Bontša Tlhompho Bakeng sa Sebaka sa Borapeli sa Jehova
1 Ha re le baeti lapeng la motho e mong, re bontša tlhompho bakeng sa thepa ea hae, ha re etse letho le tlang ho e senya, ’me ha re sitise kemiso e hlophisitsoeng ea lelapa leo. Sena e lokela ho ba ’nete hakaakang ha re le baeti ba Jehova! Re tlameha ho tseba kamoo re lokelang ho itšoara kateng ka tlung ea hae. (Pes. 15:1; 1 Tim. 3:15) Ho sa tsotellehe hore na seboka sa rōna sa Bokreste se tšoareloa Holong ea ’Muso, lapeng kapa tulong ea sechaba, boholo ba rōna ka linako tsohle re bontša tlhompho bakeng sa sebaka sa rōna sa borapeli joalokaha eka ke ntlo ea Jehova, eo “ho hlompheha ha hae ho phahametseng lefatše le leholimo.”—Pes. 148:13, NW.
2 Barab’abo rōna ba bang ba bontša ho haelloa ke tlhompho libokeng ka ho etsa lerata kapa ka ho itšoara joaloka hoja boitsebiso bo fanoang hase ba bohlokoa. Batho ba seng bakae ba baholo ba tsoela pele ho qoqa monyako, liphasejeng, ka matloaneng kapa ka ntle Holong ea ’Muso ha seboka se ntse se tsoela pele. Ha ngoana e moholoanyane a setse le e monyenyane hore a mo hlokomele, ka linako tse ling ka bobeli ba qala ho ipapalla ’me ba rue molemo o fokolang lenaneong. Bacha ba bang ba ile ba bonoa ka ntle ho Holo ea ’Muso ka mor’a liboka, ba ipapalla, ba entse lerata le tšabehang, ba bile ba etsisa batho ba bapalang karate. Maemong a mang ba bile ba tšoenya baahelani kapa hona ho sitisa sephethephethe moo ho pakoang makoloi kapa seterateng.
3 Kamoo ho ka Qojoang ho Hloka Tlhompho: Ka ho ananela ho hlompheha le ho halalela ha borapeli ba rōna, ntle ho pelaelo ha re rate ho sitisa ba bang ka ho hoeshetsa, ho ja, ho hlafuna chepisi, ho etsa lerata ka lipampiri, ho ea matloaneng ho sa hlokahale kapa ho itloaetsa ho fihla libokeng ka mor’a nako. Batsoali ba bontšang tlhompho le kananelo ha ba lumelle bana ba bona ho silafatsa k’hapete, litulo kapa mabota a Holo ea ’Muso kapa a moo ho tšoareloang thuto ea buka teng. Ntle ho pelaelo kaofela ha rōna rea lumela hore ke ho sa lokelang hore libokeng tsa rōna ho bontšoe boitšoaro ba mofuta leha e le ofe bo tlotlollang, lipolelo tsa booatla kapa mesoaso e nyonyehang.—Baef. 5:4.
4 Haeba kamehla re hopola morero oa liboka tsa rōna tsa Bokreste, re tla etsa bonnete ba hore rōna le bana ba rōna re bontša tlhompho e loketseng bakeng sa sebaka sa borapeli sa Jehova seo “re khethileng ho ema ho sona.”—Pes. 84:10, NW.