Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/97 leq. 3
  • Ke Tla Re’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tla Re’ng?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka Maetong a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Na U Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Batlang ba Lumelang ho Rutoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 11/97 leq. 3

Ke Tla Re’ng?

Ha re teana le batho ba arabelang hantle tšebeletsong, re lakatsa ho khutlela ho bona ho ba pakela ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, mohlomong ha re tsebe hantle seo re tla se bua ho qalisa puisano e latelang. Mohlomong u ka leka katamelo ena: Botsa potso e thahasellisang, ebe joale u phetla bukeng ea Ho Bea Mabaka ho mo bontša karabo ea Mangolo. Ho tla ba molemo ho ba le lethathamo la lipotso leo u ka khethang ho lona potso eo u ikutloang hore e tla arabeloa hantle poelong e itseng. Lethathamo le ka tlaase mona, le nkiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, le bontša leqephe leo karabo e fumanoang ho lona:

◼ Ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? (217)

◼ Na ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela ho Molimo? (329)

◼ Na ka sebele Molimo o tsotella se etsahallang rōna batho? (331)

◼ Na motho o tlameha ho ea leholimong hore a be le bokamoso bo thabileng ka sebele? (225)

◼ Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa ho tseba le ho sebelisa lebitso la botho la Molimo? (187)

◼ ’Muso oa Molimo o tla finyella eng? (337)

◼ Morero oa bophelo ba motho ke ofe? (83)

◼ Ke hobane’ng ha malumeli a le mangata hakana? (71)

◼ Motho a ka tseba joang hore na ke bolumeli bofe bo nepahetseng? (78)

◼ Satane ke sebōpuoa se matla hakae lefatšeng la kajeno? (391)

◼ Ke hobane’ng ha Molimo a lumella ho hlomoha? (130)

◼ Ke hobane’ng ha bokhopo bo le bongata hakaale? (64)

U ka kenya lethathamo le joalo la lipotso ka Bibeleng ea hao kapa ka bukeng ea Ho Bea Mabaka e le hore u fumane taba kapele. Ho nahana ka ntho e itseng e tobileng eo u tla e bua maetong a ho boela ho tla u khothalletsa ho tšepahala ho latella thahasello eohle eo u e fumanang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela