Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 4/1 maq. 27-29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Moputso oa ho se Tšepahale
    Tsoha!—1990
  • Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali—Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Ho Lefa Lintho Tsa Sesare ho Sesare
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 4/1 maq. 27-29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Mokreste o lokela ho etsa’ng ha a biletsoa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki?

Linaheng tse ling, tsamaiso ea boahloli e sebelisa meifo e hlahlobang bopaki e khethiloeng har’a baahi. Moo sena se atileng, Mokreste o tlameha ho etsa qeto ea hore na o tla arabela joang ha a laeloa ho itlaleha bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki. Bakreste ba bangata ka letsoalo le letle ba ile ba etsa qeto ea hore melao-motheo ea Bibele ha e thibele ho itlhahisa, esita le joalokaha Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba ile ba sebetsa tumellanong le taelo ea ’muso oa Babylona ea ho itlhahisa thoteng ea Dura le joalokaha Josefa le Maria ba ile ba ea Bethlehema ka taelo ea babusi ba Roma. (Daniele 3:1-12; Luka 2:1-4) Leha ho le joalo, ho na le lintlha tseo Bakreste ba tiileng ba ka nahanang ka tsona.

Meifo e hlahlobang bopaki ha e sebelisoe libakeng tsohle. Linaheng tse ling, linyeoe tsa litokelo tsa botho tsa baahi le tsa tlōlo ea molao li etsetsoa qeto ke moahloli oa setsebi kapa sehlopha sa baahloli. Libakeng tse ling, ho atile se tsejoang e le molao o sa ngoloang o thehiloeng moetlong, ’me meifo e hlahlobang bopaki ke karolo ea tsamaiso ea boahloli. Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba na le tsebo e fokolang haholo mabapi le kamoo meifo e hlahlobang bopaki e khethoang kateng le seo e se etsang. Ka hona ho ba le pono e akaretsang ho tla ba le thuso ebang u talimane le tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki kapa che.

Batho ba Molimo ba hlokomela hore Jehova ke Moahloli ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Esaia 33:22) Iseraeleng ea boholo-holo, banna ba nang le phihlelo ba neng ba lokile ba bile ba sa ee ka tšobotsi ba ne ba sebeletsa e le baahloli ba lokelang ho rarolla liqabang ’me ba etsa qeto litabeng tsa molao. (Exoda 18:13-22; Levitike 19:15; Deuteronoma 21:18-21) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Sanhedrine, lekhotla le phahameng la Bajuda, e ne e etsa mosebetsi oa boahloli. (Mareka 15:1; Liketso 5:27-34) Ho ne ho se na tokisetso bakeng sa Mojuda feela ea tloaelehileng hore a be moifong o hlahlobang bopaki linyeoeng tsa litokelo tsa botho tsa baahi.

Linaha tse ling li ne li sebelisa meifo e hlahlobang bopaki e entsoeng ka baahi. Nyeoe ea Socrates e ile a hlahlojoa ke moifo o hlahlobang bopaki oa litho tse 501. Tlhahlobo ea nyeoe e etsoang ke moifo o hlahlobang bopaki e ne e boetse e le teng Rephabliking ea Roma, le hoja sena se ile sa felisoa tlas’a baemphera. Hamorao, Morena Henry III oa Engelane o ile a lokisetsa hore moqosuoa a ahloloe ke baahelani ba hae. Ho ne ho nahanoa hore kaha ba ne ba tseba moqosuoa, kahlolo ea bona e ne e tla ba e hlokang leeme ho feta ho sebetsa litaba ka hore a leke ho paka ho hloka molato ha hae ka phehisano kapa ka ho phonyoha tlhokofatso e itseng. Ha nako e ntse e feta, tsamaiso ea moifo o hlahlobang bopaki e ile ea fetohela tokisetsong eo ho eona sehlopha sa baahi se neng se lokela ho mamela nyeoe ’me se fihlele qeto e thehiloeng bopaking. Moahloli oa setsebi o ne a o tataisa lintlheng tsa bopaki.

