Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/97 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 3 February
  • Beke e Qalang ka la 10 February
  • Beke e Qalang ka la 17 February
  • Beke e Qalang ka la 24 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 2/97 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February

Beke e Qalang ka la 3 February

Pina 27

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea January kapele-pele. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho tiisa hore litlaleho leha e le life tsa tšebeletso ea tšimo tse saletseng morao tsa likhoeli tse fetileng lia tlisoa. Litlaleho tsena tse fihlileng ka mor’a nako li lokela ho akarelletsoa tlalehong ea phutheho ea January.

15 mets: “Kopanela Mosebetsing o ke Keng oa Phetoa le ka Mohla.” Lipotso le likarabo. Haeba nako e lumela, akarelletsa le lintlha tse tsoang sehloohoaneng se reng “Ho Lebela—Joang?” leqepheng la 714-15 bukeng ea Baboleli.

20 mets: “Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo ba ho Potlaka.” (Serapa sa 1-5) Ka mor’a litlhaloso tse khutšoanyane serapeng sa 1, sebui se tšohla serapa sa 2-5 le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo. Ba hlahloba lintlha tsa sehlooho tsa linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona le ho hlalosa lebaka leo ka lona linehelano tsena kapa tse tšoanang le tsona li ka sebetsang ka katleho tšimong ea phutheho ea bona. Bahoeletsi ba fapanyetsana ho itlhakisetsa linehelano tsena. Sebui se fana ka pabatso, se fana ka litlhahiso tsa kamoo linehelano tsena li ka sebelisoang ka katleho haholoanyane kateng. Joale se botsa bamameli ka litsela tseo ka tsona ho ka finyelloang pakane ea ho qalisa lithuto. Se fana ka lintlha tse tobileng tsa kamoo ho ka qetelloang ho qalisitsoe thuto bukeng ea Tsebo.

Pina 34 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 10 February

Pina 29

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

10 mets: “Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo ba ho Potlaka.” (Serapa sa 6-8) Etsa pontšo ka linehelano tse serapeng sa 6-7. Hatella bohlokoa ba ho etsa maeto a ho boela moo ho bontšitsoeng thahasello.

30 mets: “Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10 000.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo ke molebeli oa tšebeletso. Totobatsa taba e lebokoseng le leqepheng la 3. Hlahloba sampole ea kemiso e leqepheng la 6. Mohoeletsi e mong le e mong ea kolobelitsoeng o lokela ho nahanela ka thapelo hore na a ka ngolisa e le pula-maliboho ea thusang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka eketsa ho kopanela tšebeletsong ka ho ipehela pakane ea lihora khoeli ka ’ngoe.

Pina 43 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 February

Pina 30

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela lintlha tse thahasellisang tse ka buelloang limakasineng tsa morao-rao tse ka sebelisoang tšebeletsong bekeng ena.

13 mets: “Sehopotso—Ketsahalo ea Bohlokoa bo Boholo!” Lipotso le likarabo. Fana ka khothatso ea ho etsa hore khoeli eohle ea March e be e khethehileng ka ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Hatella bohlokoa ba ho sebelisa limemo tsa Sehopotso.

22 mets: Ho Qalisa Lithuto Tsa Lehae Tsa Bibele. Likhoeling tsa morao tjena ho tsamaisitsoe libuka tse sekoahelo se thata tse makholo a likete. Sena se fana ka motheo oa ho qalisa lithuto tse ngata ka ho eketsehileng tsa lehae tsa Bibele. Fana ka tlaleho ea se finyeletsoeng phuthehong ho tsamaiseng libuka le lingoliloeng tse ling. Khothalletsa bahoeletsi ho latella thahasello eohle e bontšitsoeng. E-re bahoeletsi ba ’maloa ba hlalose ka ho tobileng boiteko bo hlokahalang ho bona hore ba qalise lithuto tse ncha tsa lehae tsa Bibele. Hatella hore karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa rōna ke ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Sena se ka etsoa ka ho atlehileng haeba re ikitlaetsa ka matla ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996.

Pina 47 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 February

Pina 32

18 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa February kapele-pele bofelong ba khoeli, ho akarelletsa le litlaleho leha e le life tse saletseng morao tsa likhoeli tse fetileng. Tsebisa mabitso a bohle bao e leng bo-pula-maliboho ba thusang ka March. Hlalosa hore ha e e-s’o be morao haholo bakeng sa ho etsa likōpo. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo ka Moqebelo, la 1 March. Bolela litokisetso tse eketsehileng tse etsoang phuthehong bakeng sa liboka tsa tšebeletso ea tšimo har’a khoeli. Hlahloba Lebokose la Lipotso ka hloko.

12 mets: “Ho Thoe’ng ka Beng ka Uena?” Monna le mosali ba tšohla sehlooho sena hammoho ’me ba etsa qeto ka tsela eo ka eona ba tla atamela beng ka bona ba sa lumelang ka litaba tse molemo.—Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1990, leqepheng la 25-7.

15 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tse Tla Sebelisoa ka March—Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ka bokhutšoanyane hlalosa mabaka ao e leng sesosa sa ho senyeha ha malapa har’a batho ba kajeno. (Bona Molula-Qhooa oa October 15, 1992, leqepheng la 4-7.) Hlahloba tse ka hare bukeng ena leqepheng la 3. Kōpa bamameli ho khetha likhaolo tse ka sebelisoang e le motheo oa nehelano. Bontša lebokose le rutang le molemo le qetellong ea khaolo e ’ngoe le e ’ngoe. E-re mohoeletsi ea nang le bokhoni a etse pontšo ea kamoo ho ka nehelanoang ka buka ena. Hopotsa bohle ho iphumanela likopi tseo ba tla li sebelisa mafelo-bekeng ana.

Pina 48 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela