Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March
Beke e Qalang ka la 3 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho qala ho memela batho ba thahasellang ho ba teng Sehopotsong ka la 23 March. Bontša kopi ea sememo sa Sehopotso ’me u khothalletse bohle ho iphumanela limemo ’me ba qale ho li aba bekeng ena.
15 mets: “Haha Ntlo ea Hao.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le liphihlelo tse tsoang ho 1995 Yearbook, leqepheng la 228.
20 mets: “Ho Thusa Malapa ho Fumana Bokamoso bo Sireletsehileng ba ka ho sa Feleng.” (Serapa sa 1-5) Etsa litlhaloso tse khutšoanyane serapeng sa 1, ebe u tšohla kamoo thahasello e ka hlaoleloang kateng bukeng ea Thabo ea Lelapa ka ho sebelisa lihlooho tsa likhaolo, lifoto tse mebala le mabokose a tlhahlobo. E-re bahoeletsi ba nang le bokhoni ba etse pontšo ka litlhahiso tse leng serapeng sa 2-5. Khothalletsa bohle ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa buka ena malapeng ao nakong e fetileng a ileng a bontša thahasello.
Pina 71 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 10 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hopotsa bohle ho tiisa hore ba latela ’malo oa Bibele oa Sehopotso o lokiselitsoeng bakeng sa la 18-23 March, joalokaha ho bontšitsoe ho Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla.
20 mets: “Iponahatseng le le ba Lebohang.” Lipotso le likarabo. Bohle ba lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho mema liithuti tsa Bibele, batho ba thahasellang, litho tsa lelapa tse nang le tšekamelo e ntle le bara le barali babo rōna leha e le bafe ba sa kopaneleng le phutheho ka mafolofolo hore ba be teng Sehopotsong. Etsa pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea memelang motho ea thahasellang Sehopotsong a sebelisa memo ea Sehopotso. Fana ka litlhaloso tse eketsehileng tse tsoang ho Molula-Qhooa oa July 1, 1988, leqepheng la 11, serapeng sa 16-17. Khothalletsa bohle ba ka khonang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April le May.
15 mets: “Ho Thusa Malapa ho Fumana Bokamoso bo Sireletsehileng ba ka ho sa Feleng.” (Serapa sa 6-8) Fana ka litlhahiso tse bontšang kamoo ho ka tsamaisoang buka ea Thabo ea Lelapa ha ho fanoa ka bopaki bo sa reroang mosebetsing, sekolong, serapeng sa boikhathollo kapa lipalangoeng tsa sechaba esita leha motho a etetsoe ke beng ka eena. E-re mohoeletsi ea nang le bokhoni a etse pontšo ka linehelano tse leng serapeng sa 6 le 7. Puisano leetong la ho boela e lokela ho thusa motho ho utloisisa kamoo thuto ea Bibele e ka matlafatsang likamano tsa lelapa. Lithuto li lokela ho khannoa ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, pakane e le ho fetela bukeng ea Tsebo, kapa thuto e ka qalisoa ka buka ea Tsebo ka boeona.
Pina 72 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 March
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Likhopotso Tsa Sehopotso,” ’me u bolele litokisetso tsa phutheho tsa Sehopotso. Bohle ba lokela ho etsa litokisetso tsa ho qetela tsa ho thusa liithuti tsa Bibele le batho ba thahasellang ho ba teng. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo letsatsing la phomolo ea sechaba la la 21 March.
15 mets: Puo ka moholo sehloohong se reng “Na ho Hlile ho Hlokahala Hore U Kōpe Tšoarelo?” ho tsoa ho Molula-Qhooa oa September 15, 1996, leqepheng la 22-4.
15 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997 Hamolemo. Ntate o hlahloba lintlha tsa sehlooho tse akarelitsoeng leqepheng la 3-9 hammoho le lelapa la hae. O bontša lebaka leo ka lona re thabelang ho bona khatelo-pele ea puso ea Molimo ho pota lefatše lohle. Ntate o hlalosa kamoo nakong e tlang har’a selemo, ba ka sebelisang metsotso e seng mekae letsatsi le letsatsi linakong tsa lijo ho bala ka ho tsoelang pele Buka ea Selemo esita le ho hlahloba temana ea letsatsi. Haeba le e-s’o fumane Buka ea Selemo ea 1997, buisanang ka litlhoko tsa phutheho.
Pina 75 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 March
9 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa hore ha e e-s’o be morao haholo bakeng sa ho etsa kōpo ea bopula-maliboho bo thusang ka April. Bolela litokisetso tse eketsehileng tse etsoang phuthehong bakeng sa liboka tsa tšebeletso ea tšimo har’a khoeli.
24 mets: “Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela.” (Serapa sa 1-20) Lipotso le likarabo. Etsa pontšo e khutšoanyane serapeng sa 16.
12 mets: Ho Thusa Mohoeletsi e Mocha ho Qalisa Tšebeletsong. Hlahloba serapa sa 19 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996. Etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi ea nang le bokhoni a lokisetsang seithuti sa Bibele seo baholo ba sa tsoa se amohela hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ba hlahloba hammoho buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 111, serapeng sa 2. Mohoeletsi ea nang le phihlelo o se bontša seo mohlomong se tla kopana le sona ha se kopanela bopaking ba ntlo le ntlo le hore ha ho hlokahale hore se nyahame haeba batho ba bangata ba sa arabele hantle. Mohoeletsi o pheta phihlelo e khothatsang e bontšang thabo eo re e tlisetsoang ke ho fumana motho ea tšepahalang ea mamelang. Ba lokisetsa nehelano e khutšoanyane, e bonolo ea makasine le ho itlhakisetsa eona hammoho. Ho fanoa ka pabatso e khothatsang ’me ho etsoa litokisetso tse tiileng tsa ho kopanela hammoho tšebeletsong ea tšimo bekeng ena.
Pina 89 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 31 March
n15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Memela bohle ba thahasellang ho ba teng puong ea phatlalatsa e khethehileng ka la 6 April. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa March. Tsebisa mabitso a bohle bao e leng bo-pula-maliboho ba thusang ka April. Hlahloba Lebokose la Lipotso.
20 mets: “Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela.” (Serapa sa 21-35) Lipotso le likarabo. Hlahloba lebokose le leqepheng la 3. Khothalletsa bohle ho bala leeto le leng le le leng la ho boela leo ba le entseng har’a khoeli ha ba tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo.
10 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tseo ho Tla Nehelanoa ka Tsona ka April. Nehelana ka peeletso ea Molula-Qhooa kapa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ka bokhutšoanyane pheta litlhahiso tsa kamoo ho ka lokisetsoang linehelano tse hlahang serapeng sa 3, 4, le 8 leqepheng la 12 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996. E-re bahoeletsi ba babeli ba etse pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane ’me e ’ngoe e bontše ha peeletso e hanoa ’me ho nehelanoa ka limakasine. Bahoeletsi ba lokela ho boloka tlaleho ea ba nkileng limakasine le ho ba kenyelletsa tselaneng ea bona ea limakasine.
Pina 92 le thapelo e koalang.