Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January
Beke e Qalang ka la 6 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo bakeng sa October.
20 mets: Ho Paka ka Boitšoaro bo Botle. Moholo o buisana le bacha ba babeli kapa ba bararo. Puisano e thehiloe ho Molula-Qhooa oa August 15, 1987, leqepheng la 10-20. Akarelletsa le liphihlelo tse hatisitsoeng hammoho le liphihlelo leha e le life tsa sebakeng sa lōna tse bontšang kamoo batho ba ileng ba khahloa ke boitšoaro bo botle ba bacha ba Bakreste.
15 mets: “Ho Tšoanelehela le ho Itlhomella ho Ruta ba Bang.” (Serapa sa 1-6) Bua hakhutšoanyane ka serapa sa 1-2, ’me u hatelle bohlokoa ba ho kholiseha hore ka thuso ea Jehova re ka ruta ba bang ka ho atlehileng. E re bahoeletsi ba bane, ba babeli ba bona e le bahoeletsi, ba babeli e le beng ba ntlo, ba etse lipontšo ka linehelano tse leng serapeng sa 3-6, ’me sehlopha ka seng se bontše kamoo ho ka etsoang leeto la pele kateng esita le la ho boela.
Pina 14 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Totobatsa tse ling tsa lintlha tse ka buelloang limakasineng tsa morao-rao. Fana ka litlhahiso tsa kamoo re ka itsebahatsang kateng ha re atamela batho ho ba pakela ka mokhoa o sa reroang. Botsa bamameli hore na ke mantsoe afe a selelekela ao ba a sebelisitseng ha ba bua le ba bang mabenkeleng, seterateng, serapeng sa boikhathollo, lipalangoeng tsa sechaba le maemong a mang.
20 mets: Nako ea ho Nchafatsa Karete ea Advance Medical Directive/Release. Moholo ea tšoanelehang o tšohla bohlokoa ba ho tlatsa karete ena ka botlalo le ho lula u e tšoere ka linako tsohle. Tokomane ena ea u buella haeba u sa khone ho ipuella maemong a tšohanyetso. (Bapisa le Liproverbia 22:3.) Karete e ncha e lokela ho tlatsoa selemo se seng le se seng ho fana ka phatlalatso ea nakong ea joale ea ho hana tšelo ea mali, kaha lingaka tse ling le batho ba bang ba boletse hore litokomane tse nang le nako e ka holimo ho selemo li ka ’na tsa se bontše tumelo ea motho ea hona joale. Ka mor’a seboka, bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba tla fuoa karete ea Advance Medical Directive/Release, ’me ba nang le bana ba banyenyane ba sa kolobetsoang ba tla fuoa Identity Card bakeng sa ngoana ka mong. Hlalosa hore likarete tsena ha lia lokela ho tlatsoa mantsiboeeng ana. Li lokela ho tlatsoa ka hloko lapeng empa LI SE saenoe. Ho saena, ho paka le ho ngola letsatsi likareteng tsohle ho tla etsoa ka mor’a Thuto ea Buka ea Phutheho bekeng e latelang moo mokhanni oa thuto ea buka a tla beha lintho leihlo. O tla hlahloba ho bona haeba bohle ba leng sehlopheng sa hae ba fumane likarete le hore ba fumana thuso e hlokahalang. Ba saenang e le lipaki ba lokela hore ba bone mong’a karete a hlile a saena tokomane ena. Ba tla beng ba le sieo nakong eo ba tla thusoa ke bakhanni/baholo Sebokeng sa Tšebeletso se latelang ho fihlela ha likarete tsa bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng li tlatsitsoe hantle le ho saenoa. (Hlahloba lengolo la la 15 October, 1992.) Ka ho lumellanya mantsoe a leng kareteng ena le maemo a bona le seo ba se lumelang, bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ingolla karete ea bona hammoho le bana ba bona. Ho sebelisa temoho bakeng sa ho hlokomela boitsebiso bona ba bohlokoa ho tla tlisa melemo e mengata e tsoang ho Jehova.—Liprov. 16:20.
15 mets: “Ho Tšoanelehela le ho Itlhomella ho Ruta ba Bang.” (Serapa sa 7-9) Pheta phihlelo e mabapi le ho etsa maeto a ho boela e fumanoang ho 1995 Yearbook, leqepheng la 45, ’me u hatelle bohlokoa ba ho latella thahasello leha e le efe e fumanoeng. E re mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo ka linehelano tse serapeng sa 7-8. Le hoja ho ka fanoa ka lingoliloeng tse ling pele, re lokela ho tsepamisa boiteko ba rōna hore qetellong re khanne lithuto ka buka ea Tsebo. Khothalletsa bohle ho behella ka thōko nako ea ho etsa maeto a ho boela bekeng e latelang.
Pina 15 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
20 mets: Lokisetsa Bana ba Hao Bakeng sa Selemo se Secha sa Sekolo. Puo e thehiloeng bukaneng ea Thuto ka moholo leqepheng la 27-30. Thusa batsoali ho lemoha bohlokoa ba ho lokisetsa bana ba bona liphephetso tseo ba tla talimana le tsona sekolong. Lintho tseo ho sa buuoang ka tsona bukaneng ea Thuto, tse kang mesebetsi e etsoang ka mor’a nako ea sekolo, matsatsi a phomolo le mekete le thuto ea bolumeli, ho ka etsoa lipatlisiso ka tsona bukaneng ea Sekolo le litokollong tse ling tsa Mokhatlo. Batsoali le bana ba lokela ho ea ka melao-motheo e hlalositsoeng moo. Bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng hore batsoali ba tloaelane le matichere a bana ba bona ’me ba se buisane le ’ona feela ha ho hlahile bothata. Hape ba lokela ho tiisa hore matichere a fumana kopi ea bukana ea Thuto. Ho tlalehoa hore batsoali ba bang ha ba bone bohlokoa ba hore bana ba bona ba se akarelletsoe thutong ea bolumeli le hoja tokisetso ena e entsoe ka molao. Mabapi le taba ena ho bohlokoa hore uena ka seqo u buisane le hlooho ea sekolo ’me u ee u tšoere kōpo e ngotsoeng ea hore ngoana a se akarelletsoe thutong ea bolumeli. Etsa pontšo e khutšoanyane, e lokiselitsoeng hantle ea motsoali ea tšohlang litaba tse amanang le ngoana oa hae le tichere ’me a phethe ka ho nehelana ka bukana ea Thuto.
15 mets: “Batho ba Mefuta Eohle ba Tla Pholoha.” Lipotso le likarabo. Mema bamameli ho pheta ka bokhutšoanyane liphihlelo tse bontšang kamoo ba fumaneng karabelo e ntle kateng ho batho ba limelo tse sa tšoaneng.
Pina 23 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 January
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo hang-hang bofelong ba khoeli.
10 mets: Molebeli ea okamelang kapa molebeli oa tšebeletso o hlahloba Lebokose la Lipotso. Hatella ntlha ea hore ke boikarabelo ba mohoeletsi e mong le e mong ho tlisa tlaleho ea hae hang-hang bofelong ba khoeli ka ’ngoe.
15 mets: “Re ‘Bolela Lentsoe.’” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le litlhaloso tse bontšang lebaka leo ka lona re tlamehang ho ananela bohlokoa ba Lentsoe la Molimo ka ho tebileng.—Bona Tsoha! ea September 8, 1984, leqepheng la 16-19.
15 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tseo ho Tla Nehelanoa ka Tsona ka February. Bontša litšobotsi tse thahasellisang tsa buka ena tse kang: (1) Lihlooho tsa likhaolo tse hapang tlhokomelo, (2) litšoantšo tse mebala, (3) mabokose a rutang le lichate, le (4) lipotso tse hatisitsoeng tse susumetsang monahano. Tumellanong le karolo e tlang pele ea seboka, khothalletsa ho sebelisa lengolo le khethiloeng hantle nehelanong. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane ka linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona. Hopotsa bohle ho iphumanela libuka tseo ba tla li sebelisa bekeng ena.
Pina 26 le thapelo e koalang.