ’nete. Leha ho le joalo, ho lebeletsoe hore ka nako e batlang e le khutšoanyane, tichere e atlehang e tla khona ho thusa seithuti se tloaelehileng se tšepahalang hore se fumane tsebo e lekaneng hore se etse qeto e bohlale ea ho sebeletsa Jehova. Mohlomong ka lebaka la maemo a tsona a botho, liithuti tse ling tsa Bibele li tla lakatsa le ho ithuta hangata ka beke.

Hoa lumeloa hore liithuti tse ling li tla tsoela pele butle ho feta tse ling. Empa haeba ka mor’a ho ithuta buka ea Tsebo, hoo e ka ’nang eaba ho nkile nako e telele ho feta e tloaelehileng, motho eo a e-s’o etse qeto ea hore o batla ho kopanela le phutheho, ke hantle ha mohoeletsi a buisana le moholo e mong ea Komiting ea Tšebeletso ea Phutheho ka boemo boo. Haeba ho ameha maemo a lokafatsang ketso eo kapa a sa tloaelehang, thuso e ’ngoe e tsoelang pele e ka ’na ea e-ba e loketseng. Sena se tumellanong le molao-motheo oa se boletsoeng serapeng sa 11 le sa 12 leqepheng la 17 la Molula-Qhooa oa January 15, 1996.

Kananelo bakeng sa ho ithuta esita le tsebo ea motheo ea ’nete e lokela ho susumelletsa seithuti hore se be teng libokeng tsa Bokreste. Hona ho ka etsa hore seithuti se fane ka bopaki bo hlakileng ba hore se lakatsa ho sebeletsa Jehova. Haeba kananelo e joalo ea moea e sa bonahale ka mor’a hore thuto bukeng ea Tsebo e khannoe nako e eketsehileng, e ka ’na ea e-ba bohlale ho khaotsa thuto.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela