Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/97 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 12/97 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 1September ho ea ho la 22 December, 1997. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa nore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse late-lang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ho ne ho ke ke ha e-ba le bokhopo hoja Molimo a se ke a fa libōpuoa tse bohlale bolokolohi ba boikhethelo. [rs-SU leq. 65 ser. 2]

2. Ho Luka 22:30, “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele“ e na le moelelo o tšoanang le oa e ho Matheu 19:28, moo tšebeliso e atolohelang ka ng’ane ho baprista ba tlaasana ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu ho akarelletsa le batho ba bang bohle. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w87-SU 3/1 leq. 27 ser. 10; leq. 28 ser. 12.]

3. Lebaka leo barutuoa ba Jesu ba ileng ba makala ka lona ha a bua le mosali oa Mosamaria ke hobane a ne a-ena le semelo sa boitšoaro bo bobe. (Johanne 4:27) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w95-SU 7/15 leq. 15 lir. 1-2.]

4. Poleloana “ho tloha tšimolohong” ho Johanne 6:64 e bontša hore Jesu o tsebile nakong eo ka eona Judase a khethoang e le moapostola hore e ne e tla ba eena ea tla Mo eka. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le rs-SU leq. 359 lir. 2-3; it-2 leq. 129 lir. 4-6.]

5. Molao-motheo oa Mokhatlo oa 1884 o ile oa bua feela ka hore e ne e le mokhatlo oa khatiso. jv-SU leq. 576 ser. 2]

6. Exoda 21:22,23 e re thusa ho utloisisa hore Molimo o talima ngoana ea e-song ho hlahe e le bophelo ba bohlokoa. [kl-SU leq. 128 ser. 21]

7. “Mokete oa Bajuda” o boletsoeng ho Johanne 5:1 o supa Paseka ea 31 C.E. [si-SU leq. 194 ser. 8]

8. Ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka seeale-moea le thelevishene ho atleha joaloka mekhoa leha e le efe e meng eo re ka e sebelisang. jv-SU leq. 572 ser. 3]

9. Petrose oa Pele 3:3, 4 ha e thibele ho sebelisoa ho itekanetseng le ho nang le kahlolo e molemo ha mabenyane le litlolo feela joalokaha e sa thibele ho apara liaparo tsa ka holimo. [rs-SU leq. 53 ser. 1]

10. Ho sa tsotellehe hore na ba boholong ba ta-lingoa ba lokile kapa ba sa loka, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ngolisa manyalo a bona ka molao ho bona. [kl-SU leq. 122 ser. 11]

Araba lipotso tse latelang:

11. Tumellanong le mohlala oa Bakreste ba Efese ba lekholong la pele la lilemo, ke bohato bofe bo hlokahalang bo tlamehang ho nkuoa ho hanela meea e khopo? (Lik. 19: 19) [kl-SU leq. 114 ser. 14]

12. Mangeloi a mang a ile a etsa sebe joang mehleng ea Noe? [kl-SU leq. 109 ser. 4]

13. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ho ameha tsekisanong ea lefa? (Luka 12:13, 14) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w97-SU 4/1 leq. 28.]

14. Ke eng seo barutuoa ba neng ba sa se hlokomele ha ba botsa Jesu hore na o ne a tl’o tsosolosa ’Muso oa Iseraele, joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 1:6? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w90-SU 6/1 leq. 11 ser. 4.]

15. Ke hobane’ng ha Adolf Hitler a sa khona ho phetha tšoso ea hae ea ho felisa batho ba Jehova? [jv-SU leq. 553 lir. 2-4]

16. Ke hobane’ng ha mosali oa Mokreste a roala hloohong liketsahalong tse ling? [rs-SU leq. 51 ser. 3]

17. Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatse le Lecha e re “Lentsoe e ne e le molimo,” e sa re “Lentsoe e ne e le Molimo,” joalokaha liphetolelo tse ling li etsa ho Johanne 1:1? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le rs-SU leq. 192 ser. 5.]

18. Ho ea ka buka ea Tšenolo, “ba etsang liketso tsa tumelo ea ho sebelisana le meea” ba tla fella kae haeba ba sa bake ’me ba fetola litsela tsa bona? [kl-SU leq. 111 ser. 8]

19. Kaha Jesu e ne e le motho ea phethahetseng ’me a lumela karolo ea hae e le Mosuoe, ke hobane’ng ha a sa ka a lumela hore a bitsoe “Mosuoe ea Molemo”? (Luka 18:18,19) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w95-SU 3/1 leq. 15 ser. 7.]

20. Ke eng e neng e le ncha ka taelo e boletsoeng ho Johanne 13:34? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w90-SU 2/1 leq. 21 lir. 5-6.]

Fana ka (le)mantsoe kapa poleloana e hlo-kahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Ea nkelang Judase Iskariota sebaka o ile a khethoa ke Jehova ka mor’a hore barutuoa ba Jesu ba rapele le ho laola ka lotho

pakeng tsa ․․․․․․․․․․․․․․․ le ․․․․․․․․․․․․․․․.(Lik. 1:

24-26) [bona le w90-SU 6/1 leq. 11 ser. 6.]

22. “Limina tse leshome“ li emela ․․․․․․․․․․․․․․․ ao barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba ka a sebelisang ho hlahisa ․․․․․․․․․․․․․․․ a eketsehileng a ’Muso oa leholimo. (Luka 19:13) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w89-SU 10/1 leq. 8.]

23. Liqoso tse tharo tsa bohata tseo Bajuda ba li entseng khahlanong le Jesu ho Pilato, ’musisi oa Moroma oa Judea, li ne li akarelletsa ho khelosa ․․․․․․․․․․․․․․․․, ho thibela ho

lefshoa ha ․․․․․․․․․․․․․․․․, le ho bolela hore Eena ka Boeena e ne e le ․․․․․․․․․․․․․․․․(Luka

23:2) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w90-SU 12/1 leq. 9 ser. 1.]

24. Bakreste ba ’nete ha ba keteke Keresemese kapa letsatsi leha e le lefe la phomolo le thehiloeng litumelong tsa bolumeli tsa bohata hobane ba neha Jehova ․․․․․․․․․․․․․․․; hape ha ba boloke matsatsi a phomolo a ․․․․․․․․․․․․․․․ batho ba baetsalibe kapa lichaba. [kl-SU leq. 126 ser. 16]

25. Buka ea Liketso e ngotsoe ke ․․․․․․․․․․․․․․․․ ha a ne a le ․․․․․․․․․․․․․․․․[si-SU leq. 199 ser. 3]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ka 1992, liithuti tse fetang (2 500; 4 500; 6 500) tse tsoang linaheng tse (40; 80; 110) li ne li koetlisitsoe Gileade ’me ka morao ho moo tsa sebeletsa linaheng le lihlopheng tsa lihlekehleke tse fetang (100; 150; 200). jv-SU leq. 524 ser. 2]

27. Ka (1877; 1879; 1881) Charles T. Russell o ile a hatisa bukana e reng The Object and Manner of Our Lord’s Return, ’me ka (1877; 1879; 1881) o ile a qala ho hatisa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. jv-SU leq. 557 ser. 1]

28. Ho phela ha rōna bophelo ba bomolimo ho fana ka tiiso ea hore (kamehla re tla tšoaroa hantle ke ba bang; re tla thabela lintho tse ngata tse bonahalang hona joale; re tla amoheloa ke Molimo hobane re etsa se ne pahetseng).[kl-SU leq. 118 ser. 2]

29. Ha Jesu a ne a botsa moapostola Petrose, “Na u nthata ho feta tsee [“bana,” Bibele ea Sesotho]?,” O ne a botsa Petrose hore na o ne a Mo rata ho feta (kamoo a ratang barutuoa ba bang kateng na; kamoo barutuoa ba bang ba ratang Jesu kateng; kamoo a ratang lintho tsena, tse kang litlhapi kateng). (Johanne 21:15) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w-SU11/1 leq. 31 ser. 9.]

30. Karolong e khōlō, ba ’nileng ba etella pele ho haseng litaba tse molemo e ’nile ea e-ba (batho ba ruileng; batho bao lefatše le ba khellang fatše; batho ba tloaelehileng). jv-SU leq. 548 ser. 3]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Mat. 5:14-16; Liprov. 3:9, 10; Luka 9:60, 62; 13: 4, 5; Joele 2:28, 29

31. Jesu o ile a hanyetsa monahano oa hore bokamoso boa hloloa, ha a bua ka tlokotsi e neng e tsebahala haholo ho bamameli ba hae le eo hape ho bonahalang a ile a bontša hore e bakiloe ke nako le ketsahalo e sa lebelloang. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona le w96-SU 9/1 leq. 5 ser. 5.]

32. Basali e ka ba baboleli, bahoeletsi, basebeletsi ba litaba tse molemo ka ntle ho libokeng tsa phutheho. [rs-SU leq. 51 ser. 2]

33. Ho inehela ka moea oohle hoa hlokahala e le hore motho a ka kena ’Musong. [si-SU leq. 192 ser. 32]

34. Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re sebelisa nako ea rōna, matla, le matlotlo a mang a rōna, ho akarelletsa le lichelete tsa rōna ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. [kl-SU leq. 120 ser. 8]

35. Bao e leng Bakreste e tlameha ho ba lipaki tse mafolofolo ho pakela lefatše ka lebitso la Molimo le merero ea hae. [rs-SU leq. 216 ser. 4]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela