Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
1 Pele u fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete, mohlomong u ne u e-na le lipotso tse ngata ka bophelo tseo u neng u sa khone ho li araba. E tlameha ebe u ile ua thaba hakaakang ha u fumanela lipotso tseo likarabo tse tsoang ka Bibeleng! Hona joale u tseba ho thusa ba bang ho fumana likarabo tse tšoanang. (Bapisa le 2 Timothea 2:2.) U ka abelana le bona tsebo ea Molimo e isang bophelong bo sa feleng. (Joh. 17:3) Empa u ka thusa motho e mong joang ho ananela bohlokoa ba tsebo ee? Nahana ka lipotso tseo ’nete e u arabeletseng tsona. Ke eng seo babatli ba ’nete ba lakatsang ho se tseba? Ho nahana ka lintho tsena ho ka u thusa ho nehelana ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Litlhahiso tse latelang li ka u thusa ha u lokisetsa ho paka ka June.
2 Kaha batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakana lefatšeng, katamelo ena e ka etsa hore ho be le karabelo e ntle:
◼ “Ha koluoa e e-ba teng kapa ha liketso tsa tlōlo ea molao le pefo li eketseha, hangata batho ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe joalo li etsahala. U ka araba joang?” Ema ’me u ananele karabelo ea motho eo. Joale phetla khaolong ea 8 bukeng ea Tsebo, ’me u mo hlokomelise ka se boletsoeng serapeng sa 2. Hlalosa hore buka ena e fana ka tlhaloso ea Bibele ea hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe li etsahala, ebe u re: “Ke tla thabela ho u siela kopi ena ka monehelo oa R4,00.”
3 Ha u khutlela moo u tsamaisitseng buka ea “Tsebo,” u ka re:
◼ “Ke thahasella sephetho seo u se finyeletseng mabapi le hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakana lefatšeng. Na u lumellana le karabo ea Bibele joalokaha e boletsoe bukeng ee?” Emela karabelo. Bala serapa sa 17 leqepheng la 77 bukeng ea Tsebo, ’me u ithaopele ho bala Baroma 9:14 Bibeleng ea mong’a ntlo. Joale u ka re: “Litaba tse thabisang ke hore Molimo hase eena ea re bakelang bohloko le mahlomola. O tšepisitse ho re neha bophelo bo sa feleng le thabo. Khaolo ea pele bukeng ena e re ‘U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!’ Ke rata ho u hlalosetsa kamoo seo e ka bang ’nete kateng ho uena le baratuoa ba hao.” Phetla khaolo ea 1, le ho mo bontša mokhoa oa rōna oa ho ithuta. Akaretsa boitsebiso bo bongata kamoo ho ka khonehang kateng khaolong ena.
4 Mohlomong u ka khetha ho sebelisa kenyelletso e leng leqepheng la 14 la buka ea “Ho Bea Mabaka” tlas’a sehlooho “Botsofali/Lefu”:
◼ “Na u kile ua ipotsa, ‘Ekaba lefu ke bofelo ba lintho tsohle? Kapa na ho na le ntho e ’ngoe e itseng ka mor’a lefu?’ [Emela karabelo.] Bibele e araba ka ho hlaka potso leha e le efe eo mohlomong re ka bang le eona ka lefu. [Bala Moeklesia 9:5, 10.] E boetse e bontša hore ho na le tšepo ea sebele ho ba nang le tumelo. [Phetla serapa sa 13 leqepheng la 84 bukeng ea Tsebo; ’me u bale le ho hlalosa mantsoe a Jesu a ho Johanne 11:25.] Khaolo ena eohle e araba potso e reng, Ho etsahala’ng ka baratuoa ba rōna ba shoeleng? Haeba u rata ho e bala, nka u siela kopi ena ka monehelo oa R4,00.”
5 Ha u etsa leeto la ho boela, u ka nchafatsa botsoalle ebe joale u re:
◼ “Nakong e fetileng re buisane ka se etsahalang ha motho a e-shoa. Batho ba bangata ba lumela hore bophelo leha e le bofe ka mor’a lefu bo tla fumaneha leholimong kapa liheleng. Na u kile ua nahana ka nako eo ka eona bafu ba tla phela hape mona lefatšeng? [Emela karabelo.] Ho latela Bibele, ba tsositsoeng ba tla ba har’a ba bonolo ba ruang lefatše. [Bala Pesaleme ea 37:11, 29, ebe le tšohla serapa sa 20 leqepheng la 88 bukeng ea Tsebo.] Tšepo eo e fane ka matšeliso ho batho ba limilione ba neng ba phela ba tšaba lefu. Buka ena e tla u thusa ho utloisisa taba hamolemo. Na nka u bontša hore na see se etsoa joang?”
6 Haeba u rata taba e bonolo, mohlomong u ka leka ena:
◼ “Ho na le setšoantšo seo ke ratang ho u bontša sona bukeng ena ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Na setšoantšo see ha se setle?” Phetla buka hore mong’a ntlo a bone leqephe la 4-5. Emela karabelo ea hae. Joale bala mantsoe a leqepheng la 5. Phetha ka ho re: “U ka iphumanela buka ena e le hore u ipalle eona ka monehelo o monyenyane oa R4,00.” Botsa hore na nako e loketseng e tla ba efe bakeng sa ho khutla ho tla ntšetsa pele thahasello leha e le efe e bontšitsoeng.
7 Re na le tsebo e tsoang ho Molimo e arabang lipotso tsa bohlokoa bophelong. Lokisetsa ka khothalo, ’me Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho abela ba batlang ’nete boitsebiso bona bo phelisang.