Sebetsa Tšimo ea Hao ka Botlalo
1 Libakeng tsa bolulo ka linako tse ling re fumana sebaka se senyenyane sa khoebo, se kang lebenkele la korosari, sebaka sa ho jela kapa lebenkele la liphahlo. Haeba mehaho ena e lokela ho akaretsoa le tšimo ena, u lokela ho ba etela ho tšoana le baahi ba moo.
2 U ka sebelisa nehelano e bonolo le e khutšoanyane, mohlomong u re: “Ke na le seo ke batlang ho u bontša sona.” Haeba mong’a teng a bonahala a tšoarehile ka motsotso oo, u ka ’na ua fana ka pampitšana feela ’me ua re: “Ke tla u fapohela hape ha u sa tšoareha hakana. Ke tla rata ho tseba hore na u nahana’ng ka sena.”
3 Ha ho hlokahale hore u ikutloe u tšohile ho etsa mosebetsi ona. Mohoeletsi e mong o ile a tlaleha: “Ke ne ke lebeletse hore ba ke ke ba arabela hantle. Leha ho le joalo, ho makaleng ha ka, ba ile ba arabela ka tsela e fapaneng ka ho feletseng molaetseng oa ’Muso. Ba ne ba le mosa e le kannete ba bile ba e-na le botsoalle ’me hoo e batlang e le kamehla ba ne ba amohela limakasine.”
4 Mosali e mong ea sebetsang k’hamphaning e rekisang matlo o ile a memela Lipaki ofising ea hae. O ile a amohela limakasine ’me a bontša thahasello ea ho ba le thuto ea Bibele. O ile a bontšoa buka ea Tsebo, ’me ho ile ha qalisoa thuto hona hoo, hona ka ofising ea hae!
5 Kabelo ea ho sebetsa tšimo ea hao ka botlalo e akarelletsa ho etela batho ka bomong ba nang le likhoebo tikolohong eo. (Lik. 10:42) Ikemisetse ho etela libaka tsena ka tsela e tšoanang leha u etela matlo a beng ba ’ona. Hase feela hore tšimo ea hao e tla akaretsoa ka ho feletseng empa u ka ’na ua putsoa ka liphihlelo tse thabisang!