‘Iponahatseng le le ba Lebohang’
1 Boholo ba rōna re ile ra koetlisoa ho tloha bonyenyaneng hore re re “ka kōpo” le ho re “kea leboha” ha motho e mong a re bontša mosa. Pauluse o re eletsa hore ka linako tsohle re ‘iponahatse re le ba lebohang,’ ’me ka ho khethehileng re lokela ho leboha Jehova. (Bakol. 3:15, 16) Empa re ka bontša teboho ea rōna joang ho ’Mōpi oa rōna e Moholo? Hona re na le mabaka afe a khethehileng a ho mo leboha?
2 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “A ho lebohuoe Molimo, kaha o re fa tlhōlo ka Morena oa rōna Jesu Kreste!” (1 Bakor. 15:57) Nakong ea Sehopotso selemo le selemo, re hopotsoa ka lerato le leholo la Molimo le Kreste leo ba le bontšitseng ka ho nehelana ka thekollo e re nehang tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:16) Kaha hoo e batlang e le kaofela ha rōna re lahlehetsoe ke baratuoa lefung, re leboha hakaakang tšepiso ea Jesu ea tsoho! Lipelo tsa rōna li tlala teboho ha re nahana ka tebello ea ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ntle le ho shoa ho hang. (Joh. 11:25, 26) Ho thata ho fumana mantsoe a teboho bakeng sa litlhohonolofatso tsohle tse babatsehang tseo re sa ntseng re tla li latsoa letsohong la Jehova Paradeiseng e tlang ea lefatšeng. (Tšen. 21:4) Ke mabaka afe a molemo ao leha e le mang a ka bang le ’ona a ho ‘iponahatsa e le ea lebohang’ Molimo?
3 Kamoo ho ka Bontšoang Teboho ho Molimo: Ke ho loketseng hore kamehla re bonahatse teboho ea rōna ho Jehova ka thapelo bakeng sa molemo oa hae. (Pes. 136:1-3) Hape, re boetse re susumelletseha ho bontša teboho ea rōna ho eena ka litsela tse ling tse ntle. Ka mohlala, ka sebele re tla ba teng ka Sontaha, la 23 March, bakeng sa Sehopotso sa lefu la Kreste. Bakeng sa ho thusa ho finyella litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa phutheho le tsa mosebetsi oa lefatše lohle, ka thabo re ‘tlotlisa Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’ (Liprov. 3:9, NW) Re tšehetsa baholo ka botlalo le ho sebelisana hammoho le bona, ’me ka tsela e joalo re bontša teboho ea rōna ho Jehova bakeng sa thuso eo a fanang ka eona ka bona. (1 Bathes. 5:12, 13) Letsatsi le leng le le leng, re leka ka matla ho boloka boitšoaro bo nepahetseng bo tlotlisang lebitso la Molimo. (1 Pet. 2:12) Jehova o thabisoa ke lipontšo tsena tsohle tsa bopaki ba teboho ea rōna.—1 Bathes. 5:18.
4 Pontšo ea Rōna e Ntle ka ho Fetisisa ea Teboho: Ho kopanela ka moea oohle tšebeletsong ea ho bolela ka ’Muso, ho tlotlisa lebitso la Jehova, ho bontša teboho ka thapelo le ho tšehetsa ’nete ka botšepehi ke tse ling tsa lipontšo tse ntle ka ho fetisisa tsa teboho e tsoang pelong tseo re ka li etsang ho ’Mōpi oa rōna bakeng sa sohle seo a re etselitseng sona. Jehova o thabela ho bona re mo etsetsa liketso tsa tšebeletso e halalelang ho tšehetsa thato ea hae ea “hore mefuta eohle ea batho e pholohe.” (1 Tim. 2:3, 4) Ke ka lebaka leo bahoeletsi ba bangata ba ka khonang ho hlophisa ba arabelang pitsong e hlahileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February ea ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta ka March, April le May. Ho ikitlaetsa haholoanyane tšebeletsong ke tsela e molemo ea ho ‘iponahatsa re le ba lebohang’ Molimo. Na u tla khona ho kopanela le bo-pula-maliboho ka April? ka May?
5 Re filoe tšepo e tiileng ea ho phela ka ho sa feleng. Ha re e bona e phethahala, re tla boela re e-ba le mabaka a mang a mangata letsatsi le letsatsi a ho tsoela pele re leboha Jehova ka thabo.—Pes. 79:13.