Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/1 maq. 20-25
  • Ho Pepesa “Motho ea Hlokang Molao”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pepesa “Motho ea Hlokang Molao”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tlamehile ho Rata ba Bang
  • Ho Pepesa Motho ea Hlokang Molao
  • Ka Matla a Makaale Hobane’ng?
  • Kahlolo ea Molimo Khahlanong le “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Khetholla “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Kreste o ne a Hloile ho Hloka Molao—Na U ho Hloile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Malumeli a Lefatše a Fana ka Ketello Pele e Nepahetseng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/1 maq. 20-25

Ho Pepesa “Motho ea Hlokang Molao”

“Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”—TŠENOLO 18:4.

1, 2. (a) Motho ea hlokang molao a ka khetholloa joang? (b) Boikutlo ba Molimo ke bofe ka ba bolelang hore baa o sebeletsa empa ba le molato oa mali? (Mattheu 7:21-23)

LENTSOE la Molimo le boletse esale pele ka ho tla ha “motho ea hlokang molao.” Hape le boletse esale pele hore karolo ena e khopo e ne e tla ‘felisoa ’me e ripitloe’ ke Mophethahatsi oa Kahlolo oa leholimo ea behiloeng ke Molimo, Kreste Jesu. (2 Ba-Thessalonika 2:3-8, NW) Joalokaha lihlooho tse ka pele li bontšitse, motho eo ea hlokang molao ke baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ke khale ba lahlile linnete tsa Lentsoe la Molimo ’me ba amohetse lithuto tsa bohedene, tse kang Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, le ho se shoe ha moea. Ho phaella moo, ba hlahisitse mesebetsi e khahlanong le melao ea Molimo. Joaloka bao Pauluse a ileng a lemosa Tite ka bona, “ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso; ke ba manyala le ba hanang ho utloa, ’me ba sitoa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.”—Tite 1:16.

2 Jesu o itse: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” Baprofeta ba bohata ba ne ba tla hlahisa “litholoana tse mpe.” (Mattheu 7:15-17) Bopaki ba litholoana tse mpe tsa baruti ke molato oa bona o moholo oa mali. Ka makholo a lilemo ba ’nile ba tšehetsa lintoa tsa Bokreste, makhotla a otlang bakhelohi, le lintoa tse ’nileng tsa tšolla mali a ba limillione. Ba ’nile ba rapella ba ba ba hlohonolofatsa mahlakore ka bobeli lintoeng tseo ho tsona litho tsa malumeli a bona li ileng tsa bolaeana. Ka lehlakoreng le leng, moapostola Pauluse o ile a khona ho bolela: “Ke hloekile maling a batho bohle.” (Liketso 20:26, NW) Baruti ha baa hloeka. Ho batho ba joalo Molimo oa phatlalatsa: “Leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.”—Esaia 1:15.

3. Ke liketsahalo life tseo e leng tsa bohlokoa ho lefatše lohle tse atamelang ka potlako?

3 Nako ea Molimo ea ho phethahatsa kahlolo ea oona holim’a motho ea hlokang molao e atamela ka potlako. Haufinyane, joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, “mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Mattheu 24:21) Nako eo ea khathatso eo ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona e tla qala ka ho phethahatsoa ha kahlolo holim’a Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o akarelletsang malumeli a Bokreste-’mōtoana. Likarolo tsa bopolotiki ‘li tla mo felisa, li mo hlobolise, li je nama tsa hae, ’me li mo chese mollong.’ (Tšenolo 17:16) Mahlomola a maholo a tla qetella ka timetso ea karolo e setseng ea lefatše la Satane ka Harmagedone, “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.”—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-22.

Ba Tlamehile ho Rata ba Bang

4. Ba rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete” ba tlameha ho hopola eng?

4 Kaha liketsahalo tsena tse tla sisinya lefatše li haufi le ho tla lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona, ba ‘rapelang Ntate ka moea le ka ’nete’ ba na le litlamo life? (Johanne 4:23) Ea pele, ba tlameha ho hopola hore Jesu o itse: “Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka, joale ka ha le ’na ke bolokile melao ea Ntate, ’me ke lutse leratong la hae. . . . Molao oa ka ke hoba le ratane, joale ka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae. Lōna le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona.”—Johanne 15:10-14; 1 Johanne 5:3.

5, 6. (a) Jesu o laetse barutuoa ba hae hore ba etse eng e neng e tla ba khetholla? (b) Ke ka kutloisiso efe oo e neng e le molao o mocha?

5 Ka hona Bakreste ba ’nete ba tlameha ho rata batho ba bang, haholo-holo baena le bo-khaitseli ba bona ba Bakreste ba linaha tsohle. (Liketso 10:34; Ba-Galata 6:10; 1 Johanne 4:20, 21) Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba tlameha ho ba le “lerato le matla e mong ho e mong.” (1 Petrose 4:8, NW) Lerato la mofuta oo lefatšeng lohle le ba khetholla e le barapeli ba ’nete, hobane Jesu o itse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:34, 35.

6 Ke eng e neng e le ncha ka molao oo? Na tlas’a Molao oa Moshe Bajode ba ne ba sa fuoa taelo ee, “Rata oa heno joale ka ha u ithata”? (Levitike 19:18) E, empa Jesu o bontšitse ho hong ho eketsehileng ha a re, “Joale ka ha ke le ratile.” Lerato la hae le ile la akarelletsa ho tella ba bang bophelo ba hae, ’me barutuoa ba hae ba lokela ho etsa ho tšoanang. (Johanne 15:13) Leo e ne e le lerato le phahameng haholoanyane, kaha sehlabelo se joalo se ne se sa hlokoe ke Molao oa Moshe.

7. Ke bolumeli bofe bo utloileng molao oa lerato lekholong lee la lilemo?

7 Lekholong la rōna la lilemo, ke bolumeli bofe bo utloileng molao oo oa lerato? Ka sebele hase malumeli a Bokreste-’mōtoana, hobane ba ile ba bolaeana ka mashome a limillione lintoeng tse peli tsa lefatšeng le liqhoebeshanong tse ling. Ke Lipaki tsa Jehova tse utloileng molao oa lerato lefatšeng ka bophara. Li bolokile ho se nke lehlakore ho sa fetoheng lintoeng tsa lichaba, hobane Jesu o boletse hore balateli ba hae e tlameha hore e se be “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) Ka hona, joaloka Pauluse, li ka bolela hore li “hloekile maling a batho bohle.” E le mohlala, hlokomela karolo e qalang ea qeto eo bahlanka ba Jehova ba ileng ba e nka Washington, D.C., kopanong ea la 27 Pulungoana, 1921:

“Joaloka Bakreste bao ka tieo ba loanelang ho latela lithuto tsa Kreste Jesu Morena oa rōna le Baapostola ba hae, re tiisa: hore ntoa ke mosaletsa oa bobatana, e senya boitšoaro bo botle ’me ke thohako ho lichaba tsa Bakreste; hore melao-motheo e rutiloeng ke Morena Jesu Kreste e thibela Bakreste ba ikhethetseng tšebeletso e halalelang ho kenella ntoeng, tšollong ea mali kapa pefong ea mofuta ofe kapa ofe.”

8. Tlaleho ea histori e re’ng ka Lipaki tsa Jehova nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše?

8 Pono eo e ile ea sebelisoa joang Ntoeng ea II ea Lefatše? Ntoeng eo e mpe ka ho fetisisa historing eohle ea batho, batho ba ka bang limillione tse 50 ba ile ba bolaoa. Empa ha ho lea mong ea ileng a bolaoa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova! Ka mohlala, hoo e ka bang baruti bohle ba Jeremane ka mafolo-folo kapa ka mokhoa o sa tobang ba ile ba tšehetsa Bonazi. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova tlas’a puso ea Manazi li ile tsa boloka ho se nke lehlakore ho sa fetoheng ’me tsa hana ho etsa tumeliso e khethehileng ho Hitler kapa ho ba karolo ea lebotho la hae la sesole. Kahoo, ha lia ka tsa bolaea ofe kapa ofe oa baena ba tsona ba moea ba linaha tse ling, kapa leha e le ofe e mong. ’Me Lipaki tsa Jehova tsa linaha tse ling le tsona li ile tsa lula li sa nke lehlakore.