Ho na le mefuta e sa tšoaneng ea meifo e hlahlobang bopaki, ho na le ho se tšoane tabeng ea lenane la litho tsa meifo e hlahlobang bopaki, le se amehang tabeng ea ho fihlela qeto. Ka mohlala, United States, moifo o hlahlobang bopaki o moholo oa linyeoe tsa tlōlo ea molao oa litho tse 12 ho ea ho tse 23 o etsa qeto ea hore na ho na le bopaki bo lekaneng bakeng sa hore motho ea itseng a qosetsoe tlōlo ea molao; ha o etse qeto mabapi le hore na o molato kapa che. Ka ho tšoanang, moifong oa lipatlisiso mabapi le sesosa sa lefu, moifo o sekaseka bopaki ho etsa qeto mabapi le hore na tlōlo ea molao e entsoe.

Ha batho ba bangata ba nahana ka moifo o hlahlobang bopaki, ba nahana ka sehlopha sa baahi ba 12 tlhahlobong ea nyeoe—ebang ke nyeoe ea baahi ba tsekang litokelo kapa ea tlōlo ea molao—se utloang bopaki e le hore se ka etsa qeto ea hore na motho o molato kapa che. Ona ke moifo o monyenyane, ha ho bapisoa le moifo o hlahlobang bopaki o moholo o hlahlobang linyeoe tsa tlōlo ea molao. Ho tloaelehile hore ho batho ba khethiloeng lethathamong la batho ba nang le tokelo ea ho vouta, batho ba nang le mangolo a ho khanna kapa ba bang ba kang bao, lekhotla la molao le romele tsebiso ea hore motho a itlhahise bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki. Ba bang ho ka itlela feela hore ba se ke ba tšoaneleha, joaloka batlōli ba molao ba ahlotsoeng le batho ba sa fellang kelellong. Ho itšetlehile ka molao oa sebaka ka seng, ba bang—ba kang lingaka, baruti, babuelli ba molao kapa ba nang le likhoebo tse nyenyane—ba ka ’na ba kōpa ho se kenyelletsoe. (Ba bang ba ka ’na ba se kenyelletsoe hobane ba hana ho kenela tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki ka mabaka a botho kapa a letsoalo.) Empa, babusi ba ntse ba tlosa mabaka a ho se kenyelletsoe ka ho eketsehileng e le hore bohle ba tlamehe ho itlaleha bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki, mohlomong ka makhetlo-khetlo ho theosa le lilemo.

Hase bohle ba itlalehang bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki ba hlileng ba nkang karolo tlhahlobong ea nyeoe e le litho tsa moifo o hlahlobang bopaki. Ka har’a sehlopha sa batho ba bilelitsoeng tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki, ba bang ba khethoa ka tšohanyetso e le bao e ka bang litho tsa moifo o hlahlobang bopaki nyeoeng e itseng. Joale moahloli o tsebahatsa moqosi le moqosuoa le babuelli ba bona ba molao ebe o hlalosa mofuta oa nyeoe. Bao e ka bang litho tsa moifo ona o hlahlobang bopaki ba hlahlojoa ka bomong ke moahloli le babuelli ba molao. Ena ke nako ea ho itlhalosa haeba motho a e-na le lebaka la letsoalo la ho se nke karolo ka lebaka la mofuta oa nyeoe e amehang.

Ho hlokahala hore sehlopha sena se fokoletsoe palong ea ba tla hle ba nke karolo ho fihlela qetellong ea tlhahlobo ea nyeoe eo. Moahloli o tla lokolla mang kapa mang eo ho hloka leeme ha hae ho ka ’nang ha belaelloa hobane ho ka etsahala hore ebe o ameha ka tsela e itseng nyeoeng eo. Hape, babuelli ba molao lehlakoreng ka leng ba na le tokelo ea ho lokolla litho tsa moifo o hlahlobang bopaki tse seng kae. Bafe kapa bafe ba lokolotsoeng sehlopheng seo se senyenyane sa moifo o hlahlobang bopaki ba khutlela sehlopheng seo ho khethoang moifo o hlahlobang bopaki ho sona ho emela ho khethoa ka tšohanyetso bakeng sa linyeoe tse ling. Bakreste ba bang ba leng boemong bona ba sebelisitse nako ena bakeng sa ho fana ka bopaki bo sa reroang. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, tšebeletso ea motho moifong o hlahlobang bopaki e phethiloe, ebang o ile a hla a nka karolo nyeoeng e le setho sa moifo o hlahlobang bopaki kapa che.

Bakreste ba leka ka matla ho ‘hlokomela litaba tsa bona,’ ba sa amehe ho itšunya-tšunyeng “litabeng tsa batho ba bang.” (1 Bathesalonika 4:11; 1 Petrose 4:15) Ha Mojuda e mong a ne a kōpa Jesu ho ahlola taba e mabapi le lefa, o ile a arabela: “Monna, ke mang ea mpehileng moahloli kapa moaroleli holim’a lōna?” (Luka 12:13, 14) Jesu o ne a tletse ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, eseng ho etsa liqeto litabeng tsa molao. (Luka 4:18, 43) E ka ’na eaba karabelo ea Jesu e ile ea susumelletsa monna eo ho sebelisa mokhoa oa ho lokisa liqabang o neng o hlalositsoe Molaong oa Molimo. (Deuteronoma 1:16, 17) Le hoja lintlha tseo li utloahala, ho arabela taelong ea ho itlaleha bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki ho fapane le ho itšunya-tšunya litabeng tsa ba bang. Boemo bona bo tšoana haholoanyane le ba metsoalle e meraro ea Daniele. ’Muso oa Babylona o ile oa ba laela ho itlaleha thoteng ea Dura, ’me ha ba etsa joalo ha baa ka ba tlōla Molao oa Molimo. Seo ba ileng ba se etsa ka mor’a moo e bile taba e ’ngoe, joalokaha Bibele e bontša.—Daniele 3:16-18.

Ka mor’a hore bahlanka ba Molimo ba khaotse ho ba tlas’a Molao oa Moshe, ba ile ba tlameha ho sebetsana le makhotla a lefatše linaheng tse sa tšoaneng. Moapostola Pauluse o ile a phehella “bahalaleli” ba Korinthe hore ba lokise liphapang ka har’a phutheho. Ha Pauluse a bua ka makhotla a lefatše a boahloli e le “batho ba sa lokang,” o ne a sa latole hore makhotla a joalo a ne a e-na le karolo eo a e phethang ho sebetseng litaba tsa lefatše. (1 Bakorinthe 6:1) O ile a itšireletsa lekhotleng la boahloli Roma, a bile a ipiletsa ho Sesare nyeoeng ea hae. Ha ho joalokaha eka makhotla a lefatše a fosahetse ka ho feletseng.—Liketso 24:10; 25:10, 11.

Makhotla a lefatše ke karolo ea “ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” Ba joalo “ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng,” ’me ba etsa melao le ho etsa hore e sebetse. Pauluse o ile a ngola: “Ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong oa hao. Empa haeba u etsa se sebe, u be tšabong: kaha hase ntle ho morero a jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe.” Bakreste ha ba ‘hanyetse ba nang le matla a ho laela’ ha ba etsa mesebetsi e joalo e tumellanong le molao, hobane ha ba batle ho ‘ema khahlanong le bona’ ebe baa ahloloa.—Baroma 13:1-4; Tite 3:1.

Ha Bakreste ba leka-lekanya maemo, ba lokela ho nahana hore na ba ka lumela ho etsa lintho tse itseng tseo Sesare a hlokang hore ba li etse. Pauluse o ile a eletsa: “Fang bohle [ba phahameng ba nang le matla a ho laela] tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, lekhetho; ea batlang sethaba-thaba, sethaba-thaba; ea batlang tšabo, tšabo e joalo.” (Baroma 13:7) Seo se tobile mabapi le lekhetho la chelete. (Matheu 22:17-21) Haeba Sesare a bolela hore baahi ba tlameha ho sebelisa nako ea bona le matla bakeng sa ho hloekisa litsela kapa ho etsa mosebetsi o mong oo e leng karolo ea mesebetsi ea Sesare, Mokreste ka mong o tlameha ho etsa qeto mabapi le hore na o tla lumela ho etsa seo.—Matheu 5:41.

Bakreste ba bang ba ’nile ba talima tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki e le ho fa Sesare lintho tsa Sesare. (Luka 20:25) Tšebeletsong ea moifo o hlahlobang bopaki mosebetsi o boima ke ho utloa bopaki le ho fana ka maikutlo a utloahalang lintlheng tsa se etsahetseng kapa tsa molao. Ka mohlala, moifong o moholo o hlahlobang linyeoe tsa tlōlo ea molao, litho tsa moifo o hlahlobang bopaki li etsa qeto ea hore na bopaki bo tiisa hore motho o lokela ho qosoa; ha li etse qeto ea hore motho o molato. Ho thoe’ng ka nyeoe e tloaelehileng? Nyeoeng ea litokelo tsa botho, moifo o hlahlobang bopaki o ka ’na oa laela hore ho lefshoe litšenyehelo kapa matšeliso. Nyeoeng ea tlōlo ea molao, o lokela ho lekanyetsa hore na bopaki bo tšehetsa qeto ea hore motho o molato. Ka linako tse ling o fana ka keletso ea hore na ho ka lihuoa kahlolo efe e bontšitsoeng ke molao. Joale ’muso o sebelisa matla a oona a ho laela ka “ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe,” kapa “ka kotlo ho baetsi ba bobe.”—1 Petrose 2:14.

Ho thoe’ng haeba Mokreste a sa ikutloe hore letsoalo la hae le mo lumella ho sebeletsa moifong o itseng o hlahlobang bopaki? Bibele ha e bue ka tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki, ka hona a ke ke a re, ‘Ho khahlanong le bolumeli ba ka ho sebeletsa moifong ofe kapa ofe o hlahlobang bopaki.’ Ho itšetlehile ka nyeoe, a ka ’na a bolela hore ho sebeletsa moifong o hlahlobang bopaki nyeoeng e itseng ho khahlanong le letsoalo la hae. Ho ka ba joalo haeba taba eo e amana le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, ho ntšoa ha mpa, polao, kapa taba e ’ngoe eo ho eona monahano oa hae o koetlisitsoeng ka tsebo ea Bibele, eseng ke molao oa lefatše feela tjee. Leha ho le joalo, ha e le hantle ho ka etsahala hore ebe nyeoe eo a e khethetsoeng ha e amane le litaba tse joalo.

Mokreste ea hōlileng tsebong o ne a tla boela a nahane ka hore na o ne a tla kopanela boikarabelong bofe kapa bofe ba kahlolo eo baahloli ba tla e liha. (Bapisa le Genese 39:17-20; 1 Timothea 5:22.) Haeba qeto e bontšang hore motho o molato e fosahetse ’me ho lihuoa kotlo ea lefu, na Mokreste ea leng moifong o hlahlobang bopaki o ne a tla kopanela molatong oa mali? (Exoda 22:2; Deuteronoma 21:8; 22:8; Jeremia 2:34; Matheu 23:35; Liketso 18:6) Nyeoeng ea Jesu Pilato o ne a batla ho “hloka molato maling a motho enoa.” Kapele Bajuda ba ile ba re: “Mali a hae a be holim’a rōna le holim’a bana ba rōna.”—Matheu 27:24, 25.

Haeba Mokreste a ne a itlhahisa bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki, joalokaha ’muso o laetse, empa ka lebaka la letsoalo la hae a hana ho nka karolo nyeoeng e itseng ho sa tsotellehe hore na moahloli o phehella hakae, Mokreste o lokela ho itokisetsa ho tobana le liphello—ebang ke tefiso kapa ke ho kenngoa teronkong.—1 Petrose 2:19.

Ha re lihela likhala, Mokreste ka mong ea talimaneng le tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki o tlameha ho lekanyetsa tsela eo a lokelang ho e latela, a itšetlehile ka kutloisiso ea hae ea Bibele le letsoalo la hae. Bakreste ba bang ba itlalehile bakeng sa tšebeletso moifong o hlahlobang bopaki ’me ba sebelelitse meifong e itseng e hlahlobang bopaki. Ba bang ba ikutloile ba tlamehile ho hana esita leha ba talimane le kotlo. Mokreste ka mong o lokela ho iketsetsa qeto mabapi le seo a tla se etsa, ’me ba bang ha baa lokela ho tšoaea qeto ea hae phoso.—Bagalata 6:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela