Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Re thaba le Liphutheho tsa Waterval (Dennilton), Tongaat le Umlazi East tseo Liholo tsa ’Muso tsa tsona li ileng tsa neheloa ka khoeli ea July. Sena se etsa hore kakaretso ea Liholo tsa ’Muso tse ileng tsa neheloa selemong sa tšebeletso sa 1997 e be 17.
Ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1997, leqepheng la 3, serapeng sa 4 le sa 5, re ile ra boela ra khothalletsoa hore re ithaopele ho tšehetsa mosebetsi ona o motle. Na u se u nkile khato ka kōpo ea hore u tlatse foromo ea Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82)?