9. Ho etsahetse’ng ka Lipaki tsa Jehova Jeremane le Austria tlas’a puso ea Manazi?

9 Lipaki tsa Jehova tse ngata li ’nile tsa tela bophelo ba tsona molemong oa metsoalle ea tsona ka ho utloa molao oa lerato. Tlhahlobo ea buka Kirchenkampf in Deutschland (Ntoa ea Likereke Jeremane), ea Friedrich Zipfel, mabapi le Lipaki e re: “Karolo ea mashome a robong a metso e supileng lekholong ea litho tsa sehlopha sena se senyenyane sa bolumeli e ile ea hlaseloa ke mahloriso a Puso ea Sechaba ka Lentsoe la Basebetsi [Nazi]. Karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea tsona e ile ea bolaoa, ka ho ahloleloa lefu, liketso tse ling tse mabifi, tlala, ho kula kapa mosebetsi o thata oa bokhoba. Bohloko ba khatello ena bo ne bo se na bo ka bapisoang le bona bo bileng teng pele ’me e ne e le phello ea tumelo e sa sekisetseng e neng e ke ke ea etsoa hore e lumellane le khopolo ea Puso ea Sechaba ka Lentsoe la Basebetsi.” Austria, karolo ea 25 lekholong ea Lipaki tsa Jehova e ile ea ahloleloa lefu, ea otloa ho isa lefung, kapa ea bolaoa ke ho kula kapa mosebetsi o boima likampong tsa Manazi.

10. Ba ileng ba shoa ka baka la ho utloa molao oa lerato ba ne ba e-na le kholiseho efe?

10 Ba bolaetsoeng tumelo ka baka la ho utloa molao oa lerato ba ne ba kholisehile hore “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi [ea bona], le kamoo lerato [la bona] le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.” (Ba-Heberu 6:10) Ba ne ba tseba hore “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Ba ne ba e-na le tšepo e tiileng ea ho tsosetsoa bophelong bo sa feleng.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

11. Bahlanka ba Jehova ba ikhetha ka tsela efe, ’me ke boprofeta bofe bo phethahatsoang ho bona?

11 Bahlanka ba Jehova baa ikhetha ka ho utloa molao oo Petrose le baapostola ba bang ba ileng ba o bolella lekhotla le phahameng: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Kahobane Lipaki tsa Jehova li etsa sena, li tšehelitsoe ke “moea o halalelang oo Molimo o o neileng ba o utloang.” (Liketso 5:32) Ao ke matla a etsang hore li khone ho phethahatsa boprofeta bo ho Esaia 2:2-4. Ho ile ha boleloa esale pele hore nakong ea rōna borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa le hore batho ba tsoang lichabeng tsohle le malumeling ba ne ba tla phallela ho bona. Phello e ’ngoe e ne e tla ba hore: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Kahobane bahlanka ba Jehova ba itokisetsa bophelo lefatšeng le lecha la khotso, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba ithuta molao oa lerato.—Johanne 13:34, 35.

12. Ba utloang molao oa lerato ba tlameha ho etsetsa ba bang eng?

12 Kaha lerato la Bokreste le akarelletsa ‘ho rata oa heno joale ka ha u ithata,’ bahlanka ba Molimo e ke ke ea e-ba baithati ka seo ba se tsebang. (Mattheu 22:39) Ho sa ntsane ho e-na le ba bang ba bangata ba neng ba tla batla ho sebeletsa Molimo le ho phela lefatšeng la oona le lecha. Ha nako e sa ntsane e le teng, ho hlokahala hore bana le bona ba ithute ka molao oa lerato le linnete tse ling tse ngata tse amanang le ’Musi oa Bokahohle, Jehova Molimo. Ba tlameha ho rutoa hore Jehova ke eena feela ea tšoaneloang ke borapeli bo tsoang ho rōna le hore na borapeli boo bo lokela ho neheloa joang. (Mattheu 4:10; Tšenolo 4:11) Ba seng ba ntse ba ithutile lintho tsena ba tlas’a tlamo ea ho li bolella ba bang e le hore le bona ba ka fumana mohau oa Jehova.—Ezekiele 33:7-9, 14-16.

Ho Pepesa Motho ea Hlokang Molao

13. E le karolo ea bopaki ba rōna ba lefatše ka bophara, re tlameha ho tsebahatsa eng, hona hobane’ng?

13 Jesu o itse “evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) E le karolo ea bopaki bona ba lefatše ka bophara, bahlanka ba Molimo ba tlas’a tlamo ea ho tsebahatsa kahlolo ea oona ho bolumeli ba bohata, haholo-holo baruti ba Bokreste-’mōtoana. Bana ke ba nyatsehang le ho feta mahlong a Molimo hobane ba bolela hore ke Bakreste. Ba tlameha ho pepesoa e le hore ba batlang ho sebeletsa Molimo ba ka lokolloa tšusumetsong ea bona le hore ba ka nka mehato e loketseng bakeng sa pholoho. Joalokaha Jesu a boletse: “’Nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.

14. Ke molaetsa ofe o hlakileng o tlamehang ho phatlalatsoa mabapi le bolumeli ba bohata?

14 Ka hona, Lipaki tsa Jehova li tlameha ho tsebahatsa molaetsa ona o bululetsoeng o mabapi le bolumeli ba bohata: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae. . . . Likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo; hobane o matla, Molimo o mo ahlolang.”—Tšenolo 18:4-8.

15. Selemo sa 1914 se ile sa kenella joang kemisong ea Jehova, ’me phello e bile efe ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše?

15 Boprofeta ba Bibele bo bontša hore ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea lintho e qalile selemong se mahlonoko sa 1914. (2 Timothea 3:1-5, 13; Mattheu 24:3-13) Ho tloha selemong seo re phetse “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Hang ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, tumellanong le kemiso ea Jehova, ka matla bahlanka ba hae ba ile ba qala ho atolosa phatlalatso ea bona ka ’Muso oa Molimo joalokaha ho hlile ha boleloa esale pele ho Mattheu 24:14. Hape ba ile ba qala ho pepesa bolumeli ba bohata ka matla a maholoanyane, haholo-holo sehlopha se hlokang molao sa baruti ba Bokreste-’mōtoana ba bakoenehi.

16. Ho pepesoa ha motho ea hlokang molao ho iphile matla joang ka nako e fetang lilemo tse 70?

16 Ka lilemo tse fetang 70 hona joale, ka matla a ntseng a eketseha ka mehla, bahlanka ba Molimo ba ’nile ba lemosa batho ka mosebetsi o thetsang oa motho ea hlokang molao. Ho ne ho e-na le Lipaki tse likete tse seng kae feela tse neng li etsa sena ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Empa hona joale li fetohile “sechaba se matla” sa basebeletsi ba mafolo-folo ba ka holimo ho limillione tse tharo le halofo ba hlophisitsoeng ka liphutheho tse fetang 60 000 lefatšeng lohle. (Esaia 60:22, NW) Ka tekanyo e ntseng e hōla, ka cheseho bahlanka ba Molimo ba bolela ka ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela ea batho ’me, ka nako e tšoanang, ba pepesa baruti ka seo ba leng sona—motho ea hlokang molao ea thetsang.

Ka Matla a Makaale Hobane’ng?

17. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba pepesitse motho ea hlokang molao ka matla?

17 Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ’nile ba pepesa motho ea hlokang molao ka matla ho theosa le lilemo tsee tsohle? Hobane ba limillione ba bongata bo boholo ba linku tsa Jehova ba seng ba ntse ba le tseleng e isang polokehong ba tlameha ho sireletsoa lefatšeng la Satane le bolumeling ba lona ba bohata. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9-14) Ho feta moo, ntle le hore baruti ba pepesoe, batho ba lipelo li tšepahalang bao e e-song ho be karolo ea mohlape oa Molimo ba ne ba ke ke ba tseba hore na ke joang ba ka qobang tsela e fosahetseng. Kahoo ba tlameha ho tsebisoa, feela joalokaha Jesu a ile a tsebisa batho ha a bolela tjena mabapi le baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi ba mehleng ea hae: “Ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.”—Mattheu 15:14; bona le 2 Ba-Korinthe 4:4; 11:13-15.

18. Ho hlokahala hore batho ba batlang ’nete ba tsebe eng?

18 Baruti ke karolo ea lefatše la Satane. (Johanne 8:44) Empa ke lefatše leo haufinyane Molimo o tla le robaka hore le se hlole le e-ba teng. (2 Petrose 3:11-13; 1 Johanne 2:15-17) Kahoo Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Jakobo 4:4) Baruti ba iphapanyetsa temoso eo ’me ba tsoela pele ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Ba bolella balateli ba bona hore lefatše le molemonyana le tla tlisoa ke boiteko ba bo-ralipolotiki. Empa eo ke tšepo ea bohata, hobane lefatše lena le tlas’a Satane le tseleng ea ho felisoa. Kahoo batho ba talimileng lefatšeng lena bakeng sa tšepo ba ntse ba thetsoa. Ho hlokahala hore ba bolelloe ’nete ka hore na lefatše le lebile hokae le se tla le nkela sebaka.—Liproverbia 14:12; 19:21; Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 21:4, 5.

19. Bolefatše ba baruti ba bang bo pepesitsoe joang mecheng ea phatlalatso linakong tsa morao tjee?

19 Bolefatše ba baruti ba bang bo bile bo pepesitsoe ke mecha ea phatlalatso linakong tsa morao tjena, joalokaha mohlala e le mokhoa oa bophelo ba boitšoaro bo bobe le borui ba baruti ba bang ba thelevisheneng. Sengoli se seng sa lipina sa kajeno se ngotse pina e nang le sehlooho se reng: “Na Jesu o ne a Tla Roala [oache ea] Rolex ea [R28 000] Pontšong ea Hae ea Thelevisheneng?” Pina eo e tsoela pele ho re: “Na Jesu o ne a tla kena lipolotiking haeba A ne a ka khutlela lefatšeng, a ba le lehae la Hae la bobeli Palm Springs [e ruileng] ’me a leka ho pata leruo la Hae?” Ho phaella moo, baruti ba ntseng ba eketseha ka bongata ba lumella bosodoma kapa baa bo etsa. Esita le hona joale Kereke e K’hatholike ea United States e ntse e lefa limillione tsa liranta e le matšeliso bakeng sa baprista ba molato oa ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali.—Ba-Roma 1:24-27; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

20. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba tlameha ho tsoela pele ho pepesa motho ea hlokang molao?

20 Bahlanka ba Molimo ba ke ke ba iphapanyetsa liphoso tse joalo empa li tlameha ho pepesoa molemong oa ba bang. Bongata bo boholo ba linku tse ling bo tlameha ho sireletsoa ho ba neng ba tla leka ho etsa hore bo tlōle melao ea Molimo. ’Me ho hlokahala hore ba “feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang” ba batloe ’me ba bokelleloe tataisong e sireletsang ea Molisa e Moholo, Jehova Molimo, le “molisa ea molemo,” Kreste Jesu.—Ezekiele 9:4; Johanne 10:11; Liproverbia 18:10.

21. Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho phatlalatsa eng?

21 Ka hona, batho ba Molimo ba ke ke ba tsila-tsila ho phatlalatsa phetetso ea oona holim’a lefatše la Satane kaofela, ho akarelletsa motho oa lona ea hlokang molao, baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ba tla bolela ka matla molaetsa oa lengeloi oa Tšenolo 14:7: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile.” ’Me ba tla akarelletsa temoso e potlakileng ea Tšenolo 18:4 e mabapi le bolumeli ba bohata phatlalatsong ena: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”

Lipotso Tsa Tlhahlobo:

◻ Qetello ea motho ea hlokang molao e tla ba efe, hona hobane’ng?

◻ Bahlanka ba Jehova ba na le tlamo efe mabapi le ba bang?

◻ Batho ba Jehova ba ipolokile ba lokolohile maling a batho bohle joang?

◻ Re tlameha ho etsa’ng mabapi le Babylona e Moholo?

◻ Ke hobane’ng ha re tla ntšetsa pele molaetsa oa rōna o matla mabapi le motho ea hlokang molao?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Baapostola ba ile ba bolella lekhotla le phahameng: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho”

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho hlokahala hore batho ba tiileng ba tsebe moo lefatše le malumeli a lona le lebileng teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela