Re Tšoanela ho ba Matichere, Eseng Baboleli Feela
1 Ho ’nile ha hlokomeleha hore “kannete Lipaki tsa Jehova li akarelitse lefatše lohle ka bopaki ba tsona.” Li ho khonne joang? Hase ka matla a botho kapa bonatla, empa ke ka moea oa Molimo o sebetsang ho bahlanka ba hae ha ba ntse ba sebelisa litokisetso tse sa tšoaneng hore ba phethahatse thōmo ea bona ea ho bolela le ho ruta.—Zak. 4:6; Lik. 1:8.
2 Lingoliloeng ke mokhoa o sebetsang oa ho phethahatsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela. Ka lilemo-lemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hatisa le ho aba libuka, libukana, limakasine le lipampitšana tse limilione tse likete hore li thuse ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso. Litlaleho tse ho Buka ea Selemo ea 1997 li bontša hore ho hatisoa ha libuka ho phahame haholo. Ho fihlela joale, ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse 91 tsa New World Translation. Ka selemo se le seng feela palo ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse hatisoang United States e ile ea eketseha ka karolo ea 7,1 lekholong. Jeremane, ho hatisoa ha limakasine ho ile ha eketseha ka karolo ea 35 lekholong. Ka holimo ho karolo e le ’ngoe borarong ea limakasine tse hatisoang moo e ne e le tsa tšimo ea Serussia.
3 Ke hobane’ng ha ho hlokahala lingoliloeng tse ngata hakaale? Lefatšeng ka bophara, karabelo e bile khōlō khothatsong eo re e filoeng ea hore re pake hohle moo ho nang le batho. Kaha bongata ba rōna re atolosa mosebetsi oa rōna oa ho bolela—libakeng tsa sechaba, literateng le libakeng tsa khoebo—ho tsamaisoa lingoliloeng tse ngata haholo bathong ba bontšang thahasello. Ba bangata ba bona ba utloa molaetsa oa ’Muso ka seoelo haeba ho e-na le mohla ba kileng ba o utloa pele ho moo. Ho finyella tlhokahalo ena, liphutheho li lula li e-na le lingoliloeng tse fapa-fapaneng tseo li li sebelisang litšobotsing tsohle tsa tšebeletso.
4 Pakane ea Rōna ea ho Aba Lingoliloeng ke Efe? Pakane ea rōna hase feela ho tsamaisa lingoliloeng. Thōmo ea ho etsa barutuoa e likarolo li peli—ke ea ho bolela le ea ho ruta. Ea pele, re na le tokelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re hlokomelisa batho hore ke oona feela tšepo bakeng sa batho. (Mat. 10:7; 24:14) Lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng ke mokhoa o ipabotseng ka nako e telele le o sebetsang oa ho tsosa thahasello ho ba bang le ho ba fa tsebo ea ’Muso.
5 Ea bobeli, hore re tle re etse barutuoa, re tlameha ho ruta lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng. (Mat. 11:1; 28:19, 20) Hape, lingoliloeng li phetha karolo ea bohlokoa hore ’nete e tebe ka lipelong tsa liithuti, li li thusa hore e be barutuoa.
6 Ba amohelang lingoliloeng e ka ’na ea e-ba ‘bautloi feela ba lentsoe,’ empa ha ho na ’nete ea hore ba tla phetha tsa lona haeba ho se motho ea ba thusang. (Jak. 1:22-25) Ke ba ’maloa feela bao e ka bang barutuoa haeba ho se ea ba tataisang. (Lik. 8:30, 31) Ba hloka tichere e tla ba thusa hore ba iponele ’nete e fumanoang Mangolong. (Lik. 17:2, 3) Pakane ea rōna ke ho ba thusa hore ba tsoele pele ho fihlela ba inehela le ho kolobetsoa le ho ba koetlisetsa hore ba tšoanelehe ka ho lekaneng hore ba rute ba bang.—2 Tim. 2:2.
7 Se Hlokahalang Haholo ke Matichere a Eketsehileng: Ha re bolela, re phatlalatsa litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ho ruta ho akarelletsa ho rupela motho e mong hore a hatele pele. Ha ho bolela ho hlokomelisa ba bang molaetsa oa ’Muso, ho ruta hona ho thusa batho ka bomong hore ba amohele litaba tse molemo le hore ba nke khato ka seo li se bolelang. (Luka 8:15) Tichere ha e bue feela; ea hlalosa, e beha mabaka ka mokhoa o utloahalang, e fana ka bopaki ’me ea susumetsa.
8 Ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng har’a rōna e tšoanela ho ba matichere, eseng baboleli feela. (Baheb. 5:12a) Ho aba lingoliloeng ke karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa rōna, empa ho finyella pakane ea bobeli ea tšebeletso ea rōna ho itšetlehile ka seo re se etsang re le matichere. Le hoja re ka thaba ha re khona ho tsamaisa lingoliloeng, hore re phethe tšebeletso ea rōna ka botlalo, ha rea lokela ho talima lingoliloeng tse tsamaisitsoeng e le pakane ea ho qetela. (2 Tim. 4:5) Ho tsamaisa lingoliloeng ke mokhoa o molemo oa ho bula menyetla ea ho ruta ba bang ’nete.
9 Qalisa Lithuto Tsa Bibele ka ho Etsa Maeto a ho Boela: Mohlomong ba bangata ba rōna re tsamaisitse libuka, libukana le limakasine, ra bokella letoto la maeto a ho boela. Re lokela ho etsa kemiso ea kamehla ea ho boela e le hore re tsosolose thahasello. Morero oa rōna oa sehlooho ha re boela hase feela ho ea tsamaisa lingoliloeng tse ling empa ke ho khothatsa batho hore ba bale le hore ba rue molemo ho seo ba seng ba ntse ba e-na le sona. Rōna ka borōna re ka be re tsoetse pele hakae hoja ha se ke ha e-ba le motho ea ileng a khutla nako le nako ho tla re thusa hore re fumane tsebo e nepahetseng?—Joh. 17:3.
10 Boela hohle moo u fumaneng thahasello ka boikemisetso ba ho ea qalisa thuto ea Bibele ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Lingoliloeng tsena tse peli li bolela molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o utloisisoang habonolo. Bukana ea Seo a se Hlokang e na le thupelo e feletseng, e akaretsang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Buka ea Tsebo e nolofalletsa motho hore a rute ’nete ka mokhoa o qaqileng haholoanyane, empa o le bonolo, o hlakile hape o le mokhutšoanyane.
11 Lenaneo le nolofalitsoeng la ho ruta, joalokaha le hlalositsoe kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, le nolofalletsa tichere ho ruta le seithuti se nolofalloa ho ithuta. Boloka kenyelletso eo haufinyane hore u hlahlobe mekhoa le litsela tsa ho ruta tse bonahetseng li sebetsa. Litlhahiso tse ling tseo e fanang ka tsona li akarelletsa kamoo ho ka thahaselloang seithuti kannete kateng, hore na ho ka baloa taba e kae thutong ka ’ngoe, hore na ho ka arabeloa joang lipotso tse sa amaneng le seo ho buuoang ka sona, hore na tichere le seithuti ba ka lokisetsa joang thuto esale pele, le hore na seithuti se ka lebisoa joang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka ho latela litlhahiso tsena, boholo ba rōna, ho akarelletsa ba bacha, re tla khona ho khanna lithuto tse tsoelang pele.
12 Litlaleho Tse Tsoang Tšimong Tsa Katleho e Babatsehang: Bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo li ipontšitse hore ke thuso ea bohlokoa bakeng sa ho potlakisa mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Ka mor’a hore mor’abo rōna e mong oa Bolivia a fumane bukana ea Seo a se Hlokang, o ile a e sebelisa hang-hang ho qalisa thuto le monna e mong. Likhoeli tse ’nè hamorao kopanong ea setereke, seithuti sena se ne se le har’a ba thabileng ba il’o kolobetsoa!
13 Ba bangata ba susumelletseha ho nehela bophelo ba bona ho Jehova ka mor’a ho qeta thuto ea bona bukeng ea Tsebo. Phuthehong e ’ngoe ea Angola, palo ea lithuto tsa Bibele tse khannoang ke bahoeletsi e ile ea eketseha ho tloha ho 190 ho ea ho 260 ’me ba bang teng libokeng palo ea bona e ile ea imena habeli ho tloha ho 180 ho ea ho 360 likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore buka ea Tsebo e qale ho sebelisoa sebakeng seo. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hlokahala hore ho thehoe phutheho e ’ngoe.
14 Ka mor’a hore mor’abo rōna e mong a khanne thuto ea hae ea pele ka buka ea Tsebo, o ile a re ho e khanna ho “bonolo ha mokhanni a botsa lipotso feela, a bala mangolo a amehang tabeng, ’me a tiisa hore seithuti sea utloisisa.” Le hoja kamehla a ne a nahana hore ke bahoeletsi ba tšoanelehang haholo ba neng ba ka khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele le hore eena ho ne ho se mohla a ka ho etsang, o ile a lemoha hore o ne a ka ho etsa, a re: “Haeba nka khona, mang le mang a ka khona.”
15 Ke ka ho khanna lithuto tsa Bibele e le karolo ea tšebeletso ea rōna moo re finyellang pakane ea ho etsa barutuoa. Ba hlaoletseng tsebo ena ea ho kopanela tšobotsing ena ea tšebeletso ba fumana hore e khotsofatsa kannete le hore e putsa haholo. E se eka le rōna ho ka boleloa hore re ‘ba bolelang ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste ka bolokolohi bo boholo ka ho fetisisa ba puo.’—Lik. 28:31.